Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Ipapisa le ba Bang

U se ke Ua Ipapisa le ba Bang

Tsela ea 2

U se ke Ua Ipapisa le ba Bang

BIBELE E RUTA ENG? “Etsa mosebetsi oa hao hantle ’me ho tla ba le seo u tla ba motlotlo ka sona. Empa u se ke ua ipapisa le ba bang.”—Bagalata 6:4, Contemporary English Version.

KE’NG E ETSANG HORE HO BE THATA? Re atisa ho ipapisa le ba bang—ka linako tse ling re ipapisa le batho ba nang le lintho tse fokolang ho feta tseo re nang le tsona, empa hangata, re ipapisa le ba matla ho re feta, ba ruileng kapa ba nang le tsebo ho re feta. Ho sa tsotellehe hore na re ipapisa le bafe, liphello tsa seo li ba mpe. Re etsa phoso ka ho nahana hore motho ke oa bohlokoa ho latela hore na o na le eng kapa o khona ho etsa eng. Seo se ka ba sa etsa hore re be mōna kapa re be le moea oa tlhōlisano.—Moeklesia 4:4.

U KA ETSA’NG? Leka ho inka ka tsela eo Molimo a u nkang ka eona. Etsa hore tsela eo a u nkang ka eona e be eona e u susumetsang hore le uena u ipone u le oa bohlokoa. “Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, * o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Jehova o u nka u le oa bohlokoa ho latela seo a se bonang pelong ea hao, ho latela seo a se fumanang ha a hlahloba menahano ea hao, tsela eo u ikutloang ka eona le lintho tseo u ikemiselitseng tsona, eseng ka ho u bapisa le ba bang. (Baheberu 4:12, 13) Jehova o utloisisa mefokolo ea hao ebile u batla hore le uena u phele ka tsela e bontšang hore ua e hlokomela. Haeba u ipapisa le ba bang e le hore u bone hore na u oa bohlokoa hakae, u tla qetella u ikhohomosa kapa u sa khotsofale nako ena kaofela. Ka hona, ka boikokobetso amohela hore u ke ke ua ipabola nthong e ’ngoe le e ’ngoe.—Liproverbia 11:2.

U lokela ho etsa’ng ka ho khetheha e le hore Molimo a u nke u le oa bohlokoa? Molimo o ile a bululela moprofeta Mikea hore a re: “Uena motho oa lefatše, o u boleletse se molemo. Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?” (Mikea 6:8) Haeba u latela keletso eo, Molimo o tla u hlokomela. (1 Petrose 5:6, 7) Na ruri ho na le lebaka le fetang lee la ho khotsofala?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Lena ke lebitso la Molimo le fumanoang ka Bibeleng.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Jehova o u nka u le oa bohlokoa ho latela seo a se bonang pelong ea hao