Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipono Tsa Sebakeng sa Moea

Lipono Tsa Sebakeng sa Moea

Lipono Tsa Sebakeng sa Moea

HO SA tsotellehe hore na u ka sheba leholimong nako e telele hakae, u ke ke ua bona motho oa moea. Leha u ka hloaea tsebe joang kapa joang, u ke ke ua utloa letho. Empa ’nete ke hore batho ba moea bona ba teng. Ke batho ba bohlale le ba matla haholo, ba nang le mabitso le botho ba bona. Ba bang baa re thusa; athe ba bang ba batla ho re utloisa bohloko. Empa kaofela ha bona baa re thahasella.

Molimo oa ’nete ka boeena ke Moea. (Johanne 4:24) O na le lebitso le ikhethang le mo khethollang ho melimo e mengata ea bohata. Lebitso la hae ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Mopesaleme o ile a ngola, a re: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo. O tšabeha ho feta melimo e meng kaofela. Etsoe melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela; empa ha e le Jehova, o entse maholimo. Ho hlompheha le bokhabane li ka pel’a hae; matla le botle li sehalalelong sa hae.”—Pesaleme ea 96:4-6.

Lipono Tsa Molimo oa ’Nete

Bibele e re: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Re ke ke ra utloisisa ponahalo ea hae le khanya ea hae, feela joalokaha motho ea hlahileng a sa bone a ke ke a utloisisa ha ho buuoa ka mebala. Empa feela joalokaha tichere e hloahloa e hlalosetsa barutoana lintho tse thata ka mantsoe a bonolo ao ba ka a utloisisang, Molimo le eena ka Lentsoe la hae, Bibele, o sebelisa lintho tseo re ka li bonang ho hlalosa lintho tseo re ke keng ra li bona. Ka lipono tse bululetsoeng tseo a ileng a li fa bahlanka ba hae ba tšepahalang, Jehova o re thusa hore re be le leseli la hore na ho joang leholimong le hore re utloisise kamano eo re nang le eona le ba lulang teng.

Ka mohlala, pono e ’ngoe e ileng ea fuoa moprofeta Ezekiele e amahanya khanya ea Jehova le mollo, ho benya, lejoe la safire le mookoli. Ponong e ’ngoe, moapostola Johanne o ile a bona Jehova a le teroneng, ’me a re Molimo “ka ponahalo, o joaloka lejoe la jaspere le lejoe la bohlokoa le ’mala o mofubelu, ’me ho pota-pota terone ho na le mookoli o joaloka emeralde ka ponahalo.” Litlhaloso tse joalo li re bolella hore ponahalo ea Jehova e botle bo sa tloaelehang le bo tsotoang, bo thabisang le bo fanang ka khutso.—Tšenolo 4:2, 3; Ezekiele 1:26-28.

Moprofeta Daniele le eena o ile a bontšoa pono ea Jehova, eo ho eona a ileng a bona ‘likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome [tsa mangeloi] a ntseng a eme ka pel’a [Jehova].’ (Daniele 7:10) E tlameha ebe eo e bile pono e hlollang hakaakang! Ho bona lengeloi le le leng ka bohona e ne e ka ba ntho e hlollang, esita le haeba e le ponong, joale ak’u nahane feela u se u bona limiriade tsa mangeloi a phethahetseng!

Mangeloi a boleloa ka makhetlo a ka bang 400 ka Bibeleng, ’me sehlopha sa ’ona se akarelletsa lirafime le likerubime. Lentsoe la Segerike le la Seheberu le fetoletsoeng e le “lengeloi” ka Bibeleng le bolela “lenģosa.” Ka hona, mangeloi a ka buisana ka booona, ebile nakong e fetileng a ne a buisana le batho. Mangeloi hase batho ba ileng ba phela mona lefatšeng pele. Jehova o ile a bōpa libōpuoa tsena tsa moea nako e telele pele a bōpa motho.—Jobo 38:4-7.

Ponong ea Daniele, mangeloi a mangata a ne a bokane ho tla iponela ka mahlo ketsahalo e hlollang. Joale Daniele o ile a bona “e mong ea joaloka mor’a motho” a atamela terone ea Jehova ho tla fuoa “bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.” (Daniele 7:13, 14) “Mor’a motho,” e leng eena ea phethang karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa sebakeng sa moea, ke Jesu Kreste ea fuoeng bobusi holim’a lefatše lohle. Haufinyane puso ea hae e tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka ’me e felise ho kula, ho hlomoha, ho hatelloa, ho futsaneha esita le lefu.—Daniele 2:44.

Ho behoa ha Jesu teroneng ka sebele ho ile ha etsa hore mangeloi a mangata a tšepahalang a thabe, kaha a batla hore batho ba fumane lintho tse molemo haholo. Leha ho le joalo, ka masoabi hase libōpuoa tsohle tsa moea tse ileng tsa thaba.

Lira Tsa Molimo le Batho

Qalong ea histori ea motho, lengeloi le leng le ile la tleloa ke takatso e matla ea ho batla ho rapeloa, eaba le furalla Jehova ’me le iketsa Satane, e leng lentsoe le bolelang “Mohanyetsi.” Satane, e leng motho ea khopo ka ho fetisisa, o khahlanong le Jehova, e leng motho ea lerato ka ho fetisisa. Mangeloi a mang a ile a ikopanya le Satane borabeleng ba hae. Bibele e a bitsa bademona. Joaloka Satane, bademona ba iphetotse lira tse khopo tsa batho. Lintho tse ngata tse bohloko tse etsahalang lefatšeng mona, ho hloka toka, ho kula, bofutsana hammoho le lintoa li teng ka lebaka la tšusumetso ea bona.

Le hoja kajeno likerekeng tse ngata tse ipitsang tsa Bokreste ho se ho sa buuoe hakaalo ka Satane, lengolo la Bibele la Jobo le re hlokomelisa ka botho ba lengeloi lena la lerabele hammoho le merero ea lona. Le re: “Joale ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba Molimo oa ’nete ba kenang hore ba eme ka pel’a Jehova, eaba Satane le eena o kena har’a bona.” Puisanong e ileng ea tsoela pele ka mor’a moo, ka ho tella hohle Satane o ile a bontša kamoo Jobo a sebeletsang Molimo kateng hobane feela ho e-na le seo a se fumanang. E le hore a fane ka bopaki ba hore seo a se buang ke ’nete, Satane o ile a tlisetsa Jobo mahlomola a maholo, a bolaea mohlape oa hae le bana ba hae ba leshome kaofela. Ka mor’a moo, o ile a otla Jobo ka mathopa a tšabehang a ileng a mo apara ’mele kaofela. Lintho tsohle tseo Satane a ileng a hlasela Jobo ka tsona ha lia ka tsa tiisa hore o ne a buile ’nete.—Jobo 1:6-19; 2:7.

Ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha Jehova a mameletse Satane nako e telele hakana, empa e ke ke ea e-ba ka ho sa feleng. Haufinyane Diabolose o tla felisoa. Mehato ea pele mabapi le seo e se e nkiloe ’me e hlalositsoe bukeng ea Tšenolo, moo re hlalosetsoang ketsahalo e ’ngoe hape ea bohlokoa e etsahetseng sebakeng sa moea eo ho neng ho se mokhoa oa hore re ka e bona. Eona e re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele [Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung] le mangeloi a hae ba loana le drakone [Satane], ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšenolo 12:7-9.

Hlokomela hore ho thoe Satane ke ea “khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” O khelosa batho ka mashano a bolumeli a etsang hore ba furalle Jehova le Lentsoe la hae. Leshano le leng ke la hore batho ha ba e-shoa ba fetela sebakeng sa moea. Ho na le litlhaloso tse ngata tsa sena. Ka mohlala, Afrika le Asia, batho ba bangata ba lumela hore ha motho a e-shoa, o fetela lefatšeng la moea leo baholo-holo ba hae ba leng ho lona. Thuto ea pelekatori le ea lihele le eona e thehiloe khopolong ea hore motho o tsoela pele a phela ka mor’a hore a shoe.

Na ha Motho a Shoa o ea Leholimong?

Empa ho thoe’ng ka tumelo eo batho ba limilione ba nang le eona lefatšeng ka bophara, ea hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong? Ke ’nete hore ho na le batho ba itseng ba lokileng ba eang teng, empa palo ea bona ea fokola ha e bapisoa le ea ba libilione ba seng ba hlokahetse. Bibele e senola hore ke batho ba 144 000 ba “rekiloeng lefatšeng,” bao e tla ba “baprista” le “marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3) Bona hammoho le Mor’a motho, Jesu Kreste, ba tla bōpa ’muso oa leholimong, e leng ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o tla timetsa Satane le bademona ba hae ’me o tla fetola lefatše paradeise. Bongata ba batho ba hlokahetseng ba tla tsosoa nakong e tlang ’me ba be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng.—Luka 23:43.

Ka hona, ha ho akaretsoa taba ena kaofela, ho ka thoe ke batho ba bangata-ngata ba lulang sebakeng sa moea. Ea moholo ka ho fetisisa ho bona ke Jehova Molimo, ’Mōpi oa tsohle tse phelang. Ho na le limiriade tsa mangeloi a mo sebeletsang ka botšepehi. Mangeloi a mang, a eteletsoeng pele ke Satane, a ile a furalla Jehova eaba a ipha mosebetsi oa ho khelosa batho. Ho feta moo, ho na le palo e lekanyelitsoeng feela ea batho ba “rekiloeng,” kapa ba khethiloeng lefatšeng hore ba phethe karolo e khethehileng leholimong. Ka lebaka lena, a re hlahlobeng hore na ke mang eo re ka buisanang le eena sebakeng sa moea, le hore na re ka etsa seo joang.