Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Baeti ba ileng ba etela Jesu ha e sa le lesea e ne e le bo-mang?

Ho latela seo Kosepele ea Matheu e se tlalehileng ka tsoalo ea Jesu, baeti ba tsoang “likarolong tse ka bochabela” ba neng ba bone naleli e bontšang hore ho tsoetsoe morena e mocha, ba ile ba fa Jesu limpho. Litemana tsa Segerike tsa Kosepele ena li bitsa baeti bana maʹgoi, ke hore “linohe tsa linaleli.” (Matheu 2:1) Re tseba’ng ka linohe tsee?

Rahistori oa Mogerike Herodotus ke eena motho oa khale ka ho fetisisa ea faneng ka boitsebiso bo ka tšeptjoang ba Linohe Tsa Linaleli. O phetse lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., ’me o ile a tlaleha hore Linohe Tsa Linaleli e ne e le sehlopha sa baprista ba Persia seo ka ho khetheha se neng se sebetsana le ho lepa linaleli, ho hlalosa litoro le ho betsa ba bang. Mehleng ea Herodotus, bolumeli ba Persia e ne e le Bozoroaster. Ka hona, Linohe Tsa Linaleli tseo a neng a bua ka tsona e ka ’na eaba e ne e le baprista ba Bozoroaster. The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Ha e le hantle, Mehleng ea Bagerike ba boholo-holo mágos e ne e le motho ea nang le tsebo le bokhoni bo sa tloaelehang ’me ka linako tse ling o ne a etsa boselamose.”

Batho ba bangata ba boholo-holo ba neng ba hlalosa “Bokreste,” ba kang Justin Martyr, Origen le Tertullian, ba ile ba hlalosa hore ba neng ba etetse Jesu e ne e le Linohe Tsa Linaleli. Ka mohlala, bukeng ea hae ea On Idolatry, Tertullian o ile a ngola tjena: “Rea tseba hore boselamose le bonohe ba linaleli ke li-ea-thoteng li bapile. Ka hona, balepi ba linaleli ke bona ba pele . . . ba ileng ba fa [Jesu] ‘limpho.’” Tumellanong le kutloisiso ena, Libibele tse ngata li fetoletse maʹgoi e le “linohe tsa linaleli.”

Ho tlile joang hore Matheu a re mantsoe a hlahang bukeng ea Zakaria a builoe ke moprofeta Jeremia?

Taba eo ho buuoang ka eona e hlaha ho Matheu 27:9, moo mongoli oa Kosepele a buang ka chelete e fuoeng Judase Iskariota hore a eke Jesu. Litemana tseo li baleha tjena: “Joale ha phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Jeremia, ha a re: ‘’Me ba nka likotoana tsa silevera tse mashome a mararo, theko ea motho ea ileng a beheloa theko, . . . ’me ba fana ka tsona bakeng sa tšimo ea sebōpi.’” Empa ha e le hantle, boprofeta boo ba likotoana tsa silevera tse mashome a mararo bo hlaha lengolong la Zakaria, eseng la Jeremia.—Zakaria 11:12, 13.

Ka linako tse ling pokello ea libuka tse neng li bitsoa tsa “Baprofeta” e ne e qala ka lengolo la Jeremia, eseng la Esaia. (Matheu 22:40) Ka lebaka leo, ha Matheu a bua ka “Jeremia” temaneng ena, ha e le hantle o ne a bua ka pokello eohle ea Mangolo a neng a bitsoa ka buka eo e qalang. Zakaria e ne e le karolo ea Mangolo ana.

Ka tsela e tšoanang, ha Jesu a bua ka libuka tse itseng tsa Bibele tseo hape ho thoeng feela ke Mangolo, o ile a li bitsa “Lipesaleme.” Ka hona, ha a ne a re lintho tsohle tse ngotsoeng ka eena “molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng” li lokela ho phethahala, o ne a bua ka boprofeta bo ka Mangolong ’ohle a Seheberu.—Luka 24:44.