Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sephiri Seo U ka se Bolellang ba Bang

Sephiri Seo U ka se Bolellang ba Bang

Ruta Bana ba hao

Sephiri Seo U ka se Bolellang ba Bang

NA U se u kile ua bolelloa sephiri?— * Ho na le seo ke batlang ho u bolella sona. Ka Bibeleng, se bitsoa “sephiri se halalelang seo ho lutsoeng ho khutsitsoe ka sona ka linako tse tšoarellang halelele.” (Baroma 16:25) Qalong ke Molimo feela ea neng a tseba “sephiri se halalelang.” A re bone hore na Molimo o ile a etsa joang hore sephiri sena se tsejoe ke ba bangata.

Taba ea pele, na ua tseba hore na ha ho thoe ntho ea ‘halalela’ ho boleloa’ng?— Ho boleloa ntho e hloekileng kapa e khethehileng haholo. Kahoo, sephiri sena se bitsoa se halalelang hobane se tsoa ho Molimo ea halalelang. U nahana hore ke bo-mang ba neng ba batla ho tseba ka sephiri see sa bohlokoa?— Ke mangeloi. Bibele e re: “Mangeloi a lakatsa ho nyarela ka hare ho lintho tsona tsena.” Ka sebele a ne a batla ho utloisisa sephiri sena se halalelang.—1 Petrose 1:12.

Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bua ka sephiri se halalelang a ba a se hlalosa. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Le nehiloe sephiri se halalelang sa ’muso oa Molimo.” (Mareka 4:11) Na u hlokometse hore na sephiri se halalelang se amana le eng?— Se amana le ’Muso oa Molimo oo Jesu a re rutileng hore re u rapelle!—Matheu 6:9, 10.

Joale a re bone hore na ke joang ’Muso oa Molimo e bileng sephiri “ka linako tse tšoarellang halelele” ho fihlela Jesu a tla lefatšeng ’me a qala ho se hlalosa. Ka mor’a hore Adama le Eva ba tlōle molao oa Molimo ’me ba lelekoe serapeng sa Edene, bahlanka ba Molimo ba ile ba tseba hore Molimo o sa ntse a tla etsa hore lefatše lohle e be paradeise. (Genese 1:26-28; 2:8, 9; Esaia 45:18) Ba ile ba ngola ka thabo eo batho ba tla ba le eona tlas’a ’Muso oa Molimo.—Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 11:6-9; 25:8; 33:24; 65:21-24.

Joale nahana ka ’Musi oa ’Muso oa Molimo. Na ua tseba hore na Molimo o khethile mang hore e be ’Musi?— O khethile Mora oa hae, “Khosana ea Khotso,” e leng Jesu Kreste. Bibele e re: “Puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae.” (Esaia 9:6, 7) ’Na le uena re lokela ho fumana “tsebo e nepahetseng ea sephiri se halalelang sa Molimo, e leng, Kreste.” (Bakolose 2:2) Re lokela ho tseba hore Molimo o ile a nka bophelo ba lengeloi la pele (Mora oa moea) leo a le entseng eaba o bo kenya ho Maria. Mora eo, eo pele e neng e le lengeloi le matla, e ile ea e-ba eena eo Molimo a mo romang lefatšeng hore e be sehlabelo, e le hore re fumane bophelo bo sa feleng.—Matheu 20:28; Johanne 3:16; 17:3.

Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo re lokelang ho e tseba ka sephiri sena ho feta feela hore Molimo o khethile Jesu hore e be ’Musi oa ’Muso oa Hae. Karolo e ’ngoe ea sephiri se halalelang ke hore banna le basali ba bang ba tla ba le Jesu ea tsositsoeng ea seng a le leholimong. Ba tla busa le Jesu leholimong!—Baefese 1:8-12.

A re ithute mabitso a ba bang ba tla busa le Jesu leholimong. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore o ne a il’o ba lokisetsa bolulo. (Johanne 14:2, 3) Ha u bala mangolo a latelang, u tla fumana mabitso a banna le basali ba ’maloa ba il’o busa le Jesu ’Musong oa Ntate oa hae.—Matheu 10:2-4; Mareka 15:39-41; Johanne 19:25.

Ho nkile nako e telele ho sa tsejoe palo ea ba il’o busa leholimong le Jesu e le karolo ea ’Muso oa hae. Empa hona joale re tseba palo eo. Na ua e tseba?— Bibele e re ke ba 144 000. Palo ena le eona ke karolo ea sephiri se halalelang.—Tšenolo 14:1, 4.

Na ua lumela hore “sephiri se halalelang sa ’muso oa Molimo” ke sephiri se babatsehang ho feta tsohle tseo motho leha e le ofe a ka li tsebang?— Haeba ua lumela, a re leke ho ithuta sohle seo re ka ithutang sona ka sephiri seo e le hore re hlalosetse batho ba bangata lintho tsena ka hohle kamoo re ka khonang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.

LIPOTSO:

▪ Sephiri seo re buileng ka sona se bitsoa’ng, hona ke hobane’ng ha se bitsoa joalo?

▪ Sephiri see ke eng, hona ke mang oa pele ea ileng a ruta batho ka sona?

▪ Ke lintho life tseo u ithutileng tsona ka sephiri see?

▪ U ka hlalosetsa motsoalle oa hao joang ka sephiri see se halalelang?

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

U nahana hore mangeloi a ne a batla ho tseba eng?