Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Taba ea Edene e Leng Bohlokoa ho Uena

Kamoo Taba ea Edene e Leng Bohlokoa ho Uena

Kamoo Taba ea Edene e Leng Bohlokoa ho Uena

LE LENG la mabaka a makatsang ka ho fetisisa ao litsebi tse ling li fanang ka ’ona ha li hana tlaleho ea Edene ke la hore ha e tšehetsoe ke mangolo a mang a Bibele. Ka mohlala, Moprofesa oa Lithuto Tsa Bolumeli, Paul Morris, o re: “Ha ho na mangolo a mang a ngotsoeng hamorao Bibeleng a buang ka taba e amanang le Edene.” “Litsebi” tse ngata li ka ’na tsa lumellana le seo empa bonneteng, ha ho joalo.

Ha e le hantle, Bibele e bua ka makhetlo a mangata ka serapa sa Edene, Adama le Eva le noha. * Empa litsebi tse ling li etsa phoso ea hore bopaki bo hlileng bo leng boholo bo bonahale eka ha bo na thuso. Ha baeta-pele ba bolumeli le ba tšoaeang Bibele phoso ba hana tlaleho ea Genese ea serapa sa Edene, ha e le hantle ba tsoa letšolo la ho nyatsa Bibele. Joang?

Ke habohlokoa hore motho a utloisise se etsahetseng Edene e le hore a utloisise Bibele kaofela. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le etselitsoe hore le re thuse ho fumana likarabo tsa lipotso tse tebileng le tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo batho ba ipotsang tsona. Hangata karabo ea Bibele lipotsong tseo e amana le lintho tse etsahetseng serapeng sa Edene. Nahana ka mehlala e itseng ea tsona.

Ke hobane’ng ha re tsofala re bile re shoa? Adama le Eva ba ne ba lokela ho phela ka ho sa feleng hafeela ba lula ba mamela Jehova. Ba ne ba tla shoa feela haeba ba sa mo mamele. Letsatsing leo ba ileng ba mo fetohela ka lona, ba ile ba qala ho shoa. (Genese 2:16, 17; 3:19) Ha ea ka ea hlola e e-ba batho ba phethahetseng ’me lefa feela leo ba neng ba tla le fetisetsa ho bana ba bona e ne e le la sebe le ho se phethahale. Ke ka hona Bibele e hlalosang taba ena tjena: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.

Ke hobane’ng ha Molimo a lumella bokhopo? Serapeng sa Edene, Satane o ile a re Molimo o leshano ebile o tima libōpuoa tsa hae lintho tse molemo. (Genese 3:3-5) Ka tsela eo, o ile a fana ka khoao ea hore tsela eo Jehova a busang ka eona ha ea loka. Adama le Eva ba ile ba khetha ho latela Satane; ka hona le bona ba ile ba furalla bobusi ba Jehova, eaba ka tsela eo, ba bontša hore motho a ka iketsetsa qeto ka boeena hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Ka lebaka la toka le bohlale ba hae, Jehova o ile a tseba hore tsela ea ho araba qoso eo e ’ngoe feela—e ne e le ea hore a lumelle nako e telele hore e fete, a fe batho monyetla oa hore ba ipuse kamoo ba ratang kateng. Bokhopo bo bileng teng ka mor’a moo, boo karolo e ’ngoe ea bona e bakoang ke hore Satane o ntse a tsoela pele ho susumetsa batho, butle-butle bo senotse ’nete ena ea bohlokoa: Motho ha a na matla a ho ipusa ntle ho tataiso ea Molimo.—Jeremia 10:23.

Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? Serapeng sa Edene, Jehova o ile a rala motheo oa hore na lefatše le lokela ho ba letle hakae. O ile a laela Adama le Eva hore ba tlatse lefatše ka bana ba bona ’me ba “le buse,” e le hore lefatše kaofela le tle le qetelle le le letle le bile le e-na le kutloano. (Genese 1:28) Ka hona, morero oa Molimo ke hore lefatše e be paradeise eo bana ba Adama le Eva ba phethahetseng ba tla phela ho eona ka kutloano. Molaetsa o moholo oa Bibele o mabapi le tsela eo Molimo a tla phethahatsa morero oo oa hae oa tšimolohong ka eona.

Ke hobane’ng ha Jesu Kreste a ile a tla lefatšeng? Borabele bo etsahetseng serapeng sa Edene bo ile ba etsa hore Adama le Eva, hammoho le bana ba bona, ba shoe, empa ka lerato Molimo o ile a fana ka tšepo. O ile a romela Mora oa hae lefatšeng hore a tl’o fana ka seo Bibele e reng ke thekollo. (Matheu 20:28) Seo se bolela’ng? Jesu e bile “Adama oa ho qetela”; o ile a atleha ho etsa seo Adama a neng a hlōlehile ho se etsa. Jesu o ile a lula a phethahetse hobane o ile a tsoela pele a mamela Jehova. Joale ka boithatelo o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo kapa thekollo, ka tsela eo, a bula monyetla oa hore batho ba tšepahalang ba tšoareloe libe tsa bona ’me qetellong ba khone ho fumana bophelo boo Adama le Eva ba neng ba bo phela Edene pele ba etsa sebe. (1 Bakorinthe 15:22, 45; Johanne 3:16) Ka hona, Jesu o fane ka tiiso ea hore morero oa Jehova oa ho fetola lefatše paradeise e kang Edene o tla phethahala. *

Morero oa Molimo o hlakile, hase khopolo feela e inahaneloang. Ke ntho ea sebele. Feela joalokaha serapa sa Edene e ne e le sebaka sa sebele lefatšeng mona, se nang le liphoofolo le batho ba sebele, morero oa Molimo ka bokamoso le oona ke oa sebele, o tla tloha o phethahala. Na u tla fumana bokamoso boo? Litaba li matsohong a hao. Molimo o batla hore batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang ba fumane bokamoso boo, esita le ba kileng ba tsamaea tseleng e fosahetseng bophelong.—1 Timothea 2:3, 4.

Ha Jesu a ne a le makhatheng a ho shoa, o ile a bua le monna e mong ea neng a sa ka a etsa lintho hantle bophelong. Monna eo e ne e le senokoane; o ne a tseba hore o tšoaneloa ke lefu. Empa o ile a kōpa matšeliso ho Jesu, a batla hore a mo fe tšepo. Jesu o ile a etsa joang? O ile a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:43) Haeba Jesu a batla hore senokoane seo se be teng moo—se se se tsositsoe bafung ’me se hlohonolofalitsoe ka monyetla oa hore se phele ka ho sa feleng paradeiseng e kang serapa sa Edene—na ha a batle hore le uena u fumane tlhohonolofatso eo? Ka sebele o batla hore ho be joalo! Ntate oa hae le eena o batla hore ho be joalo! Haeba u batla bokamoso bo joalo, etsa sohle se matleng a hao hore u ithute ka Molimo ea entseng serapa sa Edene.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E le hore u ithute ho eketsehileng ka sehlabelo sa thekollo sa Kreste, sheba khaolo ea 5 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

BOPROFETA BO ETSANG HORE BIBELE E LUMELLANE

“Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.”—Genese 3:15.

Boo ke boprofeta ba pele ba Bibele, bo ileng ba buuoa ke Molimo Edene. Mosali, bana ba hae, noha le bana ba eona ke bo-mang? Ho bile le “bora” joang pakeng tsa bona?

NOHA

Ke Satane Diabolose.—Tšenolo 12:9.

MOSALI

Ke mokhatlo oa Jehova oa libōpuoa tse leholimong. (Bagalata 4:26, 27) Esaia o ile a bolela esale pele hore “mosali” o ne a tla tsoala sechaba sa moea sa ka moso.—Esaia 54:1; 66:8.

PEŌ EA NOHA

Ke ba khethang ho etsa thato ea Satane.—Johanne 8:44.

PEŌ EA MOSALI

Ka sehloohong ke Jesu Kreste, eo e leng karolo ea mokhatlo oa Jehova oa leholimo. Hape “peō” ena e akarelletsa le barab’abo Kreste ba moea, ba busang le eena leholimong. Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba etsa sechaba sa moea, “Iseraele ea Molimo.”—Bagalata 3:16, 29; 6:16; Genese 22:18.

LEQEBA LE SERETHENG

Ke ketsahalo e ileng ea utloisa Mesia bohloko empa liphello tsa eona e bile tsa nakoana. Satane o ile a atleha ho etsa hore Jesu a bolaoe lefatšeng. Jesu o ile a tsosoa bafung.

LEQEBA LE HLOOHONG

Ke ho timetsoa ha Satane. Jesu o tla felisa Satane ka ho sa feleng. Le pele a etsa joalo, Jesu o tla felisa bokhopo boo Satane a bo qalileng Edene.—1 Johanne 3:8; Tšenolo 20:10.

E le hore u fumane kakaretso e tobileng ka molaetsa oa sehlooho oa Bibele, sheba bukana e reng Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Adama le Eva ba ile ba khola litholoana tse babang ka lebaka la sebe sa bona