Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ruri Molimo oa U Tsotella?

Na Ruri Molimo oa U Tsotella?

Na Ruri Molimo oa U Tsotella?

NA U ikutloa u ratoa? Kapa na ka linako tse ling u ee u be le boikutlo ba hore ha ho na motho ea u tsotellang? Lefatšeng lena leo batho ba teng ba phelang bophelo bo potlakileng ba bileng ba ichebileng bobona, ho ka ba bonolo hore u inke u le thoto feela e se nang thuso. Feela joalokaha Bibele e bolela, mehleng ena ea rōna batho ba bangata ba phathahane ka mesebetsi ea bona hoo ho seng ho atile hore batho ba se tsotelle ba bang.—2 Timothea 3:1, 2.

Ho sa tsotellehe hore na ba lilemo li kae, ke ba setso sefe, puo efe, kapa morabe ofe, tlaase botebong ba pelo batho ka kakaretso ba na le boikutlo ba ho batla ho ratoa kapa ho bontša ba bang lerato. Litlaleho tse ling li bontša hore ka tlhaho, re bōpiloe ka tsela e khethehileng eo re khonang ho utloa ha re bontšoa lerato le ha re tšoaroa ka mosa. Jehova Molimo, e leng eena ea re bōpileng, o utloisisa tlhoko ea rōna ea ho batla ho ratoa le ho ananeloa ho feta motho leha e le ofe. U ne u ka ikutloa joang ha a u bolella hore u hlile u oa bohlokoa ho eena? Ka sebele u ka nka seo e le sa bohlokoa haholo. Na ruri re ka kholiseha hore Jehova o fela a thahasella batho ba sa phethahalang? Na o tšoenyehile ka motho e mong le e mong? Haeba ho joalo, ke eng e etsang hore motho e be ea khahlehang ho eena?

Jehova o Hlile oa Tsotella

Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, mopesaleme ea tšabang Molimo o ile a tsota botle bo hlollang ba leholimo le tletseng linaleli bosiu. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba hore ho na le Ea phahameng ka ho fetisisa ea entseng linaleli tseo tse se nang palo. Ha mopesaleme a nahana ka boholo ba Jehova a bile a lemoha kamoo motho a leng monyenyane kateng, o hlalosa kamoo a hlolloang ke kameho e lerato ea Jehova, o re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole, le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?” (Pesaleme ea 8:3, 4) Ho ne ho ka ba bonolo hore a phethe ka hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa o hōle haholo kapa o phathahane haholo hore a ka ela hloko batho ba sa phethahalang. Empa mopesaleme o ne a tseba hore ho sa tsotellehe hore na re fokola hakae ha re bapisoa le eena le hore bophelo ba rōna bo bokhutšoanyane hakae, re ntse re le ba bohlokoa ho Molimo.

Mopesaleme e mong o ile a bua mantsoe ana a kholisang: “Jehova o khahlisoa ke ba mo tšabang, ba letelang mosa oa hae o lerato.” (Pesaleme ea 147:11) Ntlha e totobatsoang ke lipesaleme tsena ka bobeli e ama maikutlo. Le hoja Jehova a phahame joalo, ha a ele batho hloko feela. Ho e-na le hoo, ‘oa ba hlokomela’ o bile ‘o khahlisoa ke bona.’

Sena se boetse se totobatsoa ke boprofeta ba Bibele bo boletseng ka se neng se tla etsahala mehleng ea rōna. Jehova, ka moprofeta oa hae Hagai, o bontšitse hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle. Ebe ho etsahala eng? Hlokomela e ’ngoe ea lintho tse neng li tla etsahala: “Lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya.”—Hagai 2:7.

Lintho tsee “tse lakatsehang” tse bokelloang lichabeng tsohle ke eng? Ka sebele lintho tsena e ke ke ea e-ba matlotlo a lefatše. (Hagai 2:8) Ntho e hlileng e thabisang Jehova hase khauta le silevera. Batho ba mo sebeletsang hobane ba mo rata, ke bona ba mo thabisang, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona. (Liproverbia 27:11) Ke bona bao e leng “lintho tse lakatsehang” tse mo tlisetsang khanya ’me o nka ho inehela ha bona ka pelo eohle le ho cheseha ha bona tšebeletsong e le habohlokoa haholo. Na u e mong oa bona?

Ho ka ’na ha bonahala ho le thata ho lumela hore ’Mōpi e Moholo oa bokahohle a ka khahlisoa ke batho ba sa phethahalang. Leha ho le joalo, bonneteng ’nete ena e lokela ho re susumelletsa hore re lumele ha a re mema ka mofuthu hore re atamele haufi le eena.—Esaia 55:6; Jakobo 4:8.

“U ea Khahlehang Haholo”

Phirimaneng e ’ngoe, lilemong tsa botsofali ba hae, moprofeta Daniele o ile a ba le phihlelo e makatsang. Ha Daniele a ntse a rapela, ho ile ha fihla moeti oa bohlokoa eo a neng a sa mo lebella. Lebitso la hae e ne le Gabriele. Daniele o ne a kile a teana le eena ’me o ile a hopola hore ke lengeloi la Jehova. Gabriele o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a fihla ka tšohanyetso, a re: “Uena Daniele, joale ke tlil’o etsa hore u be le temohisiso e nang le kutloisiso . . . hobane u ea khahlehang haholo.”—Daniele 9:21-23.

Ketsahalong e ’ngoe, lengeloi le leng la Jehova le ile la bua le Daniele, la re: “Uena Daniele, [u] monna ea khahlehang haholo.” Ka mor’a moo, lengeloi le ile la matlafatsa Daniele, la re: “U se ke ua tšoha, Uena monna ea khahlehang haholo. E se eka u ka ba le khotso.” (Daniele 10:11, 19) Ka hona, Daniele o hlalosoa ka makhetlo a mararo e le “monna ea khahlehang haholo.” Polelo ena e ka hlalosoa hape e le “ea ratoang haholo,” “ea nkoang e le oa bohlokoa ka ho fetisisa,” kapa eona “thatohatsi.”

Ha ho pelaelo hore Daniele o ne a se a ntse a ikutloa a le haufi le Molimo ’me ka sebele o ne a hlokomela hore Jehova o amohela tšebeletso ea hae e tsoang pelong. Empa e tlameha ebe o ile a khothatsoa le ho feta ke mantsoe ao a Molimo a bontšang hore o mo rata haholo, ao a a boletseng ka mangeloi a hae ao a neng a a romme. Hase feela Daniele a ileng a arabela tjena: “U ’matlafalitse.”—Daniele 10:19.

Tlaleho ena e khothatsang e bontšang kamoo Jehova a neng a rata moprofeta enoa oa hae ea tšepahalang, e ngotsoe Lentsoeng la Molimo molemong oa rōna. (Baroma 15:4) Haeba re nahana ka mohlala oa Daniele, seo se tla re thusa hore re utloisise hore na ke eng e etsang hore motho e be ea khahlehang ho Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo.

Ithute Lentsoe la Molimo Kamehla

Daniele e ne e le seithuti se khothetseng sa Mangolo. Re tseba seo kaha eena ka boeena o ile a re: “Ke ile ka lemoha ka libuka palo ea lilemo . . . bakeng sa ho phethahatsa thipitlo ea Jerusalema.” (Daniele 9:2) Mohlomong libuka tse neng li fumaneha mehleng ea hae li ne li akarelletsa mangolo a bululetsoeng a Moshe, Davida, Solomone, Esaia, Jeremia, Ezekiele le a baprofeta ba bang. U ka inahanela u bona Daniele a pota-potiloe ke meqolo e mengata-ngata, a bala ka hloko a bile a bapisa liphatlalatso tse profetiloeng tse neng li bua ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete Jerusalema. Mohlomong a le phaposing ea hae e ka holim’a marulelo moo ho neng ho se tšitiso ea letho, o ne a khona ho nahanisisa ka botebo ka se boleloang ke seo a neng a se bala. Ho bala ha hae ka morero oa ho utloisisa lintho, ho ile ha mo matlafatsa tumelong ha ba ha etsa hore a be haufi le Jehova.

Hape ho ithuta ha Daniele Lentsoe la Molimo ho ile ha bōpa botho ba hae ka tsela e itseng ha ba ha ama tsela eo a phelang ka eona. Ha ho pelaelo hore thupelo ea Mangolo eo a ileng a e fumana a sa le monyenyane e ile ea etsa hore ha e se e le mocha a ikemisetse ho boloka Melao ea Molimo ea nako eo e mabapi le lijo. (Daniele 1:8) Hamorao, o ile a bolela molaetsa oa Molimo ka sebete ho marena a Babylona. (Liproverbia 29:25; Daniele 4:19-25; 5:22-28) O ne a tsebahala haholo e le motho ea mafolofolo, ea khabane le ea tšepahalang. (Daniele 6:4) Ho feta moo, ho e-na le ho tlōla molao oa Jehova e le hore a pholose bophelo ba hae, Daniele o ile a tšepa Jehova ka ho feletseng. (Liproverbia 3:5, 6; Daniele 6:23) Hase feela e neng e le ea “khahlehang haholo” ho Molimo!

Ka tsela e itseng, ho ithuta Bibele mehleng ena ho batla ho le bonolo ho feta mehleng ea Daniele. Libuka tse nkehang habonolo li nketse lipatanta tsa meqolo sebaka. Hona joale re na le Bibele e le buka e feletseng e bileng e nang le tlaleho ea kamoo bo bong ba boprofeta ba Daniele bo phethahetseng kateng. Re bile re na le lingoliloeng tse ngata tse re thusang ho ithuta Bibele le lintho tse ngata tsa ho etsa lipatlisiso. * Na u sebelisa lintho tsee ka botlalo? Na u ipehetse nako ea ho bala Bibele kamehla le ho nahanisisa ka botebo ka seo u se balileng? Haeba u etsa joalo, seo se tla u tsoela molemo joaloka Daniele. U tla khona ho ba le tumelo e tiileng le ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova. Lentsoe la Molimo le tla u tataisa kamehla bophelong, le u tiisetse hore Molimo o u hlokometse ka lerato.

Phehella Thapelong

Daniele o ne a nka thapelo e le ea bohlokoa. O ile a kōpa se loketseng ho Molimo. Ha e sa le mohlankana, o ile a ba kotsing ea hore o tla bolaoa haeba a hlōleha ho hlalosetsa Morena Nebukadnezare oa Babylona toro ea hae. Ntle le ho tsilatsila, Daniele o ile a kōpa Jehova ka tieo hore a mo tšehetse a be a mo sireletse. (Daniele 2:17, 18) Lilemong tse seng kae hamorao, ka boikokobetso moprofeta eo ea tšepahalang o ile a lemoha hore ke motho ea sa phethahalang eaba o ipolela molato oa hae hammoho le oa sechaba sa habo, a ba a kōpa tšoarelo ho Jehova. (Daniele 9:3-6, 20) Ha Daniele a ne a sa utloisise lintho tseo Molimo a neng a mo bolella tsona, o ne a kōpa hore a mo thuse. Ketsahalong e ’ngoe, lengeloi le ileng la tla hamorao ho Daniele ho tla mo fa temohisiso, le ile la re: “Mantsoe a hao a utloiloe.”—Daniele 10:12.

Leha ho le joalo, Daniele ea tšepahalang o ile a etsa ho fetang feela ho etsa kōpo e matla ho Molimo. Daniele 6:10 ea hlalosa: “Esita le ka makhetlo a mararo ka letsatsi o ne a . . . rapela le ho fana ka thoriso ka pel’a Molimo oa hae, joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla.” Daniele o ne a e-na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova le ho mo rorisa. Hape o ne a etsa joalo kamehla. Kahoo, thapelo e ne e le karolo ea bohlokoa haholo borapeling ba hae hoo a neng a ke ke a khaotsa ho e etsa le haeba seo se ne se ka beha bophelo ba hae kotsing. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo rata haholo ka lebaka la botšepehi ba hae.

Ka sebele, thapelo ke mpho e babatsehang! Le ka mohla, letsatsi le se ke la likela u e-s’o bue le Ntate oa hao ea leholimong. U se ke ua lebala ho mo leboha le ho mo tlotlisa ka melemo eo a u etsetsang eona. Mo tšollele matšoenyeho a hao le seo u amehileng ka sona u sa tšabe letho. Ak’u nahane kamoo a ileng a araba likōpo tsa hao kapa lithapelo tsa hao kateng ’me u mo lebohe ho tsoa pelong. U se ke ua potlakela ho qeta thapelo. Ha re phetlela Jehova lipelo tsa rōna joalo thapelong, re tla utloa hore ka sebele oa re rata. Leo ke lebaka le utloahalang hakaakang la hore re be ba “phehellang thapelong”!—Baroma 12:12.

Tlotlisa Lebitso la Jehova

Setsoalle se ke ke sa atleha haeba e mong a ichebile boeena feela. Ho joalo le ka kamano ea rōna le Jehova. Daniele o ne a lemoha sena. Ak’u nahane kamoo a neng a amehile kateng ka ho tlotlisa lebitso lena la Jehova.

Ka mor’a hore Molimo a arabe thapelo ea hae ka ho mo senolela toro ea Nebukadnezare le tlhaloso ea eona, Daniele o ile a re: “Lebitso la Molimo le ke le bokoe ho tloha nakong e sa lekanyetsoang esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ka lebaka la bohlale le matla—etsoe ke tsa hae.” Hamorao ha Daniele a bolella Nebukadnezare toro ea hae le tlhaloso ea eona, o ile a ’na a tlotlisa Jehova khafetsa, a re ke Eena feela “Mosenoli oa liphiri.” Ka mokhoa o tšoanang, ha a ne a kōpa ka tieo hore Molimo a ba tšoarele a be a ba lopolle, Daniele o ile a rapela: “Molimo oa ka, . . . motse oa hao le sechaba sa hao li ’nile tsa bitsoa ka lebitso la hao.”—Daniele 2:20, 28; 9:19.

Re na le menyetla e mengata ea ho etsisa Daniele ntlheng ena. Ha re rapela, re ka bontša hore re amehile ka hore ‘lebitso la Molimo le halaletsoe.’ (Matheu 6:9, 10) Le ka mohla re ke ke ra rata hore boitšoaro ba rōna bo etse hore lebitso le halalelang la Jehova le rohakoe. Ho e-na le hoo, e se eka kamehla re ka tlotlisa Jehova ka ho bolella ba bang seo re ithutileng sona ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae.

Ke ’nete hore, lefatšeng lena leo re phelang ho lona, batho ha ba sa na lerato ebile ha ba tsotelle ba bang. Leha ho le joalo, ho tseba hore Jehova o hlile o tsotella morapeli e mong le e mong oa hae ka ho toba, ho ka re khothatsa haholo. Ho feela joalokaha mopesaleme a itse: “Jehova o khahlisoa ke batho ba hae. O khabisa ba bonolo ka poloko.”—Pesaleme ea 149:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Lipaki Tsa Jehova li hatisa lintho tse ngata tsa ho etsa lipatlisiso le tsa ho ithuta tse tla u thusa hore ho bala Bibele ho u tsoele molemo. Haeba u rata ho iphumanela lintho tsena, u se ke ua tšaba ho li kōpa ho motho leha e le ofe eo e leng Paki ea Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Molimo o ile a bontša hore o rata Daniele ha a ne a romela lengeloi Gabriele hore le mo matlafatse

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Ho ithuta ha Daniele a khothetse le ho rapela ho ile ha etsa hore botho ba hae bo ntlafale le ho feta ha ba ha etsa hore Molimo a mo rate haholo