Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U se U Itokiselitse Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong?

Na U se U Itokiselitse Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong?

Na U se U Itokiselitse Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong?

LIHORA tse seng kae feela pele Jesu a shoa, o ile a theha mokhoa o khethehileng oa ho hopola lefu la hae. Tšebeletso ena e ile ea tsejoa e le “lijo tsa shoalane tsa Morena,” kapa “selallo sa Morena.” (1 Bakorinthe 11:20; Bibele ea Sesotho) Ha Jesu a bontša bohlokoa ba ketsahalo ena, o ile a fana ka taelo ena: “Etsang hona hore le tle le nkhopole.” (Luka 22:19, Bibele—Phetolelo e Ncha) Na u batla ho mamela Jesu? Haeba ho joalo, u tla nka letsatsi la ho ikhopotsa lefu la Jesu e le letsatsi la bohlokoa ka ho fetisisa selemong.

Empa ha e le hantle u lokela ho ikhopotsa ketsahalo ee neng? Hona u ka etsa eng ho tiisa hore u itokiselitse hantle hore u utloisise se boleloang ke ketsahalo ee ea bohlokoa? Tsena ke lipotso tseo Mokreste e mong le e mong a lokelang ho li hlahloba ka hloko.

Hangata Hakae?

Mokhoa o tloaelehileng ke oa hore re hopole ketsahalo e itseng ea bohlokoa selemo le selemo. Ka mohlala, le hoja batho ba New York City ba ileng ba shoeloa ke baratuoa ba bona ketsahalong e bohloko e ileng ea etsahala ka la 11 September, 2001, ha World Trade Center e ne e hlaseloa, ba sa lebale ketsahalo eo, selemo le selemo ha letsatsi leo le fihla le ba ama ka tsela e khethehileng.

Ka ho tšoanang, mehleng ea Bibele ho ne ho ikhopotsoa liketsahalo tsa bohlokoa selemo le selemo. (Esthere 9:21, 27) Jehova o ile a laela Baiseraele hore selemo le selemo ba ikhopotse ho lopolloa ha bona ka mohlolo bokhobeng Egepeta. Bibele e bua ka ketsahalo eo e le Paseka ’me Baiseraele ba ne ba ikhopotsa ketsahalo ena hanngoe ka selemo letsatsing leo ba ileng ba pholosoa ka lona.—Exoda 12:24-27; 13:10.

Jesu o ne a qeta ho keteka Paseka le baapostola ba hae ha a theha tšebeletso ea lijo tse khethehileng e neng e tla lateloa ha ho hopoloa lefu la hae. (Luka 22:7-20) Paseka e ne e ketekoa selemo le selemo. Ka hona, re ka etsa qeto ea hore tšebeletso ena e ncha e ileng ea nkela Paseka sebaka, e ne e lokela ho ba teng hang ka selemo. Empa ka letsatsi lefe?

Neng?

E le ho araba potso ena, ho na le lintlha tse peli tseo re lokelang ho li utloisisa. Ea pele, mehleng ea Bibele letsatsi le ne le qala mantsiboea ha letsatsi le likela, le fela letsatsing le hlahlamang ha letsatsi le likela. Ka hona, letsatsi le ne le qala mantsiboea le fela mantsiboea a latelang.—Levitike 23:32.

Ntlha ea bobeli ke hore Bibele ha e sebelise k’halendara eo rōna kajeno re e sebelisang. Ho e-na le ho sebelisa likhoeli tse nang le mabitso a kang March le April, Bibele e bua ka likhoeli tse kang Adare le Nisane. (Esthere 3:7) Bajuda ba ne ba bala likhoeli tsa bona ho tloha ha khoeli e thoasa ho fihlela ha e ’ngoe e thoasa. Ba ne ba keteka Paseka ka la 14 khoeling ea pele k’halendareng ea bona, e leng khoeli ea Nisane. (Levitike 23:5; Numere 28:16) Baroma ba ile ba khokhothela Morena Jesu Kreste ka letsatsi leo la la 14 Nisane. O ile a shoa lilemo tse 1 545 ka mor’a hore ho thehoe Paseka ea pele. Letsatsi lena la la 14 Nisane ruri ke la bohlokoa.

Empa ke letsatsi lefe leo e leng la 14 Nisane k’halendareng ea rōna? Ho bala ho bonolo feela ho ka re thusa hore re le tsebe. La 1 Nisane le qala ha khoeli e ncha e bonahala ha letsatsi le likela Jerusalema, nakong ea selemo ea ha bosiu bo lekana le motšehare (e leng ha nako ea selemo e thoasa Karolong e ka Leboea ea Lefatše). Ha re bala matsatsi a 14 ho tloha ketsahalong eo, re fihla letsatsing la la 14 Nisane. Ka tloaelo letsatsing lena khoeli e tolokile. Ha re sebelisa mokhoa ona oa Bibele, selemong sena la 14 Nisane le qala ha letsatsi le likela ka Sontaha sa la 17 April, 2011. *

Ka hona, Lipaki Tsa Jehova li itokisetsa ho bokana hammoho le bohle ba batlang ho hopola lefu la Jesu selemong sena. Li u mema ka mofuthu hore u tl’o ba le tsona. Ka kōpo ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno e le hore u fumane hore na ketsahalo eo e tl’o tšoareloa hokae, ka nako efe. Ba tla ikhopotsa ketsahalo ena mantsiboea ha letsatsi le qeta ho likela, eseng hoseng kapa thapama. Hobane’ng? Hobane ho latela Bibele, e lokela ho ba “lijo tsa shoalane.” (1 Bakorinthe 11:25) Mantsiboea a Sontaha sa la 17 April, 2011, ke mantsiboea a ho hopola ketsahalo ena e khethehileng eo Jesu a ileng a e theha lilemong tse 1 978 tse fetileng. Hape ke qalo ea letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona, la la 14 Nisane. Na ho na le letsatsi le molemo ho feta lee la ho ikhopotsa lefu la hae?

Kamoo U ka Itokisang Kateng

U ka etsa’ng esale hona joale ho itokisetsa ketsahalo ee e bang teng hanngoe ka selemo? Tsela e ’ngoe ke ka ho thuisa ka seo Jesu a re etselitseng sona. Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? * e thusitse ba limilione hore ba utloisise haholoanyane se boleloang ke lefu la Jesu.—Matheu 20:28.

Tsela e ’ngoe eo re ka itokisang ka eona bakeng sa ketsahalo ena e khethehileng ke ho bala ka lintho tse ileng tsa etsahala pele ho letsatsi la ho qetela la bophelo ba Jesu mona lefatšeng. Maqepheng a latelang ho na le chate. Karolong ea pele ea eona u tla bona matsatsi ho latela k’halendara ea rōna le ho latela k’halendara e neng e sebelisoa mehleng ea Bibele. Karolo ea bobeli e fana ka tlhaloso e khutšoanyane ea liketsahalo tsa pele ho lefu la Jesu, ha karolo ea boraro eona e bontša hore na re ka bala ka liketsahalo tsena hokae Likosepeleng le bukeng ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. * Re u khothalletsa hore u iphe nako ea ho bala bonyane litemana tse itseng tsa Mangolo letsatsi ka leng ho a etellang pele Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Sena se tla u thusa hore u itokisetse letsatsi lena la bohlokoa ka ho fetisisa selemong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Letsatsi lena le ka ’na la se tsamaisane le la Paseka ea Bajuda ba kajeno. Hobane’ng? Bajuda ba bangata kajeno ba keteka Paseka ka la 15 Nisane, ba lumela hore taelo e ho Exoda 12:6 e bua ka letsatsi leo. (Sheba Molula-Qhooa oa February 15, 1990, leqepheng la 14.) Empa Jesu o ile a keteka Paseka ka la 14 Nisane tumellanong le se boletsoeng Molaong oa Moshe. E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na u ka fumana letsatsi lena joang, sheba Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 15, 1977, leqepheng la 383-384.

^ ser. 14 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova. Sheba leqephe la 47-56, 206-208. U ka fumana buka ena Inthaneteng ho www.watchtower.org.

^ ser. 15 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Ikhopotse lefu la Jesu ka Sontaha, la 17 April, 2011

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 23, 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

BEKE EA HO QETELA

Lab. la 12 April, 2011

Sabatha

Johanne 11:55–12:1

gt 101, lir. 2-4 *

LA 9 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

Mehleng ea Bibele letsatsi le ne le qala mantsiboea ha letsatsi le likela, le fela letsatsing le hlahlamang ha letsatsi le likela

O ja le Simone oa molepera

Maria o mo tlotsa ka nareda

Bajuda ba tla ho Jesu le Lazaro

Matheu 26:6-13

Mareka 14:3-9

Johanne 12:2-11

gt 101, lir. 5-9

Labr. la 13 April, 2011

▪ O kena ka tlhōlo Jerusalema

▪ O ruta tempeleng

Matheu 21:1-11, 14-17

Mareka 11:1-11

Luka 19:29-44

Johanne 12:12-19

gt 102

LA 10 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

O hlola bosiu Bethani

Labn. la 14 April, 2011

▪ O leba Jerusalema hoseng haholo

▪ O hloekisa tempele

▪ Jehova o bua a le leholimong

Matheu 21:12, 13, 18, 19

Mareka 11:12-19

Luka 19:45-48

Johanne 12:20-50

gt 103, 104

LA 11 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

Labhl. la 15 April, 2011

▪ O ruta ka lipapiso tempeleng

▪ O nyatsa Bafarisi

▪ O hlokomela monehelo oa mohlolohali

▪ O bolela esale pele ka ho oa ha Jerusalema

▪ O fana ka pontšo ea ho ba teng ha hae

Matheu 21:19–25:46

Mareka 11:20–13:37

Luka 20:1–21:38

gt 105 ho ea ho 112, ser. 1

LA 12 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

Moq. la 16 April, 2011

▪ O iketlile le barutuoa ba hae Bethani

▪ Judase o hlophisetsa ho mo eka

Matheu 26:1-5, 14-16

Mareka 14:1, 2, 10, 11

Luka 22:1-6

gt 112, lir. 2-4

LA 13 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

Son. la 17 April, 2011

▪ Petrose le Johanne ba lokisetsa Paseka

▪ Jesu le baapostola ba leshome ba fihla thapama

Matheu 26:17-19

Mareka 14:12-16

Luka 22:7-13

gt 112, ser. 5 ho ea ho 113, ser. 1

LA 14 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

▪ O keteka Paseka

▪ O hlatsoa maoto a baapostola

▪ O leleka Judase

▪ O theha Sehopotso sa lefu la hae

Matheu 26:20-35

Mareka 14:17-31

Luka 22:14-38

Johanne 13:1–17:26

gt 113, ser. 2 ho ea qetellong ea 116

ka khitla

Man. la 18 April, 2011

▪ Oa ekoa le ho tšoaroa serapeng sa Gethesemane

▪ Baapostola baa baleha

▪ O qosoa ke Sanhedrine

▪ Petrose o latola Jesu

Matheu 26:36-75

Mareka 14:32-72

Luka 22:39-62

Johanne 18:1-27

gt 117 ho ea qetellong ea 120

▪ O hlaha ka pel’a Sanhedrine hape

▪ O isoa ho Pilato, ho Heroda, a ntan’o khutlisetsoa ho Pilato

▪ O ahloleloa lefu ’me o khokhotheloa thupeng

▪ O shoa hoo e ka bang ka hora eaboraro thapama

▪ Setopo sa hae sea tlosoa ’me sea patoa

Matheu 27:1-61

Mareka 15:1-47

Luka 22:63–23:56

Johanne 18:28–19:42

gt 121 ho ea ho 127, ser. 7

LA 15 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

▪ Sabatha

Lab. la 19 April, 2011

▪ Pilato o lumela hore lebitla la Jesu le lebeloe

Matheu 27:62-66

gt 127, lir. 8-9

LA 16 NISANE (le qala ha letsatsi le likela)

Mareka 16:1

Labr. la 20 April, 2011

▪ O tsosoa bafung

▪ O hlaha ho barutuoa ba hae

Matheu 28:1-15

Mareka 16:2-8

Luka 24:1-49

Johanne 20:1-25

gt 127, ser. 10 ho ea ho 129, ser. 10

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 28 Linomoro tse bontšitsoeng mona ke tsa likhaolo tsa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela (gt). Bakeng sa chate e bontšang litšupiso tse buang ka tšebeletso ea ho qetela ea Jesu, sheba leqephe la 290 bukeng ea Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ‘me le Molemo, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.