Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nyeoe e Leeme ka ho Fetisisa e Kileng ea Tšoaroa

Nyeoe e Leeme ka ho Fetisisa e Kileng ea Tšoaroa

Nyeoe e Leeme ka ho Fetisisa e Kileng ea Tšoaroa

KE LINYEOE tse seng kae feela tsa boholo-holo tse tsebahalang joaloka ena—haeba li teng. Likosepele tse ’nè tsa Bibele li tlaleha liketsahalo tsa ha Jesu Kreste a tšoaroa, a qosoa le ha a bolaoa. Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella see? Hobane Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba ikhopotse lefu la hae, e leng se ileng sa etsa hore nyeoe ena e ileng ea lebisa lefung la hae e be ea bohlokoa; hobane re lokela ho tseba hore na lintho tseo Jesu a neng a qosoa ka tsona e ne e le ’nete kapa che; le hobane sehlabelo seo Jesu a ileng a se etsa ka ho ithaopela ho tela bophelo ba hae ke sa bohlokoa haholo ho rōna le bokamosong ba rōna.—Luka 22:19; Johanne 6:40.

Nakong ea ha Jesu a qosoa, Palestina e ne e busoa ke Roma. Baroma ba ne ba lumella baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba sebakeng seo hore e be bona ba ahlolang Bajuda ba habo bona ho latela melao ea bona, empa ba ne ba sa ba fe tokelo ea ho ahlolela linokoane lefu. Ka hona, Jesu o ile a tšoaroa ke lira tsa hae tsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda empa a ahloleloa lefu ke Baroma. Lithuto tsa Jesu li ile tsa hlabisa baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo lihlong hoo ba ileng ba etsa qeto ea hore o lokela ho shoa. Empa ba ne ba batla hore lefu la hae le hlahe eka le molaong. Ka mor’a ho hlahlobisisa makhobonthithi ao ba ileng ba a etsa e le hore ba finyelle sepheo seo sa bona, moprofesa e mong oa molao o ile a hlalosa ketsahalo eo e le “tlōlo ea molao e mpe ka ho fetisisa e kileng ea etsoa historing ea linyeoe.” *

Ho Iphapanyetsa Melao ka ho Feletseng

Melao eo Moshe a ileng a e fetisetsa ho Baiseraele e ’nile ea bitsoa “melao e phahameng le e tsoetseng pele ka ho fetisisa ho eohle e kileng ea e-ba teng.” Leha ho le joalo, mehleng ea Jesu bo-rabi ba neng ba rata ho etsa melao ba ile ba phaella melao ea bona ho e neng e hlaha ka Bibeleng, eo boholo ba eona hamorao e ileng ea tlalehoa ho Talmud. (Sheba lebokose le reng  “Melao ea Bajuda Makholong a Qalang a Lilemo,” leqepheng la 20.) Nyeoe ea Jesu e ile ea sebetsoa joang ho latela melao ee ea Bibele le ee e neng e ekelitsoe ho ea Bibele?

Ha Jesu a tšoaroa, na ho ne ho e-na le bopaki bo lumellanang ba batho ba babeli ba hore o entse tlōlo e itseng ea molao? Ho latela molao, e ne e tlameha ebe ho bile joalo. Lekholong la pele la lilemo Palestina, haeba Mojuda a ne a lumela hore ho na le molao o tlōtsoeng, o ne a isa qoso ea hae lekhotleng lihoreng tsa mosebetsi. Joale lekhotla le ne qala ka ho etsa lipatlisiso ka taba eo pele le ka tšoara nyeoe. Motho o ne a ka qosoa feela ke lipaki tse boneng ha a tlōla molao. Haeba ho ne ho e-na le lipaki tse peli tse lumellanang ka taba eo, ke hona ho neng ho ka tšoaroa nyeoe. Bopaki ba bona bo ne bo lokolla lekhotla hore le ka tšoara ea qosoang. Ho ne ho sa lumelloe bopaki ba motho a le mong. (Deuteronoma 19:15) Leha ho le joalo, tabeng ea Jesu teng baeta-pele ba Bajuda ba ile ba batla “tsela e atlehang” feela e le hore ba mo hleke tseleng. Ba ile ba mo tšoara ha “monyetla o motle” o hlaha—bosiu le hona “ho se bongata bo mo potolohileng.”—Luka 22:2, 5, 6, 53.

Ha Jesu a tšoaroa, ho ne ho se motho ea mo qositseng. Baprista le ba lekhotla la Sanhedrine, e leng lekhotla le phahameng la Bajuda, ba ile ba qala ho batla lipaki ba se ba mo tšoere. (Matheu 26:59) Ha baa ka ba fumana lipaki tse peli tse lumellanang. Empa, ha e le hantle e ne e se mosebetsi oa lekhotla hore le batle lipaki. Leqoetha A. Taylor Innes, eo e bileng e leng sengoli, o re ho “qosa motho, haholo-holo ka morero oa ho mo ahlolela lefu, empa ho sa boleloa esale pele hore na o qosetsoa eng, ke ntho e halefisang ka ho fetisisa.”

Mokhopi oa batho ba neng ba tšoere Jesu o ile oa mo isa tlung ea Anase eo e neng e kile ea e-ba moprista ea phahameng, eaba eena o qala ho mo hloma lipotso. (Luka 22:54; Johanne 18:12, 13) Anase o ile a iphapanyetsa molao oa hore nyeoe eo ho eona motho a neng a ka ahloleloa lefu e ne e lokela ho tšoaroa motšehare, eseng bosiu. Ho feta moo, qoso leha e le efe e ne e lokela ho etsoa lekhotleng moo ho nang le batho bohle, eseng sekhukhung. Kaha Jesu o ne a bona hore Anase o tlōla molao ka ho mo hloma lipotso, o ile a mo araba tjena: “Ke hobane’ng ha u mpotsa? Botsa ba utloileng seo ke ba boleletseng sona. Bona! Bana ba tseba seo ke se boletseng.” (Johanne 18:21) Anase o ne a lokela ho hloma ba fanang ka bopaki lipotso, eseng motho ea qosoang. Seo Jesu a se buileng se ne se lokela ho etsa hore moahloli ea nang le toka a hlomphe molao, empa Anase o ne a se na taba le ho phetha toka.

Molaoli e mong o ile a jabela Jesu ha a araba—’me eo hase eona feela ketso e mabifi eo Jesu a ileng a e mamella bosiung boo. (Luka 22:63; Johanne 18:22) Molao o tlalehiloeng khaolong ea 35 ea buka ea Bibele ea Numere mabapi le metse ea setšabelo o bontša hore moqosuoa o ne a lokela ho sireletsoa tšoarong e mpe ho fihlela a fumanoa a le molato. E ne e lokela hore ebe Jesu le eena o ile a sireletsoa.

Joale ba tšoereng Jesu ba ile ba mo isa ha Moprista ea Phahameng Kaifase, moo nyeoe ea bosiu e seng molaong e ileng ea tsoela pele teng. (Luka 22:54; Johanne 18:24) Moprista eo o ile a hlokomoloha melao eohle ea ho tsamaisa litaba ka toka, eaba o batla “bopaki ba bohata khahlanong le Jesu e le hore ba mo bolaee,” leha ho le joalo, ho ne ho se batho ba babeli ba lumellanang ha ba fana ka bopaki ba seo ba reng Jesu o se buile. (Matheu 26:59; Mareka 14:56-59) Ka hona, moprista ea phahameng o ile a leka ho etsa hore Jesu a bue ntho e tla mo etsa hore a nkoe a le molato. O ile a mo botsa: “Na ha u re letho ho araba? Ke eng seo baa ba se pakang khahlanong le uena?” (Mareka 14:60) Leqheka leo le ne le tsoile tseleng ka ho feletseng. Innes ea qotsitsoeng pejana o re: “E ne e se ntho e lumelloang ke molao hore moqusuoa a botsoe potso ebe o ahloloa ho latela karabo ea hae.”

Qetellong batho bao ba ile ba itšoarella polelong eo Jesu a ileng a e bua. Ha Jesu a ne a botsoa: “Na ke uena Kreste Mora oa Ea Bokoang?,” o ile a araba tjena: “Ke ’na; ’me lōna le tla bona Mor’a motho a lutse ka letsohong le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.” Baprista ba ile ba nka seo e le ho nyefola, eaba “kaofela ba mo ahlola e le ea lokeloang ke lefu.”—Mareka 14:61-64. *

Ho latela Molao oa Moshe, linyeoe li ne li lokela ho tšoaroa moo ho ka eang mang le mang. (Deuteronoma 16:18; Ruthe 4:1) Empa nyeoe ena eona e tšoaretsoe sekhukhung. Ha ho na ea ileng a leka ho buella Jesu kapa ea ileng a lumelloa hore a mo buelle. Ha hoa ka ha hlahlojoa hore na ke hantle hore ebe Jesu o ipitsa Mesia. Ha aa ka a fuoa monyetla oa hore a be le lipaki tse mo buellang. Baahloli ha baa ka ba e-ba le likhetho tse hlophisehileng tsa ho khetha hore na o molato kapa che.

Ka Pel’a Pilato

Kaha ho bonahala Bajuda ba ne ba se na matla a ho ahlolela Jesu lefu, ba ile ba mo isa ho Ponse Pilato, eo e neng e le ’musisi oa Moroma. Potso ea pele ea Pilato e ile ea e-ba: “Ke qoso efe eo le e tlisang khahlanong le monna enoa?” Kaha Bajuda ba ne ba tseba hore Pilato a ke ke a amohela qoso ea bona e fosahetseng ea hore Jesu o nyefotse, ba ile ba leka ho etsa hore Pilato a ahlole Jesu ntle le ho batlisisa. Ba ile ba re: “Hoja monna enoa e ne e se mofosi, re ka be re sa nehelana ka eena ho uena.” (Johanne 18:29, 30) Pilato o ile a qhelela lebaka leo la bona ka thōko, eaba Bajuda ba qobelleha hore ba fane ka qoso e ncha: “Re fumane monna enoa a khelosa sechaba sa habo rōna ’me a hanela ho lefshoa ha makhetho ho Cesare ’me a re ke eena Kreste morena.” (Luka 23:2) Joale qoso ea hore o nyefotse e ile ea be e se e fetoloa ka bolotsana, eaba ho se ho thoe ke lehlaba-phio.

Qoso ea hore o “hanela ho lefshoa ha makhetho” e ne e se ’nete ’me le ba mo qosang ba ne ba tseba seo. Jesu o ne a ruta batho se fapaneng le seo. (Matheu 22:15-22) Ha e le tabeng ea hore Jesu o iketsa morena, ka potlako Pilato o ile a bona hore monna eo ea neng a eme ka pel’a hae o ne a ke ke a ba kotsi ’musong oa Roma. O ile a re: “Ha ke fumane molato ho eena.” (Johanne 18:38) Ha nyeoe e ntse e tsoela pele, Pilato o ile a ema mantsoeng ao a hae.

Qalong Pilato o ile a leka ho lokolla Jesu ka ho sebelisa monyetla oa hore ka tloaelo ho ne ho lokolloa motšoaruoa ka Paseka. Leha ho le joalo, Pilato o ile a qetella a lokolotse Barabase ea neng a tšoaretsoe bofetoheli le ho bolaea.—Luka 23:18, 19; Johanne 18:39, 40.

Joale ’musisi eo oa Moroma o ile a etsa ntho eo ha e le hantle a neng a sa batle ho e etsa moo a lekang hape ho lokolla Jesu. O ile a etsa hore Jesu a shapuoe, a apesoe bopherese, a roesoe moqhaka oa meutloa, a be a otloe le ho songoa. Eaba ka mor’a moo o boetse o bolela hore Jesu ha a na molato. Ha e le hantle e ne eka Pilato o re: ‘Baprista, na see ha sea le khotsofatsa?’ Mohlomong o ne a tšepile hore ha ba bona monna eo a se a tšabeha ke maqeba a ho shapuoa ke Baroma, ba ne ba tla mo qenehela kapa ba khotsofale ebe ha ba sa batla ho iphetetsa. (Luka 23:22) Leha ho le joalo, ha hoa ka ha e-ba joalo.

“Pilato a ’na a tsoela pele a batla kamoo a ka mo lokollang kateng [Jesu]. Empa Bajuda ba hooa, ba re: ‘Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Cesare. Motho e mong le e mong ea iketsang morena o bua Cesare hampe.’” (Johanne 19:12) Cesare oa mehleng eo e ne e le Tiberiuse, moemphera ea neng a tumme ka ho bolaea leha e le mang eo a neng a nka hore ha a tšepahale—esita le haeba e le molaoli ea boemong bo phahameng. Kaha Pilato o ne a se a ntse a tenne Bajuda, ha aa ka a batla ho qabana le bona le ho feta, le hona ha aa ka a batla ho ipeha kotsing ea hore a nkoe a sa tšepahale. Mantsoe a mokhopi oo ha e le hantle e ne e le ho mo tšosa—a ne a mo qobella hore a etse ntho hobane a tšaba—’me Pilato o ile a fela a tšoha. O ile a liha molala eaba o lumella hore Jesu ea neng a se na molato a khokhotheloe.—Johanne 19:16.

Ho Hlahloba Bopaki Bocha

Bahlalosi ba bangata ba lintho tsa molao ba ’nile ba hlahloba tlaleho ea Likosepele nyeoeng ea Jesu. Ba fihletse qeto ea hore e bile nyeoe e khopamisitsoeng le e hlokang toka ka ho fetisisa. Leqoetha le leng le itse: “Taba ea hore nyeoe eo e ile ea qala ea ba ea fela, kahlolo ea ba ea lihuoa pakeng tsa khitla le lihora tsa hoseng, e ne e sa lumellane le melao ea Baheberu hammoho le melao-motheo ea toka.” Moprofesa e mong oa molao eena o re: “Nyeoe eo kaofela e ile ea tšoaroa ka tsela e seng molaong le e sa tloaelehang hoo ha e le hantle ho ka thoeng ba neng ba tšoere nyeoe eo ke bona ba mo bolaileng.”

Jesu o ne a se molato. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore o ne a lokela ho shoa e le hore a pholose batho ba mamelang. (Matheu 20:28) O ne a rata toka haholo hoo a ileng a lumela hore a nyefoloe ka ho hloka toka hohle ho kileng ha e-ba teng. O entse seo molemong oa rōna baetsalibe. Ha rea lokela ho lebala sena le ka mohla.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Likereke tse ipitsang tsa Bokreste li ’nile tsa sebelisa tlaleho ea Likosepele e buang ka lefu la Jesu hampe, tsa hlohlelletsa batho hore ba hloee Bajuda, e leng seo maikutlo ao bangoli ba Likosepele ba neng ba se na ’ona, etsoe bona ka bobona e ne e le Bajuda.

^ ser. 11 Ho nyefola ho ne ho akarelletsa ho se sebelise lebitso la Molimo ka tlhompho kapa ho inkela matla kapa bolaoli bo tšoanelang Molimo feela. Ba qosang Jesu ha baa ka ba fana ka bopaki ba hore o ne a entse joalo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

 Melao ea Bajuda Makholong a Qalang a Lilemo

Lineano tsa Bajuda, tseo hamorao li ileng tsa ngoloa makholong a qalang a lilemo C.E., tseo ho lumeloang hore ke tsa khale ka ho fetisisa, li akarelletsa melao ena e latelang:

▪ Haeba nyeoe e ne e le eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu, ho ne ho qaloa ka hore ho mameloe mabaka a buellang moqosuoa

▪ Baahloli ba ne ba lokela ho leka ka hohle ho pholosa moqosuoa

▪ Baahloli ba ne ba ka buella moqosuoa empa ba ne ba ke ke ba bua khahlanong le eena

▪ Lipaki li ne li lemosoa ka botebo ba karolo eo li e phethang

▪ Lipaki li ne li fana ka bopaki ka bomong, eseng moo tse ling li leng teng

▪ Bopaki bo ne bo lokela ho lumellana lintlheng tsohle tsa bohlokoa—letsatsi, sebaka, nako ea ketsahalo le tse ling

▪ Haeba nyeoe e ne e le eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu, e ne e lokela ho qala motšehare ’me e phethoe motšehare

▪ Haeba nyeoe e ne e le eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu, e ne e sa lokela ho tšoaroa letsatsing la pele ho Sabatha kapa mokete

▪ Haeba nyeoe e ne e le eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu, e ne e ka qaloa e be e phethoe ka letsatsi le le leng haeba moqosuoa a ne a fumanoa a se molato; empa haeba a le molato, nyeoe e ne e ka phethoa letsatsing le hlahlamang ha qeto ea lekhotla e phatlalatsoa ’me ho phethahatsoa kahlolo

▪ Haeba nyeoe e ne e le eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu, e ne e sebetsoa bonyane ke baahloli ba 23

▪ Moahloli e mong le e mong o ne a e-ba le monyetla oa hore a khethe hore na moqusuoa a lokolloe kapa a ahloloe, ho qaloa ka e monyenyane ho bona; bangoli ba ne ba ngola mantsoe a ba batlang hore a lokolloe le a ba batlang hore a ahloloe

▪ Moqosuoa o ne a ka lokolloa haeba baahloli ba reng ha a molato ba feta ba reng o molato ka a le mong, empa o ne a ka ahloloa haeba baahloli ba reng o molato ba feta ba reng ha a molato ka ba babeli ho ea holimo; haeba ba reng o molato ba ne ba feta ba reng ha a molato ka a le mong, ho ne ho tla ’ne ho eketsoe ka ba babeli ho fihlela ho ka etsoa qeto e molaong

▪ Molao o ne o sa lumelle lekhotla hore le etse qeto ea hore moqosuoa o molato haeba ho se moahloli leha a le mong feela ea mo buellang; ha baahloli ba ne ba ka lumellana kaofela hore moqosuoa o molato, ho ne ho nkoa seo e le “pontšo ea hore ho na le ’momori”

Lintho Tse Neng li se Molaong Nyeoeng ea Jesu

▪ Lekhotla ha lea ka la mamela mabaka a mo buellang kapa lipaki tse mo buellang

▪ Ha ho moahloli leha a le mong ea ileng a leka ho buella Jesu; kaofela e ne e le lira tsa hae

▪ Baprista ba ile ba batla lipaki tsa leshano e le hore Jesu a ahloleloe lefu

▪ Nyeoe e ile ea sebetsoa bosiu ka sekhukhung

▪ Nyeoe e ile ea qaloa ea ba ea phethoa ka letsatsi le le leng, letsatsing la pele ho mokete

▪ Jesu o tšoeroe a sa ka a qosoa kapa ho se ea ileng a hlahlela nyeoe

▪ Taba ea hore Jesu o itse ke Mesia, e ileng ea nkoa e le ho “nyefola,” ha ea ka ea hlahlojoa

▪ Ho ile ha fetoloa qoso ha nyeoe e isoa ho Pilato

▪ Seo ba neng ba mo qosetsa sona e ne e le leshano

▪ Pilato o ile a fumana Jesu a se molato empa o ile a ’na a lumella hore a ahloloe

[Lebokose le leqepheng la 22]

Lipaki li ne li ka ba Molato oa Mali

Makhotleng a Bajuda, pele lipaki li ka fana ka bopaki, li ne li fuoa temoso ena mabapi le bohlokoa ba bophelo linyeoeng tseo ho tsona motho a ka ahloleloang lefu:

“Mohlomong morero oa hao ke ho fana ka bopaki u itšetlehile ka ho hakanya, ka bo-ba-re, kapa ka seo paki e ’ngoe e se buileng; kapa e ka ’na eaba u ntse u re, ‘Re e utloile mohloling o tšepahalang’; kapa mohlomong ha u tsebe hore qetellong re tlil’o u fatisisa ka mekhoa e loketseng ea ho u hloma lipotso le ho hlahloba bopaki ba hao. U lokela ho tseba hore melao ea nyeoe ea tšenyo ea thepa e fapane le ea nyeoe eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu. Nyeoeng ea tšenyo ea thepa, ho koaheloa molato oa motho ka hore a lefe chelete. Nyeoeng eo ho eona motho a ka ahloleloang lefu, mali a hae [moqosuoa ea ahlotsoeng ka phoso] le a leloko lohle la hae le neng le tla hlaha, a matsohong a hae [ea fanang ka bopaki ba leshano] ho ea ho ile.”—Babylonian Talmud, Sanhedrin, 37a.

Haeba moqosuoa a fumanoe a le molato, lipaki li ne li lokela ho phethahatsa kahlolo.—Levitike 24:14; Deuteronoma 17:6, 7.