Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Fumana Thuso Hokae e le Hore re Sebetsane le Mathata a Mehleng Ee?

Re ka Fumana Thuso Hokae e le Hore re Sebetsane le Mathata a Mehleng Ee?

Puo ea Phatlalatsa e Khethehileng

Re ka Fumana Thuso Hokae e le Hore re Sebetsane le Mathata a Mehleng Ee?

Likeletso li fumaneha hohle lefatšeng. Batho ba bangata ba bala libuka kapa ba shebella mananeo a thelevishene a fanang ka likeletso mabapi le ho rarolla mathata. Leha ho le joalo, mathata ’ona a ntse a tsoela pele. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ruri ho na le mohloli o tšepahalang oo nka fumanang tataiso ho oona?’ Karabo ke e!

Le hoja Bibele e ngotsoe lilemong tse likete tse fetileng, e na le melao-motheo e sa felloeng ke nako e arabang lipotso tse kang tsena:

▪ Nka rarolla likhohlano joang ke be ke sebelisane hantle le ba bang?

▪ Ke joang nka fumanang thabo?

▪ Nka sebetsana joang le mathata a lichelete?

▪ Nka imoloha joang linthong tse ntšoenyang?

Karabo ea lipotso tsena e tla tšohloa puong ea phatlalatsa e reng “Melao-motheo ea Bibele—Na e ka re Thusa ho Sebetsana le Mathata a Kajeno?” Puo ena e thehiloeng Bibeleng e tla fanoa lefatšeng ka bophara linaheng tse fetang 230. Libakeng tse ngata, e tla fanoa Liholong Tsa ’Muso Tsa Lipaki Tsa Jehova ka Sontaha sa la 1 May, 2011.

Lipaki tse sebakeng sa heno li tla thabela ho u tsebisa nako le sebaka seo e tla fanoa ho sona. U mengoa ka mofuthu hore u be teng.