Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E ne e Utloahala Eka ke ’Mino o Monate

E ne e Utloahala Eka ke ’Mino o Monate

Lengolo le Tsoang Madagascar

E ne e Utloahala Eka ke ’Mino o Monate

’NA LE monna oa ka re ne re leba kabelong ea rōna e ncha ea boromuoa sehlekehlekeng sa Madagascar. Re ile ra fonanisa batho la ho qetela eaba re thiba likeleli le ho leka ho ba sebete, re kholisehile hore Jehova o tla re jala moo a tsebang hore re tla mela teng.

Le ka mohla re ke ke ra lebala mohla re neng re qala ho ea libokeng ha re fihla kabelong ea rōna e ncha. Mor’abo rōna ea tsamaisang Thuto ea Molula-Qhooa e ne eka o tsamaisa sehlopha sa ’mino oa liletsa. Re ne re sa utloe letho hoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e buuoa e neng eka ke ’mino o monate. Ho ne ho tla re nka nako e telele pele re ka utloisisa hore na ho ntse ho thoe’ng.

Lekhetlo la pele ha ke utloisisa potso ea motsamaisi e leng sieo serapeng, ke ile ka ikutloa ke se ke phasolohile feela ho e araba. Ba haufi le ’na ba ile ba nkutloa ’me ke ile ka beha letsoho molomong e le ho thiba litšeho. Ke ne ke soabile empa le teng ke thabetse hore ke ne ke hlile ke utloile hore na ho thoe’ng.

Ho e-na le hore ebe ke ’na ea behelang ba bang mohlala tšebeletsong, ke ne ke utloa hore ke ’na ea thusoang. Bara le barali babo rōna ba ile ba mpolella ka lerato hore na ke bue joang ka tsela eo batho ba tla e utloisisa tšimong, ba mpolella hore na ke re’ng le hore na ke sebelise mangolo afe.

Ke hopola ka le leng ha re ne re le tšimong ngoana e mong a hoeletsa a re, “Vazaha! Vazaha!” Lena ke lentsoe la Malagasy le bolelang “molata.” Re ile ra tsamaea ka potlako kaha re ne re tšaba hore bana ba bang ba tla mo tlatsa. Moshanyana e mong o ile a khalemela ngoana eo ea neng a hoeletsa. O ile a re: “Hase molata, o tseba ho bua puo ea rōna!” Morali’abo rōna ea neng a e-na le ’na o ile a mpolella hore na ba ne ba re’ng kaha ba ne ba bua ka potlako hoo ke neng ke sa utloisise seo ba se buang. Leha ho le joalo, seo se ile sa ntiisa lengole. Qetellong ke ile ka qala ho utloa eka joale Madagascar e se e le lapeng.

Hangata ha ke ne ke ikutloa eka ke lahlehile, ke ne ke utloa letsohonyana la ngoana le tšoara la ka, e re ha ke sheba fatše ke bone sefahleho se bososelang, se bonahalang se thabetse ho mpona le hoja re sa utloane ka puo. Ruri bana ka phuthehong ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. Morali e mong oabo rōna ea sa leng monyenyane, ea bitsoang Hasina, ke eena ea ntolokelang. Ha ho se na motho ea nkutloang hore na ke re’ng, ho bonahala eena a nkutloa. Hangata ke eena ea nthusang ha ke leka ho qoqa le metsoalle ka phuthehong, ke eena ea ba hlalosetsang hore na hantle-ntle ke leka ho re’ng.

’Na le mohats’a ka re fihletse phuthehong e neng e tlil’o aroloa ho theha e ’ngoe e ncha. Sena se ne se bolela hore ba bang ba batho ba ithutang Bibele ba ne ba lokela ho fetisetsoa ho ba bang ba lulang tšimong ea phutheho e ncha. Morali e mong oabo rōna o ile a nkhothalletsa hore ke ithute le motho eo a neng a ntse a ithuta Bibele le eena. Ke ne ke tšaba ho etsa joalo, eaba ke re ha ke e-s’o loke hantle, empa o ile a tsitlella. O ile a ntiisetsa hore ke tla khona ka thuso ea Jehova. O ile a ncheba ka mahlo a bonolo le a tletseng mosa, a bua ka tsela eo nka khonang ho e utloisisa, a re ke se ke ka khathatseha, e se khale ke tla be ke khona ho ruta ba bang ka tsela eo ke e batlang. Mantsoe ao a ile a nkhothatsa haholo.

Ho tloha nakong eo, motho eo o tsoetse pele hantle ho ithuteng Bibele. Ka letsatsi le leng ha ke le ka ntle, ke ile ka utloa motho a mpitsa. E ne e le eena le monna oa hae, ba le tseleng ho ea tiisa lenyalo la bona. Monna oa hae o se a qalile ho ithuta, ’me ba na le lintho tse ’maloa tseo ba batlang ho li finyella tse amanang le borapeli, tse akarelletsang ho kolobetsoa. Sena se ntlisetsa thabo e khōlō, le hoja ke tseba hore hase rōna empa ke Jehova ea hulelang batho ho eena.

Re ithutile lintho tse ngata kabelong ena e ncha. Le hoja re ntse re hopola metsoalle le beng ka rōna bao re ba siileng hae, re utloa eka re ntse re e-na le ba bang ba bona koano. Re atisa ho bua ka bona ho bara le barali babo rōna hoo hona joale ba seng ba bile ba re botsa hore na ba ntse ba ea joang. Re ka rata hore ka le leng “lelapa” lena labo rōna la Madagascar le kopane le lelapa labo rōna la sebele.

Le kajeno, ha batho ba bua ke ntse ke utloa eka ke “’mino” o monate. Phapang feela ke hore ke se ke utloisisa mantsoe. Ke lebeletse pele nakong eo le ’na e tla re ha ke bua ho tla utloahala eka ke ’mino o monate ho e-na le hona joale ha ke nepa mantsoe mona le mane ke tlaila linoto tsa ’mino ona o monate. Jesu o itse: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.” (Matheu 6:34) Ka hona, re tla tsoela pele re ithuta “noto” kapa lentsoe le le leng ka nako. Hajoale ke tla hloaea tsebe, ke lokise kelello ea ka le pelo e le hore ke tle ke khone ho sebetsa hammoho le bara le barali beso ba nang le mamello le ba lerato mona Madagascar.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

’Na le Hasina ha re bolela litaba tse molemo