Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na molimo o na le Mokhatlo oo a o Sebelisang?

Na molimo o na le Mokhatlo oo a o Sebelisang?

Na molimo o na le Mokhatlo oo a o Sebelisang?

PŌPO eohle ea Molimo e bontša hore o hlophisehile. Tlhophiso e joalo ha e bonahale linthong tseo a li bōpileng tseo re li bonang feela. Bibele e bontša hore mangeloi leholimong le ’ona a hlophisehile hantle ka tsela e lumellanang le eo ’Mōpi a e rerileng. Moprofeta Daniele o ile a ba le pono eo ho eona a ileng a bona mangeloi a mangata-ngata lebaleng la Molimo le leholimong, ’me a re: “Ho ne ho e-na le ba likete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa, le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.” (Daniele 7:9, 10) Nahana feela hore na e tlameha ebe lintho li hlophisehile hakaakang hore ebe mangeloi a mangata hakana—a fetang limilione tse lekholo—a mamela Molimo le ho phetha thōmo ea hae molemong oa bahlanka ba hae ba mona lefatšeng!—Pesaleme ea 91:11.

Le hoja ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, e le Mohlophisi ea Phahameng ka ho Fetisisa, ha a khopo ebile hase hore hoa hae ke ho lula a behela batho melao e sa feleng. Ho e-na le hoo, ke Molimo ea mosa le ea thabileng ea batlang hore lintho tsohle tseo a li bōpileng li phele hantle ka boiketlo. (1 Timothea 1:11; 1 Petrose 5:7) Sena se bonahetse tseleng eo a neng a sebelisana le sechaba sa boholo-holo sa Baiseraele ka eona hammoho le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.

Iseraele ea Boholo-holo e ne e le Sechaba se Hlophisitsoeng Hantle

Jehova Molimo o ile a sebelisa Moshe ho hlophisa Baiseraele bakeng sa borapeli ba ’nete. Ak’u nahane feela ka tsela eo ho neng ho hlophisitsoe ka eona hore ba hlome liahelo ha ba ntse ba le lefelleng la Sinai. Ho hlakile hore e ka be e bile moluba-lube feela haeba lelapa le leng le le leng le ne le lumelloa hore le hlome tente ea lona hohle moo le ratang. Jehova o ile a fana ka litaelo tse qaqileng tsa hore na moloko o mong le o mong o hlome liahelo hokae. (Numere 2:1-34) Molao oa Moshe o ne o boetse o e-na le litaelo tse qaqileng mabapi le bophelo bo botle ba ’mele le bohloeki—ka mohlala, o ne o qaqile tabeng ea hore na ho etsoe eng ka mantle a batho.—Deuteronoma 23:12, 13.

Ha Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, e ne e le sechaba se hlophisehileng hantle haholo linthong tse ngata. Sechaba seo se ile sa aroloa ka meloko e 12, o mong le o mong o abetsoe karolo e itseng ea naha. Molao oo Jehova a neng a o file sechaba seo ka Moshe o ne o akarelletsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amehang bophelong ba batho—borapeli, lenyalo, lelapa, thuto, khoebo, lijo, temo, ho hlokomela liphoofolo le tse ling. * Le hoja melao e meng e ne e tobile ebile e hlakisitsoe hantle, kaofela ha eona e ne e le pontšo ea hore Jehova o tsotella batho ba hae o bile o etsa ho itseng hore ba thabe. Ha Baiseraele ba ne ba mamela litokisetso tseo tse lerato, Jehova o ne a ba amohela.—Pesaleme ea 147:19, 20.

Le hoja e le ’nete hore Moshe e ne e le moeta-pele ea nang le neo, ho atleha kapa ho hlōleha ha hae ho ne ho sa itšetleha ka bokhoni ba hae ba ho etella pele, empa ho ne ho itšetlehile ka hore a tšepahale ka ho feletseng mokhatlong oa Molimo. Ka mohlala, Moshe o ile a etsa qeto joang, ea hore na ho tsamauoe ka tsela efe lefelleng? Jehova o ile a fana ka tataiso ka topallo ea leru motšehare le topallo ea mollo bosiu. (Exoda 13:21, 22) Le hoja Jehova a ne a sebelisa batho, ke eena ka boeena ea neng a hlophisa le ho tataisa batho ba hae. Ho bile joalo le lekholong la pele la lilemo.

Bakreste ba Pele ba ne ba Hlophisitsoe Hantle

Ho ile ha thehoa liphutheho tsa Bokreste likarolong tse ngata tsa Asia le Europe lekholong la pele la lilemo, ka lebaka la baapostola le barutuoa ba neng ba bolela litaba tse molemo ka cheseho. Le hoja liphutheho tsena li ne li qhalakane, e ne e se lihlopha tse arohaneng, tseo se seng le se seng se neng se iketsetsa kamoo sona se ratang. Ho e-na le hoo, li ne li hlophisitsoe hantle li bile li rua molemo kalosong e lerato ea baapostola. Ka mohlala, Pauluse o ile a roma Tite Kreta ho ea “hlophisa tse saletseng” moo. (Tite 1:5, Bibele—Phetolelo e Ncha) Hape Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Korinthe, a ba bolella hore bara ba bang babo bona ba ne ba e-na le “tsebo ea ho hlophisa lintho,” kapa e ne e le “bahlophisi.” (1 Bakorinthe 12:28, The New Testament in Modern Speech; The Bible in Contemporary Language) Empa ke mang ea neng a hlile a entse hore tlhophiso eo e be teng? Pauluse o ile a re “Molimo o ile a kopanya,” kapa a “hlophisa” phutheho.—1 Bakorinthe 12:24; The Riverside New Testament.

Balebeli ba khethiloeng phuthehong ea Bokreste ba ne ba sa iketse marena ho balumeli-’moho le bona. Ho e-na le hoo, e ne e le “basebetsi-’moho” ba neng ba latela tataiso ea moea oa Molimo, ’me ho ne ho lebeletsoe hore e be “mehlala ho mohlape.” (2 Bakorinthe 1:24; 1 Petrose 5:2, 3) Ke Jesu Kreste ea tsositsoeng, eseng motho feela tjee kapa sehlopha sa batho ba sa phethahalang, eo e leng “hlooho ea phutheho.”—Baefese 5:23.

Ha phutheho ea Korinthe e qala ho etsa lintho ka tsela e fapaneng haholo le ea liphutheho tse ling, Pauluse o ile a e ngolla: “Eng? Na ke ho lōna moo lentsoe la Molimo le ileng la tsoa, kapa na ke feela ho fihlela ho lōna moo le ileng la fihla?” (1 Bakorinthe 14:36) Pauluse o ile a sebelisa potso eo e fatang maikutlo e le ho lokisa tsela eo ba nahanang ka eona, hape e le ho ba thusa hore ba utloisise hore ha baa lokela ho iketsetsa ka tsela ea bona ba le bang. Liphutheho li ile tsa hōla tsa ba tsa matlafala ha li latela tataiso ea baapostola.—Liketso 16:4, 5.

Pontšo ea Lerato la Molimo

Ho etsahala’ng kajeno? Ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho ikopanya le mokhatlo o itseng oa bolumeli. Leha ho le joalo, bopaki bo ka Bibeleng bona bo bontša hore haesale Molimo a sebelisa mokhatlo oa hae ho phethahatsa morero oa hae. O ile a hlophisa barapeli ba hae Iseraele ea boholo-holo ’me o ile a ’na a hlophisa le borapeli ba Bakreste ba pele.

Ka hona, na hase ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore Jehova Molimo e ntse e le eena ea tataisang batho ba hae joaloka nakong e fetileng? Taba ea hore barapeli ba hae ba hlophisehile ebile ba momahane ke pontšo ea hore o ba hlokomela ka lerato. Kajeno, Jehova o sebelisa mokhatlo oa hae ho phethahatsa morero oa hae ka moloko oa batho. Mokhatlo oa hae o ka khetholloa joang? Hlahloba lintlha tse latelang.

Bakreste ba ’nete ba hlophisitsoe hantle hore ba finyelle mosebetsi o itseng. (Matheu 24:14; 1 Timothea 2:3, 4) Jesu o laetse balateli ba hae hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lichabeng tsohle, e leng mosebetsi o neng o ke ke oa khoneha haeba ho ne ho se na mokhatlo o hlophisang mosebetsi oo lefatšeng ka bophara. E le ho etsa mohlala, u ka fepa motho a le mong habonolo feela, empa haeba u tlameha ho fepa batho ba likete-kete, kapa bona ba limilione, ho hlakile hore u tla lokela ho ba le sehlopha se hlophisitsoeng hantle sa batho ba sebetsang ba momahane. E le hore ba phethahatse thōmo ea bona, Bakreste ba ’nete ba sebetsa “ka mahetla a bapileng,” kapa “ba sebelisana hammoho tšebeletsong [ea Molimo].” (Sofonia 3:9; Byington) Na ho ne ho ka khoneha hore mosebetsi oo o etsoe lichabeng tsohle, lipuong tsohle le merabeng eohle haeba ho ne ho se na mokhatlo o hlophisehileng o etsang mosebetsi o momahane? Karabo e hlakile.

Bakreste ba ’nete ba hlophisitsoe hantle hore ba tšehetsane le ho khothatsana. Ha motho a hloa thaba a le mong, a ka iketsetsa qeto ea hore na o batla ho hloa le hokae, ebile ha ho na batho ba sa tsebeng ho hloa thaba hantle bao a lokelang ho ba hlokomela. Empa haeba a ka hlaheloa ke kotsi kapa a ba mathateng, bophelo ba hae bo ka ba kotsing e khōlō kaha ha ho na motho ea ka mo thusang. Ho itšehla thajana hase ntho e bohlale le hanyenyane. (Liproverbia 18:1) E le hore Bakreste ba phethahatse thōmo ea Jesu, ba lokela ho thusana le ho tšehetsana. (Matheu 28:19, 20) Phutheho ea Bokreste e fa batho bohle thupelo e hlokahalang haholo ea Bibele, ea ba koetlisa ebile ea ba khothatsa e le hore ba tsoele pele, ba se ke ba khathala. Motho o ne a tla ea hokae hore a fumane thupelo ka litsela tsa Jehova haeba ho ne ho se na liboka tsa Bokreste tse hlophisitsoeng bakeng sa ho ruta le ho rapela hammoho?—Baheberu 10:24, 25.

Bakreste ba ’nete ba hlophisitsoe hantle hore ba sebeletse Molimo ba momahane. Ha linku tsa Jesu li mamela lentsoe la hae, e ba “mohlape o le mong” o tataisoang ke eena. (Johanne 10:16) Ha baa jalana hohle likerekeng kapa lihlopheng tse ikemetseng; ebile ha ba hohlane ka seo ba se rutang. Ho e-na le hoo, ba ‘bua ka tumellano.’ (1 Bakorinthe 1:10) E le hore re lule ka kutloano, re hloka tlhophiso ’me hore tlhophiso e be teng ho hlokahala mokhatlo. Ke mokhatlo o momahaneng feela oa bara ba motho o ka hlohonolofatsoang ke Molimo.—Pesaleme ea 133:1, 3.

Ba limilione ba keneng mokhatlong o lumellanang le litlhaloso tsena hammoho le tse ling tsa Bibele ba entse joalo ka lebaka la ho rata Molimo le ’nete ea Bibele ka lipelo tsa bona kaofela. E le sehlopha se hlophisitsoeng le se momahaneng, Lipaki Tsa Jehova li leka ho etsa thato ea Molimo lefatšeng ka bophara. Li kholisehile hore tšepiso ena ea hae ea phethahala: “Ke tla lula har’a bona ’me ke tsamaee har’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.” (2 Bakorinthe 6:16) Le uena u ka fumana tlhohonolofatso eo haeba u rapela Jehova Molimo u ikopantse le mokhatlo oa hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Sheba Insight on the Scriptures, Buka ea 2, leqepheng la 214-220, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho ne ho hlophisitsoe hantle hore na Baiseraele ba hlome liahelo tsa bona hokae

[Litšoantšo tse maqepheng a 14, 15]

Ho hlokahala tlhophiso e ntle e le hore mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle o etsoe

Mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo

Mosebetsi oa ho thusa ba oetsoeng ke koluoa

Likopano

Ho haha libaka tsa borapeli