Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bophelo bo Nang le Morero Hona Joale le ka ho sa Feleng

Bophelo bo Nang le Morero Hona Joale le ka ho sa Feleng

Bophelo bo Nang le Morero Hona Joale le ka ho sa Feleng

U KA fumana morero le hona joale bophelong. Joang? Ka hore u latele melao-motheo e utloahalang e fumanoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. A re hlahlobe e seng mekae feela ea eona.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: Morena Solomone o ile a ngola hore “ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”MOEKLESIA 2:24.

Re entsoe hore re khotsofale ha re etsa mosebetsi o ruisang molemo. Esita le haeba u le maemong a boima ka ho fetisisa, u ka ba le khotsofalo e itseng hona joale bophelong ka ho sebetsa ka thata le ka botšepehi.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”LIKETSO 20:35.

Ba bangata ba fumane hore ho etsetsa ba bang lintho—ka mohlala, ho ba tella nako ea bona le matla a bona e le hore ba ba thuse ha ba le mathateng—ho ipakile e le ntho e thabisang haholo ho bile ho entse hore ba be le morero oa sebele bophelong. Solomone o ile a ngola: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.”—Liproverbia 3:27.

Nahana ka mohlala oa Ralph. Ka mor’a hore a tlohele mosebetsi, o ile a ikopanya le mosali oa hae mosebetsing oa Bokreste oo eena a neng a ntse a o etsa oa ho qeta nako e ngata a bolella batho litaba tse molemo. Ka bobeli ba qeta lihora tse ngata khoeli le khoeli tšebeletsong, ba iteletse ho ruta ba bang Bibele. Ralph o re: “Mantsiboea a mang le a mang re fihla hae re khathetse, eseng hobane re se re tsofetse, empa hobane re sebelisitse matla ’ohle a rōna tšebeletsong ea Ntate oa rōna ea leholimong. Ke mokhathala o monate!” Eena le mosali oa hae ba thabile haholo hobane bophelong ba amehile ka ho fana.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”LIPROVERBIA 17:17.

Ho bonolo ho mamella mathata haeba ho e-na le eo u a jarisanang le eena. Francis Bacon, eo e leng sengoli sa meqoqo sa Lenyesemane, o ile a ngola hore batho ba se nang metsoalle ea sebele “ba tšoana le motho ea lahlehileng lehoatateng.” Ho ba le metsoalle ea sebele—hammoho le ho ba motsoalle oa sebele—ho ka etsa hore u mamelle bophelong; ho ka u thabisa ha ba ha u khotsofatsa.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”MATHEU 5:3.

Jesu o ile a bolela ntho ea bohlokoa e hlokahalang haeba u batla hore u thabele lintho tseo Molimo a li tšepisitseng—ela hloko “tlhoko [ea hao] ea moea” u be u e khotsofatse. Ho fapana le liphoofolo, rōna re na le tlhoko ea tlhaho ea ho batla ho utloisisa morero oa bophelo. Ke Jehova Molimo feela ea ka khotsofatsang tlhoko eo, ’me o etsa joalo ka Lentsoe la hae, Bibele. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Bibele e senola hore na morero oa Molimo ke ofe ka lefatše. E re bolella hore na ke hobane’ng ha re le mona, hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakana le hore na Molimo o lebeletse eng ho rōna. Ke habohlokoa hore re utloisise linnete tseo tsa Mangolo e le hore re phele ka tsela e nang le morero le e khotsofatsang. Ba iphang nako ea ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo ba ithutileng sona ba thabile. Hobane’ng? Hobane ka ho etsa joalo, ba etsa hore kamano ea bona le ’Mōpi oa rōna, “Molimo ea thabileng,” Jehova, e be e matla.—1 Timothea 1:11.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “U hopole ’Mōpi oa hao . . . pele matsatsi a tlokotsi a tla, kapa lilemo li fihla ha u tla re: ‘Ha ke li thabele.’”MOEKLESIA 12:1.

Keletso eo Morena Solomone a e fang bacha, bao e ka ’nang eaba ha ba e-s’o elelloe hore qetellong bophelo bo tlisa litlokotsi, le rōna ea re ama. Ela hloko ’Mōpi oa hao bophelong. Ke eona ntho e tla u fa morero bophelong. U se ke ua ba le boikutlo bona: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Moeklesia 8:12 e re haeba u beha Molimo pele bophelong, lintho tsa hao “li tla tsamaea hantle.”

Moroetsana e mong ea bitsoang Wendi o ile a hlokomela hore seo ke ’nete. Ha a sa le monyenyane, eena le ngoan’abo ba ile ba ithuta Sepanishe e le hore ba ka fallela Dominican Republic, moo ho neng ho hlokahala baboleli ba eketsehileng ba litaba tse molemo tsa Bibele. O re: “Re ile ra tela lintho tse ngata e le hore re e’o sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo, empa eo e bile nako e monate haholo. Ha ho na letho le leng leo ke nkang hore le molemo ho feta seo ke ileng ka se etsa likhoeling tseo tse tšeletseng! Litlhohonolofatso tseo re ileng ra li fumana li feta hōle lintho tseo re ileng ra li tela.”

Ho Tšepahala ho Molimo ho Etsa Hore Bophelo bo be le Morero

Ho haha kamano e ntle le Jehova ho ka etsa hore bophelo ba hao bo be le morero ka tsela e ikhethang haholo. Joang? Satane ha aa ka a etsa hore Adama le Eva ba fetohele molao oa Molimo feela, empa o ile a boela a fana ka maikutlo a hore ha ho motho ea ka lulang a tšepahalla Molimo haeba a lekoa. (Jobo 1:9-11; 2:4) U ka thusa tabeng ea ho paka hore Satane o leshano! Joang? Ka ho lula u tšepahala ho Molimo, ka ho lula u mamela melao-motheo ea hae le ka ho bontša hore u nka Jehova a e-na le tokelo e phahameng ea ho re bontša hore na se setle le se sebe ke sefe.—Tšenolo 4:11.

Re ka ’na ra tlameha ho mamella mathata haeba re batla ho tsoela pele tseleng e lokileng. Na mathata ao a tla etsa hore re se ke ra hlola re e-ba le morero bophelong? Nahana ho e-na le sera se khopo se senyang motsoalle eo re mo ratang lebitso kapa setho se seng sa lelapa. Haeba ho sireletsa lebitso la moratuoa eo oa rōna ho etsa hore sera seo se re bakele mathata, na seo se ne se tla etsa hore bophelo ba rōna bo se ke ba hlola bo e-ba le morero? Le hanyenyane! Re ne re tla mamella mathata ao e le hore re sireletse lebitso la motho eo re mo ratang. Ho joalo le ka ho lula re tšepahala ho Molimo. Ho tšepahala ha rōna tlas’a maemo a kajeno a mabe ha e le hantle ho thabisa pelo ea Molimo.—Liproverbia 27:11.

Bophelo bo Khotsofatsang ho ea ho Ile

Etsa sohle seo u ka se khonang ho ithuta ka Molimo le morero oa hae. Jesu Kreste ka boeena o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ha Molimo a phethahatsa morero oa hae oa tšimolong ka lefatše, batho ba tšepahalang ba tla thabela seo qalong Jehova a neng a ba reretse sona—“bophelo bo sa feleng” paradeising lefatšeng. Ka nako eo, ka sebele bophelo bo tla be bo e-na le morero bo bile bo khotsofatsa.—Pesaleme ea 145:16.

U ka fumana tsebo eo Jesu a buileng ka eona hokae? U ka e fumana Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, e leng Bibele. Haeba u ka rata ho fumana thuso tabeng ena, ka kōpo lokoloha ho ngolla bahatisi ba makasine ena. Ba tla thabela ho lokisetsa hore ho be le motho ea tla u thusa hore u ithute seo Bibele e hlileng e se rutang.