Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Eng eo Bana ba Lokelang ho e Rutoa?

Ke Eng eo Bana ba Lokelang ho e Rutoa?

Ke Eng eo Bana ba Lokelang ho e Rutoa?

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.”—2 TIMOTHEA 3:16.

BANA ba lokela ho rutoa ’nete ka Molimo. ’Nete eo ba ka ithuta eona hokae? Ba ka ithuta eona bukeng ea bolumeli e hlomphehang ka ho fetisisa lefatšeng, e leng Bibele.

Bibele e tšoana le lengolo le tsoang ho Molimo. Lengolong leo, Molimo o hlalosa botho ba hae, o bile o fana ka melao ea boitšoaro e tataisang bana bohle ba hae ba baholo le ba banyenyane. Ak’u hlahlobe tse ling tsa lithuto tse fumanoang ka Bibeleng hammoho le lintho tseo esita le bana ba banyenyane ba ka ithutang tsona.

Molimo o batla hore re tsebe’ng ka eena?

Seo Bibele e se rutang: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

Thuto: Molimo hase feela matla a itseng a se nang kameho ea botho, empa ke Motho oa sebele ea nang le lebitso la hae le mo khethollang.

Seo Bibele e se rutang: “Jehova o phenya lipelo tsohle, ’me o lemoha tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea menahano. Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane.”—1 Likronike 28:9.

Thuto: Jehova Molimo oa re tsotella kaofela ha rōna, haesita le bana. (Pesaleme ea 10:14; 146:9) O batla hore re ithute ka eena.

Seo Bibele e se rutang: “Le se ke la hlorisa . . . moshanyana ea se nang ntate. Haeba u ka mo hlorisa, joale haeba a ka hoeletsa ho ’na, ruri ke tla utloa mohoo oa hae.”—Exoda 22:22-24.

Thuto: Jehova o utloa le lithapelo tsa bana ba banyenyane. Re ka bua le Molimo ka linako tsohle ’me re mo tšollele maikutlo a lipelo tsa rōna.

Seo Bibele e se rutang: “Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo, ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.”—Pesaleme ea 78:41.

Thuto: Lipuo le liketso tsa rōna li ama Jehova maikutlo, ka hona, re lokela ho nahanisisa hantle pele re bua kapa re etsa ntho leha e le efe.

Re lokela ho tšoara batho ba fapaneng le rōna joang?

Seo Bibele e se rutang: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Thuto: Haeba Molimo o amohela batho ba merabe eohle, joale ha rea lokela ho khetholla batho ba bang hobane feela re fapane le bona ka lebala kapa ka sebōpeho.

Seo Bibele e se rutang: “Kamehla le [lule le] loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:15.

Thuto: Ha re tšohla litaba tsa bolumeli, re lokela ho itlhalosa ka tsela e bontšang hore re kholisehile, empa e le ka tsela e mosa. Hape re lokela ho hlompha batho ba malumeli a mang ba lumelang se fapaneng le seo rōna re se lumelang.

Re lokela ho tšoara litho tse ling tsa lelapa joang?

Seo Bibele e se rutang: “Bana, le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe, etsoe sena se khahlisa haholo Moreneng.”—Bakolose 3:20.

Thuto: Bana ba mamelang ha ba bontše feela hore ba rata batsoali ba bona empa ba boetse ba bontša hore ba batla ho thabisa Molimo.

Seo Bibele e se rutang: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”—Bakolose 3:13.

Thuto: Ka linako tse ling, re ka ’na ra soetsoa ke batho ba bang, haesita le litho tsa lelapa. Empa haeba re batla hore Molimo a re tšoarele, re lokela ho ithuta ho tšoarela ba bang.—Matheu 6:14, 15.

Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepahala le ho ba mosa?

Seo Bibele e se rutang: ‘Le lahle leshano, e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae.’—Baefese 4:25.

Thuto: Ha re bua ’nete, re etsisa Molimo ebile rea mo thabisa. Haeba re itloaetsa ho ’na re bua leshano, re tla tšoana le sera sa Molimo, Diabolose, e leng “ntate oa leshano.”—Johanne 8:44; Tite 1:2.

Seo Bibele e se rutang: “Tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.

Thuto: Re lokela ho nahanela maikutlo, menahano hammoho le se hlokoang ke litho tsa malapa a rōna, haesitana le batho ba bang. Haeba re ‘utloela [ba bang] bohloko,’ le bona ba ka ’na ba re tšoara ka mosa.—1 Petrose 3:8; Luka 6:38.

Joalokaha mehlala ena e bontša, thuto eo Bibele e fanang ka eona e ka thusa bana hore ha ba hōla e be batho ba ananelang, ba hlomphang le ba nang le kutloelo-bohloko. Empa joale, ke mang ea lokelang ho ruta bana baa lithuto tsee?