Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Armagedone ke Eng?

Armagedone ke Eng?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Armagedone ke Eng?

▪ Ha ho buuoa ka “Armagedone” batho ba bangata ba nahana ka timetso ea larita—ntoa ea nyutlelie, likoluoa tsa tlhaho tse bolaeang batho ba bangata kapa “Armagedone ea tikoloho” e bakiloeng ke ho futhumala ha lefatše. Tsela eo lentsoe lena le sebelisoang ka eona ka Bibeleng, ha le bolele leha e le ’ngoe ea lintho tsena. Joale ha Bibele e bua ka Armagedone, e bua ka eng?

Lentsoe “Armagedone” (“Har–Magedone”) le hlaha bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Le bolela ntoa e khethehileng, ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ eo ho eona “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” a itokisetsang ntoa ea makhaola-khang le Molimo. Mangolo a mang a mangata le ’ona a bua ka ntoa eo.—Tšenolo 16:14-16; Ezekiele 38:22, 23; Joele 3:12-14; Luka 21:34, 35; 2 Petrose 3:11, 12.

Liphello tsa ntoa ee e tla ba life? Ka puo ea tšoantšetso, buka ea Tšenolo e re: “Marena a lefatše le mabotho a ’ona a bokane ho loantša ea palameng pere le lebotho la hae.” Enoa “ea palameng pere” ke Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ea khethiloeng ke Molimo hore a etelle pele lebotho le leholo la bahlabani ba mangeloi hore ba hlōle lira tsa Molimo. (Tšenolo 19:11-16, 19-21) Jeremia 25:33 e senola hore na ke batho ba bakae ba sa tšabeng Molimo ba tla timetsoa, ha e re: “Ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba teng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho fihlela pheletsong e ’ngoe ea lefatše.”

Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Armagedone e loanoe? Lichaba li hana ho amohela bobusi ba Molimo, li tsitlella hore mebuso ea tsona ke eona e lokelang ho busa. (Pesaleme ea 24:1) Pesaleme ea 2:2 e bontša hore na li tella hakae ha e re: “Marena a lefatše aa ema [’me] balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le Jehova le khahlanong le motlotsuoa oa hae.”

Ha e le hantle, marabele ana a tšoana le baipehi bao ka manganga ba ipehang sebakeng seo e seng sa bona ’me ba se sebelisa hampe le ho se senya. Kajeno lichaba li senya lefatše li bile li silafatsa tikoloho ea lona. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele boemo bona bo soabisang, ha le re: “Lichaba tsa halefa, ’me khalefo ea [Molimo] ea tla.” Ka mor’a moo, Molimo o ne a tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) Molimo o entse qeto ea hore ntoa ea Armagedone ke eona e tla rarolla tseko ea hore na ke mang ea nang le tokelo ea ho busa batho bohle.—Pesaleme ea 83:18.

Ntoa ea Armagedone e tla qhoma neng? Mora oa Molimo o ile a bua mantsoe ana a hlakileng: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:36) Leha ho le joalo, ha Morena oa Mohlabani, e leng Jesu Kreste, a lemosa mabapi le Armagedone, o ile a re: “Bonang! Ke tla joaloka lesholu. Ho thaba ea lulang a falimehile.” (Tšenolo 16:15) Ka hona, ntoa ena ea lefatše lohle e tsamaisana le nako ea ho ba teng ha Kreste, e leng nako eo boprofeta ba Bibele bo bontšang hore re phela ho eona hona joale.

Armagedone e tla felisa feela batho ba tsitlellang bokhopong ba bona, empa ho tla ba le “bongata bo boholo” ba batho ba tla phonyoha. (Tšenolo 7:9-14) Ba tla bona ha mantsoe ana a phethahala: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

“Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata”