Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le Motho ea Hlohlelletsang Bokhopo Boo Bohle?

Na ho na le Motho ea Hlohlelletsang Bokhopo Boo Bohle?

Na ho na le Motho ea Hlohlelletsang Bokhopo Boo Bohle?

“KE ILE ka tšoara diabolose ka letsoho.” Sena ke se ileng sa buuoa ke moeta-pele oa lebotho la Machaba a Kopaneng le neng le le Rwanda, ha a hopola hore ha baa ka ba thibela polao e sehlōhō ea morabe naheng eo ka 1994. Motho e mong ea neng a shebeletse bokhopo bo feteletseng bo ileng ba etsoa ka nako eo, o ile a re: “Haeba ho na le motho ea sa ntseng a re Satane ha a eo, o tla ntšoara ka letsoho ha re teana Rwanda lebitleng leo ho patiloeng batho ba bangata ho lona.” Na ruri masetla-pelo a joalo ke mesebetsi ea Diabolose?

Batho ba bangata ha ba nke hore ha batho ba tsoa taolong ’me ba etsa liketso tse mabifi le tse sehlōhō ba susumetsoa ke sebōpuoa se itseng sa moea se khopo, se sa bonahaleng. Ba bangata ba nahana hore liketso tse joalo li bakoa ke bokhopo boo batho ba bōpeletsoeng le bona ’me ba re ntho e ka sehloohong e bakang bokhopo ke tšekamelo ea rōna ea ho etsa bokhopo. Ba bang ba nahana hore ho na le sehlopha sa batho ba ruileng le ba matla se sebetsang joaloka lequloana la sekhukhu lefatšeng lohle, se ’nileng sa laola batho ka lilemo tse mashome e le hore se buse lefatše. Hape, ho boetse ho na le batho ba behang mebuso ea linaha esita le baeta-pele molato ka lebaka la liketso tsohle tseo ba li bonang tsa ho hloka toka esita le mahlomola.

Uena u re’ng ka taba ee? Ke hobane’ng ha lefatšeng kajeno ho tletse bobe, bokhopo, masetla-pelo le mahlomola le hoja ho etsoa boiteko ba ho thibela lintho tsee? Ke hobane’ng ha ho bonahala eka batho ba mathela ho itšenyetsa bophelo, ba sa natse litemoso tseo ba li fuoang khafetsa? Na ho na le motho ea ba hlohlelletsang ho etsa joalo? Ha e le hantle ke mang ea busang lefatše? Karabo ea potso ena e ka ’na ea u makatsa.