Olivétan—“Mofetoleli e Monyenyane ea Ikokobelitseng” oa Bibele ea Sefora
Olivétan—“Mofetoleli e Monyenyane ea Ikokobelitseng” oa Bibele ea Sefora
Ka la 13 September, 1540, mapolesa a ne a ntse a phenyekolla ha Collin Pellenc. ’Me ka kamoreng e patehileng a ile a fumana litokomane tse itseng tse belaetsang. Har’a tsona ho ne ho e-na le buka e khōlō. Leqepheng la eona la bobeli, ho ne ho e-na le mantsoe a reng: “P. Robert Olivetanus, mofetoleli e monyenyane ea ikokobelitseng.” E ne e le Bibele ea Mawaldense. Collin Pellenc o ile a tšoaroa, a fumanoa a le molato oa bokhelohi a ba a chesoa a ntse a phela.
KA NAKO eo, naheng ea Fora hammoho le linaheng tse ling tsa Europe, Kereke e K’hatholike e ne e tsoma Bo-raliphetoho sa ntja le katse e le hore e felise lithuto tsa bona tseo ho neng ho boleloa hore ke tsa bolotsana. E mong oa Bo-raliphetoho bao ea neng a cheseha, e leng Guillaume Farel, o ne a ikemiselitse ho susumetsa batho ba buang Sefora hore ba lumellane le maikutlo a Martin Luther, eo e neng e le moeta-pele oa Phetohelo ea Boprostanta Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike. Farel, ea neng a tsoa Profinseng ea Dauphiné e Fora boroa-bochabela, o ne a tseba hore tsela e ka sehloohong ea ho fetola maikutlo a batho ke ho sebelisa boitsebiso bo ngotsoeng. Hore a finyelle sepheo sa hae, ho ne ho hlokahala hore a be le lipampitšana hammoho le Libibele. Empa ke bo-mang ba neng ba tla tšehetsa mosebetsi oo ka lichelete? E ne e ka ba bo-mang haese Mawaldense, e leng sehlopha sa bolumeli se neng se rata mosebetsi oa ho bolella batho ka Bibele?
Seboka sa Chanforan
Morao koana bohareng ba September 1532, barbes kapa baruti ba Mawaldense ba ile ba tšoara seboka, kapa kopano Chanforan, motsaneng o haufi le Turin, Italy. Lipuisano pakeng tsa Mawaldense le baeta-pele ba Phetohelo ena li ne li tsoetse pele ka lilemo tse ngata. Ka lebaka leo, Farel le batho ba bang ba ’maloa ba ile ba mengoa hore ba tle sebokeng seo. Mawaldense a ne a batla ho tseba hore na lithuto tsa ’ona li lumellana le tse rutoang ke Luther hammoho le barutuoa ba hae. *
Farel o ile a bua ka bokheleke le ka tsela e kholisang ha a le Chanforan. Ha baruti ba Mawaldense ba mo bontša Libibele tsa bona tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho ka puo ea habo bona, o ile a ba kholisa hore ba tšehetse khatiso ea Bibele ea Sefora ka lichelete. Ho fapana le phetolelo ea 1523 ea Lefèvre d’Étaples, e neng e fetoletsoe ho tloha Selatineng, Bibele ena e ne e tla fetoleloa ho tloha Seheberung le Segerikeng. Empa ke mang ea neng a ka khona ho etsa mosebetsi oo?
Farel o ne a tseba motho ea ka etsang mosebetsi oo. E ne e le Pierre Robert, empa o ne a tsebahala e le Olivétan, * e leng mohlankana ea hlahetseng tikolohong ea Picardy, Fora leboea eo e neng e le tichere. Olivétan e ne e le mong ka John Calvin, e leng e mong oa Bo-raliphetoho ba pele eo e neng e bile e le monna ea tšeptjoang. Hape o ne a ile a qeta lilemo tse ’maloa a le Strasbourg a ithuta ka hloko lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele.
Joaloka Farel le ba bang ba bangata, Olivétan o
ne a balehetse Switzerland. Metsoalle ea hae e ile ea mo kōpa ka tieo hore a amohele mosebetsi ona oa ho fetolela. Ka mor’a ho hana ka makhetlo a ’maloa, o ile a qetella a lumetse ho fetolela Bibele “ka Sefora ho ea kamoo e ngotsoeng kateng ka Seheberu le ka Segerike.” Ka eona nako eo, Mawaldense a ile a ntša chelete ea khauta ea likorone tse 500 ho tse 800 tse neng li hlokahala bakeng sa mosebetsi oa khatiso, ’me chelete eo e ne e le ngata haholo.Mokhoabane le Tsoere
Mathoasong a 1534, Olivétan o ile a lula a le mong Lithabeng Tsa Alps, eaba o qala mosebetsi oa hae a pota-potiloe ke “mesuoe e thōtseng,” e leng libuka tsa hae. Seithuti leha e le sefe sa mehleng ena se ne se ka khalla libuka tsa hae. Li ne li akha liphetolelo tsa Bibele tsa Sesyria, Segerike le Selatine, litlhaloso tsa bo-rabi, libuka tsa sebōpeho-puo sa Sekalde esita le libuka tse ling tse ngata. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore o ne a e-na le khatiso ea Bibele ea Seheberu sa pele e neng e hatiselitsoe Venice.
Olivétan o ile a sebelisa Bibele ea Sefora ea Lefèvre d’Étaples ha a fetolela seo ba bangata ba reng ke Testamente e Ncha, empa makhetlong a mangata o ne a sebelisa likarolo tse itseng tsa Bibele ea Segerike eo setsebi sa Modache, e leng Erasmus se ileng sa tiisa hore e nepahetse. Olivétan o ile a khetha mantsoe a neng a sa tšehetse maikutlo a Kereke e K’hatholike esita le taolo ea eona. Ka mohlala, o ile a khetha ho sebelisa “molebeli” ho e-na le “mobishopo,” “lekunutu” ho e-na le “sephiri” le “phutheho” ho e-na le “kereke.”
Karolong eo batho ba bangata ba reng ke Testamente ea Khale, Olivétan o ne a ikemiselitse ho fetolela Seheberu sa pele lentsoe ka lentsoe. Ha a soasoa o ile a re ho fetolela taba ho tloha Seheberung ho ea Seforeng ho tšoana le “ho ruta tsoere hore e bine joaloka mokhoabane o lentsoe le makherehloa”!
Libukeng tsa Seheberu, Olivétan o ile a fumana lebitso la Molimo le ngotsoe ka makhetlo a likete-kete ka Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo. O ne a khetha ho le fetolela e le “Rabosafeleng,” e leng lentsoe leo hamorao le ileng la hlaha khafetsa Libibeleng tsa Sefora tsa Maprostanta. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata, o ile a khetha ho sebelisa lebitso la “Jehova,” ’me habohlokoa le ho feta, o ile a le sebelisa ho Exoda 6:3.
Hoa hlolla hore ebe ka la 12 February, 1535, ka mor’a nako e ka etsang selemo feela, mofetoleli enoa o ile a bolela hore o qetile mosebetsi oa hae! Kaha o ile a bolela hore e ne e “se e le khale a jere joko ena [ea ho fetolela] a le mong,” ho hlakile hore selemong sa 1534/1535 o ne a fihlile sehlohlolong sa mosebetsi ona o boima, o sa khaotseng. Ka boinyenyefatso, mofetoleli enoa o ile a re: “Ke entse sohle se matleng a ka.” Ntho feela e neng e setse e ne e le ho hatisa Bibele ea pele ea Sefora e fetoletsoeng ho nahannoe ka lipuo tse neng li sebelisoa ha Bibele e qala ho ngoloa.
Setsi sa Khatiso sa Pirot
Joale ho hlahella Pierre de Wingle, eo hape a tsejoang e le Pirot Picard, eo e neng e le motsoalle oa Farel ebile e le Raliphetoho ea nang khoebo ea khatiso. Ka mor’a hore Kereke e K’hatholike e mo tsome sa ntja le katse motseng oa Lyon, o ile a lula Neuchâtel, Switzerland, ka 1533. O ile a sebelisa chelete ea Mawaldense ha a qala ho hatisa boitsebiso bo bongata boo ho neng ho boleloa hore bo khothalletsa borabele. Ka mohlala, lipolakate tse seollang ’Misa li ile tsa hatisoa setsing sa hae sa khatiso, ’me tse ling tsa tsona li ile tsa ba tsa fihla ho Morena Francis I oa Fora, eo e neng e le Mok’hatholike.
Mechine ea de Wingle e ile ea boela ea luma—lekhetlong lena e le ha e hatisa Bibele! E le hore ba
hatise ka potlako, batho ba bane kapa ba bahlano ba ne ba sebetsa ka mechine e ’meli ea khatiso, ba hlophisa litlhaku ebe baa hatisa. Qetellong, ka “selemo sa 1535, ka la 4 khoeling ea June,” de Wingle o ile a saena leqephe la mohatisi la Bibele ea Olivétan. Selelekeleng sa hae, mofetoleli enoa o ile a re buka ena ea hae e ngotsoe molemong oa balumeli ba mafutsana ba “hateletsoeng le ba imetsoeng” ke “lineano tsa lefeela.”Qetellong mosebetsi ona oohle o ile oa beha litholoana tse molemo. Phetolelo ena ea Sefora e monate le e bonolo, e ne e ntlafalitsoe ke hore e ngotsoe ka mongolo o balehang habonolo le ka bokheleke ’me maqephe a eona a arotsoe likarolo tse peli tse ngotsoeng ka mongolo o motenya ebile taba ea eona e arotsoe ka likhaolo le lirapa. Mongolo o ka lehlakoreng la leqephe o paka hore mofetoleli e ne e le setsebi. Selelekela sa buka ena, lihlomathiso, mathathamo le lithothokiso tse sebelisitsoeng, le tsona lia e khabisa. Qetellong ea buka ena, ho na le mantsoe a makhutšoanyane a ngotsoeng ka tsela ea lithothokiso a senolang hore “Mawaldense, a bolelang Kosepele, a nanabelelitse sechaba letlotlo lena.”
Buka Har’a Libuka . . . Empa e Rekoa ka Letheketheke
Ka nako e ’ngoe phetolelo ea Olivétan e ne e songoa, empa kajeno batho ba ntsoe-leng tabeng ea hore ka sebele ena ke buka e ngotsoeng ka tsela e tsoileng matsoho. Ho feta moo, ka lilemo tse makholo a mararo, phetolelo ea hae e ’nile ea sebelisoa ha ho fetoleloa Libibele tsa Maprostanta.
Le hoja ho ile ha hatisoa Libibele tsa Olivétan tse ka bang sekete, ha lia ka tsa rekoa hakaalo. Lebaka ke hore ho ne ho se na tsela e tsitsitseng ea ho li aba. Ho feta moo, puo ea Sefora e ne e fetoha ka potlako ka nako eo. Ho ne ho boetse ho le thata hore baboleli ba tsamaeang kapa batho ba e balang ka lenyele ba sebelise buka eo e khōlō ea boima ba lik’hilograma tse hlano.
Le hoja buka ena e ile ea ba ea fihla lelapeng la Collin Pellenc, Fora, joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena, ha e le hantle Bibele ea Olivétan e ile ea rekoa ka letheketheke. Ka 1670, hoo e ka bang lilemo tse lekholo le mashome a mahlano hamorao, lebenkeleng la libuka la Geneva, Bibele ena e ne e e-s’o fele.
“Mohloka-lebitso oa Moleleri”
Ha Olivétan a phethile mosebetsi oa hae, o ile a boela a pata mehlala. A itheha mabitso a mang eaba o sebelisa ’ona ha a ntlafatsa libuka tsa hae tsa Testamente e Ncha le likarolo tse ling tsa Testamente ea Khale. O ile a boela a ikakhela ka setotsoana mosebetsing o mong oo a neng a o rata—e leng oa ho ruta. Kaha e ne e le mosuoe ea tsotellang batho, o ile a ntlafatsa buka ea hae ea bana e bitsoang Instruction for Children, e neng e ba ruta litaba tsa boitšoaro e bile e ba ruta ho bala Sefora, ’me e thehiloe Mangolong ka ho feletseng. Le leng la mabitso ao a ileng a itheha ’ona libukeng tsa hae, ke Belisem de Belimakom, e bolelang “Mohloka-lebitso oa Moleleri.”
Olivétan o hlokahetse ka 1538 a sa tsoa ba ka holimonyana ho lilemo tse 30, ’me ho bonahala eka o hlokahalletse Roma. Kajeno ke batho ba ’maloa feela ba elelloang hore na mohlankana enoa oa setsebi oa Picardy o khathile tema ea bohlokoa hakae hore batho ba abeloe Bibele ea Sefora. Ke ka seoelo u ka fumanang lebitso la hae le hlaha libukeng tse hlalosang mantsoe, haeba le hlile lea hlaha. Mohlomong “mofetoleli [enoa] e monyenyane ea ikokobelitseng,” e leng Louys Robert, ea neng a boetse a tsejoa e le Olivétan, o ne a ka thabela seo!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 5 Hore u fumane leseli le mabapi le kamoo Bowaldense bo ileng ba koenngoa ke Phetohelo ena, sheba Molula-Qhooa oa March 15, 2002, leqepheng la 20-23.
^ ser. 7 Ha a hlaha, o ile a rehoa Louys Robert, eaba hamorao o itheha Pierre. Ho ka etsahala hore lebitso la hae la bosoasoi, e leng Olivétan, le utloahalang joaloka lentsoe la Senyesemane olive le bolelang mohloare, le amana le oli ea mohloare e ngata eo a neng a khantša ka eona bosiu ha a etsa mesebetsi ea hae e mengata.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Archives de la Ville de Neuchâtel, Suisse /Photo: Stefano Iori
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 19]
Left photo: Alain Leprince - La Piscine-musée, Roubaix / Courtesy of the former Bouchard Museum, Paris
Center and right: Société de l’Histoire du Protestantisme Français, Paris
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]
Société de l’Histoire du Protestantisme Français, Paris