Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a khetha ho fepa Baiseraele likoekoe ha ba le lefelleng?

Ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta, Molimo o ile a ba fepa likoekoe tse ngata ka makhetlo a mabeli.—Exoda 16:13; Numere 11:31.

Likoekoe ke linonyana tse nyenyane, tse ka bang bolelele ba lisenthimithara tse 18 ’me boima ba tsona e ka ba ligrama tse 100. Li qhotsetsa libakeng tse ngata tsa Asia bophirimela hammoho le Europe. Kaha ke linonyana tse fallang, li qeta mariha Afrika Leboea le Arabia. Nakong eo linonyana tsena li fallang, li haola le mabōpo a ka bochabela a Leoatle la Mediterranean ebe li feta Hloahloeng ea Sinai.

Ho latela The New Westminster Dictionary of the Bible, likoekoe “li fofa ka lebelo ebile e le ka bokhabane, ’me li nka monyetla ha moea o fokela moo li eang teng; empa ha o se o fokela hosele, kapa ha linonyana tsena li khathala ka lebaka la ho fofa nako e telele, kaofela ha tsona li ka oela fatše, moo li lulang li tsielehile.” Pele li tsoela pele ka leeto la tsona, li lokela ho lula moo letsatsi le le leng kapa a mabeli, kahoo ho bonolo hore litsomi li li tšoase. Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Egepeta e ne e romela nama ea likoekoe tse limilione tse tharo linaheng tse ling selemo le selemo.

Makhetlong a mabeli ao ka ’ona Baiseraele ba ileng ba feptjoa likoekoe, e ne e le nakong ea selemo. Le hoja likoekoe li ne li atisa ho feta tikolohong ea Sinai ka tsona linako tseo, ke Jehova ea entseng hore ‘moea o foke ka matla’ hore o khannele linonyana tsena kampong ea Baiseraele.—Numere 11:31.

“Mokete oa nehelo” oo ho buuoang ka oona ho Johanne 10:22 ke eng?

Mekete e meraro eo Molimo a neng a laetse Bajuda hore ba e etse ka linako tse itseng tsa selemo—e leng Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, Mokete oa Pentekonta le Mokete oa ho Bokella—e ne e e-ba ka linako tse latellanang, e leng mathoasong a nako ea selemo, bofelong ba nako ea selemo le nakong ea lehoetla. Leha ho le joalo, mokete oo Johanne 10:22 e buang ka oona o ne o tšoaroa “mariha” ’me e le sehopotso sa ho neheloa bocha ha tempele ea Jehova ka 165 B.C.E. O ne o tšoaroa ka matsatsi a robeli, ho tloha ka la 25 khoeling ea Kislev, ho elella nakong ea ha letsatsi le kena tlung mariha. Ho tlile joang hore mokete oo o be teng?

Ka 168 B.C.E., ’musi oa Mosyria oa lesika la Seleusia, e leng Antiochus IV (Epiphanes), o ne a ikemiselitse ho felisa borapeli ba Bajuda le meetlo ea bona, ’me a hahile aletare ea bohetene holim’a aletare e tempeleng ea Jehova, Jerusalema. O ne a etsetsa Zeus, e leng molimo oa Bagerike, mahlabelo holim’a aletare eo.

Ketso ena e ile ea qholotsa bofetoheli bo eteletsoeng pele ke Judas Maccabaeus. Moeta-pele enoa oa Bajuda o ile a boela a hapa Jerusalema ho Maseleusia eaba o laela hore aletare e neng e silafalitsoe e senngoe ’me ho hahuoe e ncha. Lilemo tse tharo hantle ka mor’a hore aletare ea pele e silafatsoe, Judas o ile a boela a nehela tempele e hloekisitsoeng ho Jehova. Ho tloha ka nako eo, Bajuda ba ’nile ba keteka ‘mokete ona oa nehelo’ (e leng, chanuk·kahʹ ka Seheberu) ka December. Kajeno, mokete oo o tsejoa e le Hanukkah.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Chelete ea tšepe e nang le setšoantšo sa Judas Maccabaeus, Lyon, 1553

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]

From the book Scripture Natural History. Illustrated. 1876