Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE ENG e ileng ea susumelletsa moroetsana e mong hore a khutlele bolumeling boo a hōlisitsoeng ka bona boo a ileng a bo tlohela? Ak’u ikutloele hore na o itlhalosa joang.

“Hona Joale ke Tseba Hantle Hore na ke Phelela’ng.”—LISA ANDRÉ

SELEMO SA TSOALO: 1986

NAHA EA HESO: LUXEMBOURG

PELE: KE NE KE LE NGOANA EA LEHLASOA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse Bertrange, motsana o hloekileng, o sireletsehileng le o atlehileng o haufi le toropo ea Luxembourg. Ke ’na khorula baneng ba bahlano. Batsoali ba ka ke Lipaki Tsa Jehova, ’me ba ile ba sebetsa ka thata ho re ruta ka botebo ka melao ea boitšoaro ea Bakreste, ’na le bo-abuti ba ka le bo-ausi oa ka.

Ha ke kena lilemong tsa bocha, ke ile ka qala ho ba le lipelaelo tse matla ka lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova. Qalong ke ile ka iphapanyetsa lipelaelo tseo, empa butle-butle tumelo ea ka ea ’na ea fokola. Batsoali ba ka ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ntataisetsa tseleng e nepahetseng, empa ke ile ka hana thuso eo ea bona. Le hoja batsoali ba ka ba ne ba sa tsebe, ke ne ke qeta nako e ngata le bacha ba bang bao ho hang ba neng ba sa rate ho laoloa. Ke ne ke batla ho ba le tokoloho eo ho neng ho bonahala eka ba na le eona ho latela tsela eo ba phelang ka eona. Re ne re ea liphathing hangata, re robala le bashanyana re bile re sebelisa lithethefatsi le joala hampe. Qalong ke ne ke thabela ho ba le batho bao ka hohle-hohle ba neng ba bonahala ba thabela bophelo.

Leha ho le joalo, bonneteng ke ne ke sa thaba. Bophelo boo ke neng ke bo phela le metsoalle ea ka bo ne bo se na morero; ho ne ho se na motho ea nahanang ka botebo ka ntho leha e le efe. Ka lehlakoreng le leng, ke ne ke khathatsoa ke lintho tse jeleng setsi lefatšeng tse kang ho hloka toka. Ha nako e ntse e feta, ke ile ka ’na ka tetebela maikutlong.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka letsatsi le leng ha ke le lilemo li 17, ke ne ke nyahame haholo. ’Mè o ile a lemoha hore ha kea thaba, eaba o kōpa hore nke ke leke ho ithuta Bibele hape. O ile a nkhothalletsa hore ke hlahlobe lithuto tsa eona ebe ke iketsetsa qeto ea hore na ke batla ho phela ka tsona kapa che. Puisano eo ea rōna eo re ileng ra phetlelana lifuba e ile ea nthusa ho fetola bophelo ba ka. Ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le ausi oa ka Caroline le monna oa hae, Akif. Monna oa hae o ne a sa hōlela lelapeng la Lipaki Tsa Jehova, ka hona, e bile Paki a se a le moholo. Ka lebaka la bophelo ba Akif ba nakong e fetileng, ke ne ke utloa ke lokoloha ha ke bua le eena, e leng eona ntho eo ke neng ke e hloka.

Ke ne ke tseba hore tsela eo ke phelang ka eona e ne e sa tšoanele Lipaki, empa qalong ke ne ke ipoleletse hore seo ke se etsang ka bophelo ba ka ke taba ea ka. Leha ho le joalo, ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore boitšoaro ba ka bo ama maikutlo a Jehova. (Pesaleme ea 78:40, 41; Liproverbia 27:11) Ke ile ka boela ka utloisisa hore bo ama le batho ba bang.

Ha ke ntse ke hlahloba Bibele ho ea pele, ke ile ka fumana hore ho na le mabaka a utloahalang le a kholisang a ho lumela hore ke Lentsoe la Molimo. Ka mohlala, ke ile ka ithuta ka boprofeta ba Bibele bo bongata bo ileng ba phethahala—le hona ka tsela e nepahetseng haholo. Tsebo eo e ile ea nthusa hore ke felise lipelaelo tseo ke neng ke e-na le tsona pele.

Hoo e ka bang selemo ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele, ’na le batsoali ba ka re ile ra etela abuti oa ka eo e neng e le moithaopi ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Jeremane. Ke ile ka ameha haholo ha ke bona kamoo abuti oa ka a neng a thabile kateng. Thabo eo e ne e le eona eo esale le ’na ke e lakatsa! Ke ile ka boela ka khahloa ke Lipaki tse ling tseo le tsona e neng e le baithaopi moo. Li ne li fapane hōle le batho bao ke neng ke ba tloaetse ba neng ba sa tšepahale ba bile ba phelela menyaka. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka rapela Jehova ka pelo eohle, ka mo tšepisa hore ke tla mo sebeletsa bophelo bohle ba ka. Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka kolobetsoa e le ho bontša hore ke inehetse ho Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Hona joale ke tseba hantle hore na ke phelela’ng. Ke thaba haholo ha ke ruta ba bang Bibele, ke ba thusa hore ba ithute ka Jehova le litšepiso tsa hae tsa nakong e tlang. Lelapa leso le lona le ruile molemo—ha le sa ngongoreha ka ’na.

Kea tseba hore nakong e fetileng ke entse liphoso, empa ke leka ho se lule ke nahana ka tsona. Ho e-na le hoo, ke nahana ka tšoarelo ea Jehova le ka tsela e lerato eo a nthahasellang ka eona. Ke lumellana le mantsoe a Liproverbia 10:22 ka botlalo, a reng: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Re ne re ea liphathing hangata, re robala le bashanyana re bile re sebelisa lithethefatsi le joala hampe”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“Kea tseba hore nakong e fetileng ke entse liphoso, empa ke leka ho se lule ke nahana ka tsona”