Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bo-ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?

Bo-ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?

Bo-ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?

“NTATE, lintho tse ngata hakaale u li tsebeletse kae?” Na mora oa hao o kile a u makatsa ka ho u botsa potso e tjee? Ka nako eo, mohlomong u ile ua ikutloa u le motlotlo hore ebe u ntate. Empa haeba mora oa hao a ile a etsa ho fetang hoo—mohlomong a sebelisa keletso ea hao e bohlale eaba oa atleha—ha ho pelaelo hore pelo ea hao e ile ea e-ba tšoeu ke thabo. *Liproverbia 23:15, 24.

Leha ho le joalo, na le kajeno mora oa hao o ntse a hlolloa ke tsela eo u etsang lintho ka eona joaloka lilemong tse fetileng? Kapa na ebe ha a ntse a hōla ho ntse ho ea ho qepha? U ka lula u le haufi le mora oa hao joang ha a tsoa bongoaneng ’me e se e e-ba mohlankana? Pele, a re ke re hlahlobe a mang a mathata ao bo-ntate ba tobanang le ’ona.

Mathata a Mararo a Tloaelehileng

1. HO HLOKA NAKO: Linaheng tse ngata, bo-ntate ke bona ba sebetsang haholo ho bona hore malapa a bona aa phela. Hangata, ho hlokahala hore ba sebetse hōle le hae hoo e ka bang letsatsi kaofela. Libakeng tse ling, bo-ntate ba qeta nako e nyenyane haholo le bana ba bona. Ka mohlala, phuputsong e ’ngoe e entsoeng Fora, ho fumanoe hore ka kakaretso, bo-ntate ba qeta metsotso e ka tlaase ho e 12 ka letsatsi ho hlokomela bana ba bona.

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke nako e kae eo u e qetang u e-na le mor’a hao? Ka beke e le ’ngoe kapa tse peli tse latelang, ak’u ngole fatše nako eo u e qetang letsatsi le leng le le leng u e-na le mora oa hao. U ka ’na ua makatsoa ke seo u tla se fumana.

2. HO HLOKA MOHLALA O MOTLE: Banna ba bang ha baa ka ba e-ba le kamano e haufi le bo-ntate ba bona. Jean-Marie ea lulang Fora, o re: “Ke ne ke sa qete nako e ngata ke e-na le ntate oa ka.” See se ile sa ama Jean-Marie joang? O re: “Sena se ile sa mpakela mathata ao ke neng ke sa nahane hore nka ba le ’ona. Ka mohlala, ho thata hore ke be le moqoqo o monate le bara ba ka.” Maemong a mang, banna ba tseba bo-ntate ba bona hantle, empa ha ba na kamano e lerato joaloka ntate le mora. Philippe, ea lilemo li 43, o re: “Ho ne ho le thata hore Ntate a mpolelle le ho mpontša hore oa nthata. Ka lebaka leo, ke tlameha ho loana ka matla hore ke bontše mora oa ka lerato.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Na u nahana hore kamano eo u nang le eona le ntate oa hao e ama tsela eo u tšoarang mora oa hao ka eona? U bona eka u etsisa ntate oa hao mekhoeng e metle kapa e mebe? Joang?

3. HO HLOKA KELETSO E LOKETSENG: Litsong tse ling, karolo eo ntate a e phethang ho hōliseng bana ba hae ha e nkeloe hloohong. Luca, ea hōletseng Europe Bophirimela, o re: “Moo ke hōletseng teng, batho ba nka ho hōlisa bana e le mosebetsi oa basali.” Litsong tse ling, bo-ntate ba khothalletsoa hore ha bona e be feela ho khalemela bana ba bona ka thata. Ka mohlala, George ea hōletseng naheng e ’ngoe ea Afrika, o re: “Ho ea ka setso sa heso, bo-ntate ha ba bapale le bana ba bona kaha ba tšaba hore seo se ka etsa hore bana ba ba telle. Ka hona, e ’nile ea e-ba bothata ha ke lokela ho ithabisa le mor’a ka.”

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Tikolohong ea heno, ho lebeletsoe hore bo-ntate ba phethe karolo efe? Na ba rutoa hore ho hōlisa bana ke mosebetsi oa basali? Na bo-ntate ba khothalletsoa hore ba bontše bara ba bona lerato, kapa eo ke ntho e makalloang?

Haeba u ntate ea tobaneng le bo bong ba mathata ana, u ka sebetsana joang le ’ona? Hlokomela litlhahiso tse latelang.

Qalella Mora a sa le Monyenyane

Ka tlhaho, ho bonahala bana ba bashanyana ba tsoaloa ba e-na le takatso ea ho etsisa bo-ntate ba bona. Kahoo, ha mora oa hao a sa le monyenyane, u hle u sebelise monyetla oo. U ka etsa seo joang? Hona u ka fumana nako ea ho ba le eena joang?

Neng le neng ha ho khoneha, akarelletsa mora oa hao mesebetsing eo u e etsang ea letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, haeba u etsa mesebetsi e tloaelehileng ea lapeng, e-re a u thuse. Mo fe lefielo kapa kharafu e nyenyane. Ha ho potang hore o tla thabela ho sebetsa le motho enoa eo a mo nkelang holimo, eo a ratang ho mo etsisa, e leng uena ntate oa hae! Ho ka ’na ha u nka nako e teletsana ho phetha mesebetsi eo ea hao; empa ho etsa joalo ho tla matlafatsa maqhama pakeng tsa hao le mor’a hao, ’me u tla be u mo ruta hore mosebetsi ke oa bohlokoa. Khale koana, Bibele e ile ea khothalletsa bo-ntate hore ba kenyelletse bana ba bona linthong tseo ba li etsang letsatsi le letsatsi ’me ba sebelise nako eo ho buisana le bona le ho ba ruta. (Deuteronoma 6:6-9) Keletso eo e ntse e ka re thusa le mehleng ena.

Ntle feela le ho sebetsa le mora oa hao, iphe nako ea ho bapala le eena. Ho bapala ho phetha karolo e khōlō ho feta feela ho ithabisa le le hammoho. Lipatlisiso li bontša hore ha bo-ntate ba bapala le bana ba bona ba sa leng banyenyane, ba ba thusa hore ebe batho ba sebete, ba sa tšabeng ho leka lintho tse ncha.

Ho na le karolo e khōlō le ho feta e phethoang ke ha ntate a bapala le mora oa hae. Mofuputsi e mong, e leng Michel Fize, o re: “Mora o khona ho buisana hantle haholo le ntate oa hae nakong eo ba bapalang.” Ha ba ntse ba bapala, ntate a ka bontša ka liketso hore o rata mora oa hae, a ba a mo bolella seo. Ha a etsa joalo, o ruta mora oa hae tsela ea hore a bontše lerato. André, e leng ntate ea lulang Jeremane, o re: “Ha mora oa ka a sa le monyenyane, re ne re tloaetse ho bapala ’moho. Ke ne ke tloaetse ho mo haka, ka hona, le eena o ile a ithuta ho mpontša lerato.”

Nako ea ho robala ke e ’ngoe eo ntate a ka e sebelisang ho matlafatsa kamano e lerato eo a nang le eona le mora oa hae. Mo balle lipale hangata, ’me u mo mamele ha a bua ka lintho tse mo thabisitseng le tse ileng tsa mo tšoenya letsatsing leo. Ha u etsa joalo, u tla mo nolofalletsa hore a ’ne a buisane le uena leha a se a hōlile.

Leka Hore le Rate Lintho Tse Tšoanang

Bashanyana ba bang ba seng ba le lilemong tsa bocha ba ka ’na ba bonahala ba sa thahaselle boiteko boo bo-ntate ba bona ba bo etsang ba ho buisana le bona. Haeba mora oa hao a bonahala a qoba lipotso tsa hao, u se ke ua etsa qeto ea hore ha ho na ntho eo a ka buisanang le uena ka eona. A ka ’na a ikemisetsa ho phutholoha haeba u ka fumana mokhoa o mong o mocha oa ho buisana le eena.

Jacques, e leng ntate ea lulang Fora, ka linako tse ling o ne a fumana ho le thata ho buisana le mora oa hae, Jérôme. Empa ho e-na le hore a qobelle mora oa hae ho bua, o ile a fetola maoa—o ile a bapala bolo le eena. Jacques o re: “Ha re qeta ho bapala, re ne re tloaetse ho lula mohloeng re phomole hanyenyane. Hangata mora oa ka o ne a khona ho bua ka nako eo. Ke nahana hore, taba ea hore ebe re ne re le ’moho, re le babeli feela ho se motho e mong, e ile ea etsa hore ho be le maqhama a ikhethang pakeng tsa rōna.”

Ho thoe’ng haeba mora oa hao a sa rate lipapali? André ha a ome mathe ha a hopola lihora tseo a neng a li qeta le mora oa hae ba shebile linaleli. André o re: “Re ne re beha litulo ka ntle moeeng o batang oa bosiu. Ebe re apara lintho tse mofuthu, re tšoara likomiki tsa tee ’me re sheba sepakapaka. Re ne re buisana ka Ea bōpileng linaleli. Re ne re buisana ka lintho tsa botho. Nka re re ne re batla re buisana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”—Esaia 40:25, 26.

Empa ho thoe’ng haeba u sa rate ho etsa lintho tseo mora oa hao a li ratang? Maemong a joalo e ka ba hamolemo hore u lebale hanyenyane ka seo u se ratang. (Bafilipi 2:4) Ian ea lulang Afrika Boroa, o re: “Ke ne ke rata lipapali haholo ho feta kamoo mora oa ka Vaughan a neng a li rata kateng. O ne a rata lifofane le lik’homphieutha. Ka hona ke ile ka etsa hore le ’na ke rate lintho tseo, ka mo isa lishoung tsa lifofane, ke bile ke bapala le eena lipapali tsa lifofane tsa k’homphieutha. Ke nahana hore kaha re ne re etsa lintho tse thabisang re le ’moho, ke ka hona Vaughan a neng a khona ho bua le ’na a phutholohile.”

Etsa Hore a Itšepe

“Ntate, bona, bona!” Na moshanyana oa hao o ne a kile a hoeletsa joalo ha a atlehile ho etsa ntho e ’ngoe eo a neng a qala ho e etsa? Haeba hona joale o se a le lilemong tsa bocha, na o ntse a lebeletse hore u bontše hore u motlotlo ka eena ka tsela e tšoanang? E ka ’na eaba ha ho sa le joalo. Empa ha e le hantle o ntse a hloka seo e le hore e be motho e moholo ea tsitsitseng.

Ka mohlala, hlokomela tsela eo Jehova Molimo a ileng a sebelisana le mora oa hae ka eona. Ha Jesu a ne a le mothating oa ho qala mosebetsi o khethehileng ka ho fetisisa bophelong ba hae lefatšeng, Molimo o ile a bontša phatlalatsa hore oa mo rata, a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17; 5:48) Ke ’nete hore u na le boikarabelo ba ho khalemela mora oa hao le ho mo koetlisa. (Baefese 6:4) Empa na u boetse u fumana monyetla oa ho mo babatsa ka lintho tseo a li etsang le tseo a li buang?

Bo-ntate ba bang ba thatafalloa ho bontša bana ba bona hore ba motlotlo ka bona kapa baa ba rata. E ka ’na eaba ba hōletse malapeng ao batsoali ba bona ba neng ba totobatsa liphoso tsa bona haholo ho feta moo ba entseng hantle. Haeba u hōletse lelapeng le joalo, u tla lokela ho leka ka matla ho etsa hore mora oa hao a itšepe. U ka etsa seo joang? Luca, eo ho buuoeng ka eena pejana, hangata o sebetsa le mora oa hae, Manuel, ea lilemo li 15, ha ba etsa mesebetsi ea lapeng. Luca o re: “Ka linako tse ling ke bolella Manuel hore a qale mosebetsi ke tla mo thusa ha a hloka thuso. Hangata o qeta mosebetsi ke sa mo thusa. Ha a atleha, seo se etsa hore a ikutloe a khotsofetse ebile se etsa hore a itšepe. Ha a atlehile, kea mo babatsa. Ha a sa etsa hantle kamoo a neng a nahanne kateng, le teng ke ntse ke mo bolella hore ke ananela boiteko ba hae.”

Le uena u ka etsa hore mora oa hao a itšepe haholoanyane ka hore u mo thuse hore a finyelle lintho tse itseng tseo a batlang ho li phetha bophelong. Empa ho thoe’ng haeba u bona mora oa hao a lieha haholo ho finyella lintho tseo a batlang ho li phetha? Kapa ho thoe’ng haeba lintho tseo a batlang ho li finyella, le hoja li se mpe, li fapane le tseo uena u neng u ka mo khethela tsona? Maemong ao, ho tla hlokahala hore u fetole maikutlo a hao ka seo u neng u se lebeletse. Jacques, eo ho buuoeng ka eena pejana, o re: “Ke leka ho thusa mora oa ka hore a ipehele lintho tse itseng tseo a ka li finyellang. Empa ke boetse ke leka ho tiisa hore lintho tseo ke tseo eena a li ratang, eseng tse ratoang ke ’na. Ebe joale kea ipolella hore o lokela ho phetha lintho tseo ka lebelo leo eena a le khonang.” Haeba u mamela maikutlo a mora oa hao, u mo babatsa moo a etsang hantle, u bile u mo khothalletsa hore a ntlafatse moo a hlōlehang, u tla mo thusa hore a finyelle lintho tseo a ipehetseng tsona.

Ke ’nete hore ka linako tse ling ho tla ba le moo le sa utloaneng hammoho le mathata a itseng kamanong ea lōna. Empa qetellong, mora oa hao a ka ’na a batla ho lula a e-na le kamano e haufi le uena. Etsoe ke mang ea ke keng a batla ho lula a le haufi le motho ea mo thusang hore a atlehe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Le hoja sehloohong sena ho tšohloa kamano e khethehileng pakeng tsa ntate le mora, lintlha tsena li ntse li sebetsa le kamanong ea ntate le morali.