Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Phethahatsa Boikarabelo ba Rōna ho Molimo

Ho Phethahatsa Boikarabelo ba Rōna ho Molimo

Atamela ho Molimo

Ho Phethahatsa Boikarabelo ba Rōna ho Molimo

NA U kile ua ipotsa, ‘Morero oa bophelo ke eng?’ Jehova ha aa re fa feela bokhoni ba ho botsa potso ena, empa hape o kentse ka ho rōna maikutlo a tebileng a ho batla ho tseba karabo. Rea thaba hobane Molimo oa rōna ea lerato ha aa re siea lepalapaleng. Karabo eo re e labalabelang e ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. Nahana ka mantsoe a Morena Solomone a fumanoang ho Moeklesia 12:13.

Solomone o ne a e-na le boemo bo ikhethang. O ne a ka khona ho hlalosa hore na ke joang re ka fumanang thabo le morero bophelong. Kaha o ne a hlohonolofalitsoe ka bohlale bo sa tloaelehang, leruo le lengata le matla a borena, o ile a fuputsa ka hloko lintho tseo batho ba li hahamallang, tse akarelletsang maruo le botumo. (Moeklesia 2:4-9; 4:4) Kahoo, a susumelitsoe ke Molimo, o ile a akaretsa seo a se fumaneng ka ho re: “Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete ’me u boloke litaelo tsa hae. Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” Mantsoe ao a hlalosa ntho e khotsofatsang le e babatsehang ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang.

“Tšaba Molimo oa ’nete.” Qalong batho ba ka ’na ba se ke ba khahlisoa ke khopolo ea ho tšaba Molimo. Empa tšabo ena ke boikutlo bo botle. Re ka ’na ra e bapisa le tšabo eo ngoana ea labalabelang ho thabisa ntate oa hae ea lerato a nang le eona eseng le eo lekhoba le tšabang ho halefisa mong’a lona ea khopo le nang le eona. Buka e ’ngoe e hlalosa hore ho tšaba Molimo ke “boikutlo ba tlhompho ea borapeli le tlhompho e nang le tšabo eo batho ba Hae ba Mo bontšang eona hobane baa Mo rata ebile ba hlompha matla a Hae le boholo ba Hae.” Boikutlo bo joalo bo re susumelletsa hore re etse thato ea Molimo ka boikokobetso hobane rea mo rata ’me rea tseba hore oa re rata. Tšabo ena e molemo, hase feela boikutlo empa e bontšoa ka liketso. Joang?

“U boloke litaelo tsa hae.” Ho tšaba Molimo ho re susumelletsa hore re mo mamele. Ke ho utloahalang hore re mamele Jehova. Kaha ke Moetsi oa rōna, o tseba tsela e molemohali eo re lokelang ho phela ka eona, joalokaha moetsi oa thepa a tseba tsela e molemohali ea ho e sebelisa. Hape, Jehova o batla hore re fumane se molemo ka ho fetisisa. O batla hore re thabe ’me litaelo tsa hae li etselitsoe ho re tsoela molemo. (Esaia 48:17) Moapostola Johanne o ile a beha taba tjena: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Ha re mamela Molimo re bontša hore rea mo rata ’me melao ea hae e bontša hore oa re rata.

“Sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.” Mantsoe ana a hatisa lebaka la bohlokoa leo ka lona re lokelang ho tšaba Molimo le ho mo mamela. Re tlameha ho etsa joalo, ke boikarabelo ba rōna. Jehova ke ’Mōpi oa rōna, bophelo ba rōna bo tsoa ho eena. (Pesaleme 36:9) Hape re tlameha ho mo mamela. Re phethahatsa boitlamo ba rōna haeba re phela kamoo a batlang hore re phele kateng.

Joale, morero oa bophelo ke eng? Ka mantsoe a bonolo feela: Re phelela ho etsa thato ea Molimo. Ha ho na tsela e ’ngoe e khotsofatsang ho feta ena bophelong. Ke hobane’ng ha u sa ithute ho eketsehileng ka thato ea Jehova le kamoo u ka lumellanyang bophelo ba hao le eona? Lipaki tsa Jehova li ka thabela ho u thusa.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka November:

Liproverbia 22-31; Moeklesia 1-12Sefela sa Lifela 1-8