Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Joang Melao ea Molimo e re Ruisang Molemo?

Ke Joang Melao ea Molimo e re Ruisang Molemo?

Ithute Lentsoe la Molimo

Ke Joang Melao ea Molimo e re Ruisang Molemo?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Molimo?

Ke habohlokoa hore re mamele Molimo kaha ke eena ea re bōpileng. Jesu le eena o ne a mamela Molimo kamehla. (Johanne 6:38; Tšenolo 4:11) Melao ea Molimo e re thusa hore re bontše hore rea mo rata.—Bala 1 Johanne 5:3.

Melao eohle ea Jehova Molimo e molemo ho rōna. E re ruta tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela hona joale ebile e re bontša kamoo ka moso re ka fumanang meputso ea ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ea 19:7, 11; Esaia 48:17, 18.

2. Melao ea Molimo e re thusa joang hore re phele hantle ’meleng?

Molao oa Molimo o hanelang botahoa o re sireletsa maloetseng a bolaeang haesita le ho hlaheloa ke likotsi. Ho noa ho tlōla ho ka etsa motho lekhoba la joala, ha ba ha etsa hore a itšoare ka tsela e se nang kelello. (Liproverbia 23:20, 29, 30) Jehova ha a re hanele ho noa joala haeba re bo noa ka ho lekanyetsa.—Bala Pesaleme ea 104:15; 1 Bakorinthe 6:10.

Jehova o boetse o re eletsa hore re tlohele ho ba mōna, ho ba bohale bo sa laoleheng le ho ba le mekhoa e meng e sa rateheng. Ha re sebelisa keletso ea Jehova, re tla ba le bophelo bo botle.—Bala Liproverbia 14:30; 22:24, 25.

3. Molao oa Molimo o ka re sireletsa joang?

Molao oa Molimo o hanela ho kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hao oa lenyalo. (Baheberu 13:4) Banyalani ba mamelang molao ona ba ikutloa ba sireletsehile le ho feta ’me sena se tsoela bana ba bona molemo ha ba hōla. Ka lehlakoreng le leng, ho kopanela liphate le motho eo u sa nyalanang le eena ho ka fella ka boloetse, tlhalo, lintoa, ho sithabela maikutlong le hore bana ba hōlisoe ke motsoali a le mong.—Bala Liproverbia 5:1-9.

Haeba re qoba maemo a ka re susumelletsang hore re kopanele liphate le batho bao re sa nyalanang le bona, re tla be re sireletsa kamano ea rōna le Molimo. Hape re tla be re qoba ho utloisa ba bang bohloko.—Bala 1 Bathesalonika 4:3-6.

4. Ho hlompha bophelo ho re tsoela molemo joang?

Batho ba hlomphang mpho ena e tsoang ho Molimo, e leng bophelo, ba ikutloa ba phela hantle ka mor’a hore ba khaotse mekhoa e behang bophelo kotsing e kang ho tsuba le e meng eo ba e tloaetseng. (2 Bakorinthe 7:1) Molimo o nka bophelo e le ba bohlokoa esita le ba ngoana ea sa tsoa emoloa ka pōpelong. (Exoda 21:22, 23) Ka hona ha rea lokela ho bolaea ngoana ea e-s’o hlahe ka boomo. Hape, batho ba ananelang pono ea Molimo ka bophelo ba lula ba le seli ha ba le mosebetsing, ba le lapeng le ha ba sebelisa likoloi tsa bona. (Deuteronoma 22:8) Ho phaella moo, ha ba bapale lipapali tse behang bophelo kotsing, kaha bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo.—Bala Pesaleme ea 36:9.

5. Ho halalela ha mali ho re tsoela molemo joang?

Mali aa halalela kaha Molimo o re a emela bophelo, kapa moea oa lintho tse phelang. (Genese 9:3, 4) Molao oa Molimo, o bontšang hore mali ke a bohlokoa joaloka bophelo, o re tsoela molemo. Joang? O etsa hore re khone ho tšoareloa libe.—Bala Levitike 17:11-13; Baheberu 9:22.

Mali a Jesu a ne a le bohlokoa ka tsela e ikhethang hobane o ne a phethahetse. Jesu o ile a hlahisa ntho e ’ngoe ho Molimo e neng e emela bophelo ba hae—e leng mali a hae. (Baheberu 9:12) Mali a hae a ileng a tšoloha a entse hore ho khonehe hore re fumane bophelo bo sa feleng.—Bala Matheu 26:28; Johanne 3:16.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 12 le ea 13 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.