Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebitso la Molimo le Tabatabelo ea Alfonso de Zamora ea Mangolo a Nepahetseng

Lebitso la Molimo le Tabatabelo ea Alfonso de Zamora ea Mangolo a Nepahetseng

Lebitso la Molimo le Tabatabelo ea Alfonso de Zamora ea Mangolo a Nepahetseng

KA 1492, Morena Ferdinand oa Spain, le mofumahali oa hae Isabella, ba ile ba fana ka taelo ena: “Re laela hore banna le basali bohle ba Bajuda . . . hammoho le bara le barali ba bona, bohle ba batona le ba batšehali ba ba sebeletsang, le bohle ba amanang le bona hafeela e le Bajuda, ho sa tsotellehe hore na ba lilemong life, ba be ba tsoile literekeng tsohle tsa ’muso oa rōna pele ho mafelo a khoeli ea July selemong sona sena, ’me ba se ke be ba pheta ba le beha mona.”

Taelong eo, lelapa le leng le le leng la Mojuda le Spain le ne le fuoe khetho ea hore le tsoe ka har’a naha kapa le furalle bolumeli ba lona. E ka ’na eaba rabi e mong ea bitsoang Juan de Zamora o ile a bona ho le molemo hore a mpe a sokolohele Bok’hatholikeng e le hore a sale moo Spain kaha baholo-holo ba hae ba ne ba phetse moo ka lilemo-lemo. Ka lebaka la hore e ne e le Mojuda, ho ka etsahala hore ebe Juan o ile a romela mora oa hae, Alfonso, sekolong sa lithuto tsa Seheberu se neng se tsebahala haholo se Zamora. Hamorao Alfonso e ile ea e-ba setsebi sa Selatine, Segerike le Searame. Ha a se a qetile lithuto tsa hae, o ile a qala ho ruta Seheberu Univesithing ea Salamanca. Nakoana ka mor’a moo, litsebi tsa Bibele tsa Europe eohle li ile tsa rua molemo tsebong ea hae ea lipuo.

Ka 1512, univesithi e ncha ea Alcalá de Henares e ile ea khetha Alfonso de Zamora hore e be molula-setulo oa lithuto tsa Seheberu. Kaha Zamora e ne e le se seng sa litsebi tse hlaheletseng mehleng eo, mothehi oa univesithi eo, e leng mok’hadinale Jiménez de Cisneros, o ile a mo susumelletsa hore a kenye letsoho mosebetsing oa bohlokoa haholo oa ho ngola Bibele ea Complutensian Polyglot. Bibele ena e meqolo e tšeletseng e na le mangolo a halalelang ka Seheberu, Segerike le Selatine hammoho le likarolo tse ling ka Searame. *

Ha a bua ka sena, Mariano Revilla Rico eo e leng setsebi sa Bibele, o re: “Har’a basokolohi ba bararo ba ileng ba kenya letsoho mosebetsing oo oa Mok’hadinale [Cisneros], ea ileng a hla a ratoa haholo ke Alfonso de Zamora, eo e neng e le setsebi sa melao ea puo, e le rafilosofi hape a tseba Talmud haholo, ho se ho sa thoe letho ka taba ea hore o ne a tseba Selatine, Segerike, Seheberu hammoho le Searame.” Seo Zamora a ileng a ithuta sona se ile sa etsa hore a fihlele qeto ea hore haeba motho a batla ho fetolela Bibele ka nepo, ho hlokahala hore a hle a be le tsebo e ngata ka lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong. Ha e le hantle, e ile ea e-ba e mong oa ba ka sehloohong ba ileng ba etsa hore batho ba thahaselle ho ithuta Bibele mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo.

Leha ho le joalo, nako le sebaka seo Zamora a neng a phela ho tsona li ne li le kotsi bakeng sa ho khothalletsa batho hore ba ithute Bibele. Lekhotla la Spain le Ahlolang Bakhelohi le ne le halefile haholo nakong eo, ’me Kereke e K’hatholike le eona e re Vulgate ea Selatine ke eona feela Bibele e “amohelehang.” Empa ho tloha Mehleng e Bohareng, litsebi tsa Mak’hatholike li ne li lemohile hore litemana tse ngotsoeng ka Selatine Bibeleng ea Vulgate li ne li e-na le liphoso tse khōlō. Mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, Alfonso de Zamora le ba bang ba ile ba kena letšolong la ho etsa ho hong ka taba eo.

‘Ho Pholoha ho Itšetlehile ka Phetolelo’

Har’a mesebetsi eo Zamora a e entseng, ha ho pelaelo hore oa bohlokoa ka ho fetisisa e bile oa Mangolo a Seheberu ao ka tloaelo a bitsoang Testamente ea Khale hammoho le ho a fetolella Selatineng. Mohlomong sepheo sa hae e ne e le hore e tle e be eona e thusang haholo ha ho etsoa Bibele e ngotsoeng ka lipuo tse ngata e ileng ea tsejoa e le Complutensian Polyglot. E ’ngoe ea libuka tseo a li ngotseng ka letsoho e laebraring ea El Escorial, haufi le Madrid, Spain. Buka eo e tšoauoeng ka nomoro ea G-I-4 e na le lengolo la Genese kaofela ka Seheberu, hammoho le phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Selatine.

Selelekeleng sa eona ho na le mantsoe ana: “Ho pholoha ha lichaba ho itšetlehile ka phetolelo ea Mangolo a Halalelang lipuong tse ling. . . . Re bone . . . ho hlile ho hlokahala hore batho ba tšepahalang ba be le Bibele e fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe, e ngotsoeng ka tsela eo lentsoe le leng le le leng la Seheberu le tla ba le phetolelo ea Selatine.” Alfonso de Zamora o ne a tšoaneleha hore a ka phetha mosebetsi o joalo oa ho fetolella Selatineng hobane o ne a nkoa e le setsebi sa puo ea Seheberu.

‘Moea oa ka o Sitoa ho Phomola’

Ka lehlakoreng le leng, Spain lekholong leo la bo16 la lilemo e ne e le sebaka se loketseng hantle hore litsebi tse kang Zamora li sebeletse ho sona. Mehleng e Bohareng, Spain e ne e le setsi sa setso sa Bajuda. The Encyclopædia Britannica e re: “Ka lebaka la Mamosleme le Bajuda ba bangata, Spain ea mehleng e bohareng e ne e le eona feela naha e nang le lichaba le malumeli a fapa-fapaneng ka bophirimela Europe, ’me ena ke e ’ngoe ea lintho tse tlatselitseng haholo hore ho be le tsoelo-pele Spain litabeng tsa bolumeli, ho ngoloa ha libuka, bonono le tsebo ea ho etsa meralo ea mehaho ho elella mafelong a Mehla e Bohareng.”

Kaha ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata Spain, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele ea Seheberu li ne li le ngata. Bangoli ba bangata ba Bajuda likarolong tse fapa-fapaneng Spain ba ne ba sebelitse ka thata ho kopitsa libuka tseo e le hore li ka sebelisoa ha ho baloa Mangolo Lisynagogeng. Bukeng ea hae e reng The Earliest Editions of the Hebrew Bible, L. Goldschmidt o bontša hore “litsebi tsa Bajuda li ne li sa nke libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele tse ngotsoeng ka Sepanishe le Sepotoketsi e le tsona feela tse nepahetseng, empa li ne li boetse li nka le libuka tse ngotsoeng ka letsoho hammoho le tse ngotsoeng ke litsebi ka lipuo tse ngata, tseo libuka tsena li fetoletsoeng ho tsoa ho tsona li nepahetse.”

Ho sa tsotellehe melemo e neng e le teng Spain, batho ba neng ba batla ho fetolela Bibele ba ne ba le mothating oa ho hanyetsoa. Ka 1492, mabotho a K’hatholike a Morena Ferdinand le Mofumahali Isabella a ile a hapa karolo e neng e setse ea sebaka seo Mamosleme a neng a lula ho sona Spain. Joalokaha ho boletsoe pejana, hona selemong seo morena le mofumahali ba ile ba ntša taelo ea hore batho bohle ba sa batleng ho tlohela bolumeli ba Sejuda ba lelekoe Spain. Lilemo tse leshome hamorao Mamosleme le ’ona a ile a fuoa taelo e tšoanang. Ho tloha ka nako eo, Bok’hatholike e ile ea e-ba bona bolumeli ba Naha ea Spain, eaba malumeli a mang ha a sa lumelloa.

Moea oo o mocha o neng o foka litabeng tsa bolumeli o ne o tla ama ho fetoleloa ha Bibele joang? Mohlala ke se ileng sa etsahalla Alfonso de Zamora. Le hoja setsebi sena sa Mojuda se ne se fetohile Mok’hatholike, sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli Spain ha sea ka sa iphapanyetsa taba ea hore ke Mojuda. Bahanyetsi ba bang ba ile ba tšoaea Mok’hadinale Cisneros phoso ka ho sebelisa tsebo ea Bajuda ba sokolohileng ha ho etsoa Bibele ea Lipuo Tse Ngata. Ho hlaseloa hona ho ile ha bakela Zamora mahlomola a maholo. Tlhalosong e bukeng e ngotsoeng ka letsoho e ka fumanoang Univesithing ea Madrid, Zamora o ile a bua ka pelo e bohloko, a re: “’Na, . . . ea furaletsoeng le ho hlouoa ke metsoalle ea ka kaofela—eo hona joale e seng e le lira tsa ka—ke sitoa ho fumanela moea oa ka kapa maoto a ka phomolo.”

E mong oa lira tsa hae tse ka sehloohong e ne e le Juan Tavera, moarekabishopo oa Toledo, eo hamorao e ileng ea e-ba eena ea ka sehloohong ho hloma bakhelohi lipotso le ho ba ahlola. Ho hlaseloa ke Tavera ho ile ha utloisa Zamora bohloko hoo a ileng a ba a ipiletsa ho mopapa. Karolo e ’ngoe ea lengolo la hae e ne e re: “Ntate ea Halalelang, re kōpa u mpe u re thuse . . . ’me u re sireletse sereng sa rōna e leng mobishopo oa Toledo, Don Juan Tavera. Letsatsi le leng le le leng o lula a re utloisa bohloko ka litsela tse ngata. . . . Ka sebele re iphumana re le mahlomoleng a maholo, kaha ho eena re tšoana le liphoofolo tse lokelang ho hlajoa feela. . . . Haeba uena Ntate ea Halalelang u ka mamela sello sena sa rōna, ‘Yahweh o tla u sireletsa a be a etse hore leoto la hao le se ke la tšoasoa ke letho.’ (Liprov. 3:23)” *

Lefa la Alfonso de Zamora

Ho sa tsotellehe ho hlaseloa hona, mosebetsi oa Zamora o ile oa tsoela pele oa ba oa atleha molemong oa liithuti tse ngata tsa Bibele. Le hoja a sa ka a fetolela Mangolo lipuong tse neng li buuoa sebakeng seo sa habo, o thusitse bafetoleli ba bang haholo. E le hore re utloisise seo a se entseng ho ba thusa, re lokela ho hopola hore ka linako tsohle ho fetolela Bibele ho itšetlehile ka mefuta e ’meli ea litsebi. Pele bafetoleli ba fetolela ka tsela e ntlafetseng le e nepahetseng, ho lokela ho be le litsebi tse ithutang Mangolo a Halalelang ka lipuo tseo a neng a ngotsoe ka tsona qalong—e leng Seheberu, Searame le Segerike. Ka mor’a moo, bafetoleli ba ka sebelisa phetolelo eo ho qala ho fetolela Bibele ho e isa lipuong tse ling.

Alfonso de Zamora e bile setsebi se ka sehloohong se ileng sa hlophisa le ho ntlafatsa se ngotsoeng Mangolong a Seheberu ao qetellong a ileng a hatisoa Bibeleng ea Complutensian Polyglot ka 1522. (Pokello ea hae ea mantsoe a Seheberu le a Selatine le tlhaloso ea sebōpeho-puo sa Seheberu tse fumanehang Bibeleng eo li ile tsa nolofalletsa bafetoleli mosebetsi.) Erasmus, eo le eena a phetseng mehleng ea Zamora, o ile a etsa mosebetsi o tšoanang ka Mangolo a Segerike a Bakreste, ao ka tloaelo a bitsoang Testamente e Ncha. Hang ha Mangolo ana a ntlafalitsoeng a Seheberu le a Segerike a se a fumaneha, bafetoleli ba bang ba ne ba ka qala mosebetsi oa bohlokoa oa ho fetolela Bibele lipuong tse buuoang ke batho ka kakaretso. Ha William Tyndale a fetolela Bibele Senyesemaneng, e bile e mong oa bafetoleli ba pele ba ho nka monyetla ka ho sebelisa Mangolo a Seheberu a Complutensian Polyglot.

Hore ebe Bibele e fumaneha lefatšeng ka bophara kajeno ke ka lebaka la banna ba kang Zamora, bao bophelong ba bona ba ileng ba itella ho ntlafatsa tsebo ea rōna ka Mangolo. Joalokaha Zamora a ne a hlokometse, ho pholoha ha batho ho itšetlehile ka hore ba utloisise Lentsoe la Molimo ba be ba le latele. (Johanne 17:3) Seo se ka etsahala hafeela Bibele e fetoletsoe lipuong tseo batho ba limilione ba ka li utloisisang e le hore molaetsa oa eona o ame lipelo le maikutlo a bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 E le ho fumana moo ho tšohliloeng bohlokoa ba Bibele ea Complutensian Polyglot, sheba Molula-Qhooa oa April 15, 2004, leqepheng la 28-31.

^ ser. 15 Hoa thahasellisa hore ebe Zamora o ile a sebelisa lebitso la Molimo, eseng tlotla, ha a ipiletsa ho mopapa oa Roma. Moo boipiletso bona ba Zamora bo fetoletsoeng ka Sepanishe, lebitso leo le hlaha e le “Yahweh.” Ha ho tsejoe hantle hore na ha a ne a ngola ka Selatine sa boholo-holo le ne le hlaha joang. Mabapi le phetolelo ea Zamora le ho sebelisa ha hae lebitso la Molimo, sheba lebokose le reng “Ho Fetolela Lebitso la Molimo,” leqepheng la 19.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ho Fetolela Lebitso la Molimo

Ke ntho e thahasellisang ka tsela e ikhethang hore ebe Alfonso de Zamora, monna ea neng a rutehile oa Moheberu, o ile a fetolela lebitso la Molimo kamoo le neng le le kateng qalong. Joalokaha setšoantšo se mona se bontša, mongolong o mahlakoreng a leqephe moo a fetoletseng Selatine le Seheberu lentsoe ka lentsoe lengolong la Genese, lebitso la Molimo le ngotsoe e le “jehovah.”

Ho hlakile hore Zamora o ne a nka phetolelo ena ea lebitso la Molimo ka Selatine e nepahetse. Lekholong la bo16 la lilemo ha ho ne ho fetoleloa Bibele ka lipuo tse buuoang haholo Europe, tsela ena ea ho ngola lebitso la Molimo, kapa e batlang e tšoana le eona e ile ea sebelisoa ke bafetoleli ba bangata ba Bibele, ba akhang William Tyndale (Senyesemane, 1530), Sebastian Münster (Selatine, 1534), Pierre-Robert Olivétan (Sefora, 1535) le Casiodoro de Reina (Sepanishe, 1569).

Ka hona, Zamora e bile e mong oa litsebi tsa pele tsa Bibele tsa lekholong la bo16 la lilemo tse ileng tsa kenya letsoho ho etsa hore lebitso la Molimo le tsejoe. Se ileng sa etsa hore lebitso la Molimo le qetelle le sa tsejoe ke tumela-khoela ea Bajuda ea hore lebitso la Molimo ha lea lokela ho bitsoa. Ba susumelitsoe ke tumela-khoela eo ea Bajuda, bafetoleli ba Bibele ba Bokreste-’mōtoana—ka mohlala, Jerome, ea ileng a fetolela Vulgate ea Selatine—ba ile ba ngola “Morena” kapa “Molimo” moo ho hlahang lebitso la Molimo.

[Setšoantšo]

Mongolo o hōlisitsoeng moo Zamora a fetoletseng Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo e le “jehova”

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Taelo ea morena oa Spain le mofumahali oa hae, 1492

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Decree: Courtesy of the Archivo Histórico Provincial, Ávila, Spain

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Univesithi ea Alcalá de Henares

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Setšoantšo se qalong ea Bibele ea phetolelo ea Zamora ea lentsoe ka lentsoe