Re U Lome Tsebe?
Morena Assueruse oa Persia eo ho buuoang ka eena bukeng ea Bibele ea Esthere ke mang?
▪ Ho latela buka ea Esthere, Assueruse o ile a khetha moroetsana oa Mojuda Esthere hore e be mofumahali oa hae, eaba Esthere o pholosa sechaba sa habo se neng se le kotsing ea ho felisoa. Ka nako e telele ho ’nile ha e-ba le maikutlo a fapaneng mabapi le hore na ke morena ofe oa Persia ea neng a bitsoa Assueruse. Leha ho le joalo, ho bonahala bothata bona bo ile ba rarolloa ke litlhaloso tse ngotsoeng ka lipuo tse tharo tse fumanehang liemahaleng tsa Persia. Litlhaloso tsena li na le bopaki bo bongata ba hore e ka ’na eaba Assueruse e ne e le Xerxese I mora oa Dariuse e Moholo (Hystaspis). Tsela eo lebitso Xerxese le ngotsoeng ka eona ka Sepersia, ha le fetoleloa ka Seheberu, le batla le tšoana le kamoo le hlahang kateng tabeng e ngotsoeng ka Seheberu bukeng ea Esthere.
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bukeng ea Esthere mabapi le Assueruse e lumellana le litlhaloso tse hlahang moo. Morena enoa oa Persia o ne a boetse a busa Media eohle a le Susa (Shushane), motse-moholo o Elame ’me puso ea hae e ne e namme ho tloha India ho ea lihlekehlekeng tsa Mediterranean. (Esthere 1:2, 3; 8:9; 10:1) Setsebi Lewis Bayles Paton, o re: “Ha ho morena e mong ho marena a Persia eo boitsebiso bona bo lumellanang le eena ntle ho Xerxese. Tsela eo Assueruse a hlalositsoeng ka eona Bukeng ea Est[here], e lumellana hantle le tlaleho e mabapi le Xerxese e fanoeng ke Herodotus le bo-rahistori ba bang ba Bagerike.”
Ke eng se pakang hore ho ne ho etsoa litene Egepeta ea boholo-holo?
▪ Buka ea Bibele ea Exoda e bontša hore Baegepeta ba ne ba qobella makhoba a bona a Baheberu hore a etse litene. Makhoba a ne a tlameha ho etsa palo e itseng ea litene letsatsi le letsatsi a sebelisa joang le seretse sa letsopa.—Exoda 1:14; 5:10-14.
Ho etsoa ha litene tse omisoang letsatsing e ne e le mosebetsi oa bohlokoa Khohlong ea Nile linakong tsa ha ho ne ho ngoloa Bibele. Liemahale tse ahiloeng ka litene tseo li ntse li le teng le hona joale Egepeta. Setšoantšo sa lekholo la bo15 la lilemo B.C.E., se takiloeng lebitleng la Rekhmire le Thebes hoo e ka bang mehleng ea liketsahalo tse boletsoeng bukeng ea Exoda, se bontša kamoo litene li neng li etsoa kateng.
The International Standard Bible Encyclopedia e hlalosa se setšoantšong ka tsela e latelang: “Metsi a khuoa letamong; seretse se lujoa ka mohoma oa letsoho ebe se isoa sebakeng seo moetsi oa litene a tla sebeletsa ho sona habonolo. Seretse sena se tšeloa ka har’a foromo ea lehong, ebe moetsi oa litene o e tšoarella fatše. Ka mor’a moo o phahamisa foromo eo ebe ho sala setene se tla omisoa ke letsatsi. Ho etsoa mela e mangata feela ea litene, tseo ha li se li omme li pakoang ka thōko ho fihlela ha li tlil’o sebelisoa. Mokhoa ona o ntse o sebelisoa Bochabela bo Hare.”
Litokomane tse fapaneng tsa loli tsa sekete sa bobeli sa lilemo B.C.E., li bua le ka makhoba a neng a etsa litene le ka hore ho ne ho sebelisoa joang le letsopa, hape li bua ka palo ea litene eo basebetsi ba neng ba lokela ho e etsa letsatsi le letsatsi.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Xerxes (ea emeng) le Dariuse e Moholo (ea lutseng) moo ba betliloeng lejoeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Werner Forman/Art Resource, NY
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Karoloana ea setšoantšo se takiloeng lebitleng la Rekhmire
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Erich Lessing/Art Resource, NY