Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’

‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’

‘E-bang le Lerato Har’a Lōna’

“Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—JOHANNE 13:34, 35.

See se Bolela’ng? Kreste o ile a bolella balateli ba hae hore ba ratane ka tsela eo a ba ratileng ka eona. Jesu o ile a ba rata joang? O ne a rata batho bohle ho sa tsotellehe khethollo ea merabe le ea basali e neng e rena mehleng ea hae. (Johanne 4:7-10) Lerato le ile la susumetsa Jesu hore a tele nako ea hae, matla le boiketlo e le hore a thuse ba bang. (Mareka 6:30-34) Qetellong, Kreste o ile a bontša lerato ka tsela e khōlō ka ho fetisisa. O ile a re: “Ke ’na molisa ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.”—Johanne 10:11.

Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba bitsana “mor’abo rōna” kapa “morali’abo rōna.” (Filemone 1, 2) Batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ne ba amoheloa phuthehong ea Bokreste, hobane ba ne ba lumela hore “ha ho khethollo pakeng tsa Mojuda le Mogerike, kaha ho na le Morena ea tšoanang holim’a bohle.” (Baroma 10:11, 12) Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba Jerusalema ba ile ba “rekisa matlotlo le thepa ea bona ’me ba abela bohle chelete eohle ea tse rekisitsoeng, hantle feela kamoo mang kapa mang a neng a hloka kateng.” Ke hobane’ng ha ba ne ba etsa joalo? E le hore ba sa tsoa kolobetsoa ba tle ba lule Jerusalema ’me ba tsoele pele “ho inehela thutong ea baapostola.” (Liketso 2:41-45) Ke eng e neng e ba susumelletsa hore ba etse joalo? Lilemong tse ka tlaase ho tse 200 ka mor’a hore baapostola ba shoe, Tertullian o ile a qotsa seo ba bang ba neng ba se bua ka Bakreste: “Ba ratana hakaakang . . . ’me ba ikemiselitse le ho shoelana.”

Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Buka ea History of the Decline and Fall of the Roman Empire (1837), e bolela hore ka lilemo tse makholo batho ba neng ba ipolela hore ke Bakreste “ba ile ba bakelana liketso tse ngata tse sehlōhō ho feta tseo ba ileng ba li bakeloa ke batho bao e seng balumeli [Bakreste].” Lipatlisisong tse sa tsoa etsoa United States ho fumanoe hore batho ba bolumeli—haholo-holo ba reng ke Bakreste—le bona ba na le khethollo ea merabe. Hangata batho ba bolumeli bo le bong ba lulang libakeng tse fapaneng ha ba na likamano, ka hona ha balumeli-’moho le bona ba hloka thuso ba sitoa ho ba thusa kapa ha ba ikemisetse ho ba thusa.

Ka 2004, ka mor’a hore maholiotsoana a mane a latellanang a otle motse oa Florida ka likhoeli tse peli, molula-setulo oa Komiti e Sebetsanang le Maemo a Tšohanyetso ea Florida, o ile a hlahloba ho bona hore na liphallelo tsohle li ne li sebelisoa hantle. O ile a re haho sehlopha se neng se etsa lintho ka tsela e hlophisehileng joaloka Lipaki Tsa Jehova, eaba o ithaopela ho fana ka lintho tsohle tseo Lipaki li neng li li hloka. Pejana ho moo, ka 1997, sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova se thusang ka liphallelo se ile sa nka leeto le eang Democratic Republic of Congo se tšoere meriana, lijo le liaparo ho ea thusa Bakreste-’moho le bona le batho ba bang ba hlokang thuso. Lipaki tsa Europe li ne li fane ka liphallelo tse ka etsang R7 980 000.