Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

“Lintho Tsa Pele li ke ke Tsa Hopoloa”

“Lintho Tsa Pele li ke ke Tsa Hopoloa”

HO HOPOLA lintho tse fetileng e ka ba ntho e thabisang. Rea thaba ha re hopola linako tse monate tseo re ileng ra ba le tsona le batho bao re ba ratang. Empa maemong a mang ho hopola lintho tse fetileng e ka ba ntho e bohloko. Na u nyahamisoa ke ho lula u hopola lintho tse bohloko tseo u fetileng ho tsona? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke tla ke ke lebale ka lintho tsee tse bohloko?’ Re fumana karabo e khothatsang ka ho fetisisa mantsoeng a tlalehiloeng ke moprofeta Esaia.—Bala Esaia 65:17.

Jehova o rerile ho felisa maemo a etsang hore re hopole lintho tse bohloko. Joang? Ka ho felisa lefatše lena le khopo le tsohle tse bohloko tsa lona ’me le nkeloe sebaka ke lintho tse molemo tse tla ba teng ka ho sa feleng. A sebelisa Esaia, Jehova oa tšepisa: “Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha.” Ho utloisisa tšepiso ena ho ka etsa hore re be le tšepo e khōlō.

Maholimo a macha ke eng? Bibele e fana ka mehlala e ’meli e ka re thusang. Oa pele, bangoli ba bang ba babeli ba Bibele ba bua ka maholimo a macha ’me maemong ao ka bobeli mantsoe ana a amahanngoa le liphetoho tse khōlō tse tla etsahala lefatšeng mona. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4) Oa bobeli, ka Bibeleng lentsoe “maholimo” le ka emela bobusi kapa ’muso. (Esaia 14:4, 12; Daniele 4:25, 26) Kahoo, maholimo a macha ke ’muso o mocha, o tla tlisa maemo a lokileng lefatšeng. Ho na le ’muso o le mong feela o tla khona ho finyella seo sohle—’Muso oa Molimo e leng puso ea leholimo eo Jesu a re rutileng ho e rapella. ’Muso oo o tla etsa hore thato ea Molimo e lokileng e etsoe lefatšeng ka bophara.—Matheu 6:9, 10.

Lefatše le lecha ke eng? Nahana ka lintlha tse peli tse hlahang ka Mangolong tse ka re thusang ho fihlela qeto e nepahetseng. Ea pele, ka linako tse ling ka Bibeleng lentsoe “lefatše” le bolela batho eseng lefatše ka bolona. (Pesaleme ea 96:1) Ea bobeli, Bibele e ile ea bolela esale pele hore tlas’a puso ea Molimo, batho ba tšepahalang ba tla ithuta ho loka ’me ho loka hoo ho tla tlala lefatše. (Esaia 26:9) Kahoo, lefatše le lecha le bolela mokhatlo oa batho ba tla ikokobelletsa puso ea Molimo le ba tla phela ka melao ea hae e lokileng.

Na joale ua hlokomela hore na ke joang Jehova a tla felisa se etsang hore re hopole lintho tse bohloko? Haufinyane Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea maholimo a macha le lefatše le lecha ka ho feletseng, ka hore a tlise lefatše le lecha la ho loka. * Lefatšeng leo le lecha, lintho tsohle tse bakang mehopolo e bohloko, e leng ho utloa bohloko ’meleng, kelellong le maikutlong, li tla be li felile. Batho ba tšepahalang ba tla thabela bophelo ka ho feletseng ’me ba tla lula ba hopola liketsahalo tse monate tsa letsatsi le letsatsi.

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka lintho tse bohloko tse re imelang hona joale? A sebelisa Esaia, Jehova o tsoela pele ho re: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” Bohloko bofe kapa bofe boo re ileng ra feta ho bona tsamaisong ena ea khale bo tla fela butle-butle. Na tšepiso eo ha e u khahle? Haeba ho joalo, ho ka ba joang ha u ka batlisisa hore na ke joang u ka atamelang ho Molimo ea tšepisang bokamoso bo hlollang hakaale?

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka March:

Esaia 63Jeremia 16

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se phetha haufinyane, sheba khaolo ea 3, 8 le ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Jehova o rerile ho felisa maemo a etsang hore re hopole lintho tse bohloko