Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso li Tla Boleloa”

“Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso li Tla Boleloa”

“Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso li Tla Boleloa”

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—MATHEU 24:14.

See se Bolela’ng? Mongoli oa Kosepele, Luka, o ile a tlaleha hore Jesu o ile “a qala ho tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 8:1) Jesu ka boeena o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo . . . hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) O ile a roma barutuoa ba hae hore ba il’o bolela litaba tse molemo litoropong le metseng, eaba hamorao oa ba laela: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8; Luka 10:1.

Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Hang-hang barutuoa ba Jesu ba ile ba etsa seo Jesu a ileng a ba bolella sona. “Letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste.” (Liketso 5:42) Ho bolela ho ne ho sa etsoe ke sehlopha se itseng feela se khethehileng. Rahistori ea bitsoang Neander o ile a fumana hore “Celsus, e leng mongoli oa pele ea neng a le khahlanong le Bakreste, o ne a nyatsa taba ea hore ebe baetsi ba ulu, batei ba lieta, basuhi ba matlalo, le batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola le ba maemong a tlaase ka ho fetisisa, e ne e le bona ba chesehelang ho jala kosepele.” Bukeng ea hae ea The Early Centuries of the Church, Jean Bernardi, o ile a ngola a re: “[Bakreste] ba ne ba lokela ho tsamaea ba buisana le batho bohle hohle moo ba neng ba kopana le bona. Litseleng tse khōlō le metseng e meholo, libakeng tseo batho ba bokanang ho tsona le malapeng a bona. Ebang baa amoheloa kapa ha ba amoheloe. . . . Ho ea lipheletsong tsa lefatše.”

Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Moruti oa Kereke ea Chache, e leng David Watson, o re: “Ho hlōleha ha likereke ho nka mosebetsi oa ho bolela le ho ruta ka ho teba ke le leng la mabaka a etsang hore kajeno batho ba se ke ba thahasella ho sebeletsa Molimo.” Bukeng ea hae ea Why Are the Catholics Leaving?, José Luis Pérez Guadalupe, o ile a ngola ka seo Baevangeli, Masabatha le ba bang ba neng ba se etsa ’me a hlokomela hore “ha ba ee ka ntlo le ntlo.” Ha a ngola ka Lipaki Tsa Jehova, o ile a re: “Li tsamaea ka ntlo le ntlo ka tsela e hlophisehileng.”

Taba e thahasellisang le eo e leng ’nete e hlokometsoeng ke Jonathan Turley, e fumanehang bukeng ea Cato Supreme Court Review, 2001-2002, e re: “Haeba ho buuoa ka Lipaki Tsa Jehova, hang-hang batho ba bangata ba nahana ka baboleli ba re etelang malapeng ba re tšoenya. Ho Lipaki Tsa Jehova, ho tsamaea ka ntlo le ntlo ba sokolla batho hase feela taba ea ho bontša tumelo ea bona empa ke ntho ea bohlokoa tumelong ea bona.”

[Lebokose le leqepheng la 9]

Na U Hlokometse Matšoao?

U nahanne ka Mangolo a tšohliloeng lihloohong tsee, ke bo-mang mehleng ee ba nang le matšoao a hore ke bona Bakreste ba ’nete? Le hoja ho e-na le lihlopha le likereke tse likete tse mashome tse ipolelang hore ke Bakreste, hopola seo Jesu a ileng a se bolella balateli ba hae: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Matheu 7:21) Ho hlokomela ba etsang thato ea Ntate—e leng ba nang le matšoao a hore ke Bakreste ba ’nete—le ho tloaelana le bona ho ka etsa hore u hlohonolofatsoe ka ho sa feleng ’Musong oa Molimo. Re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova tse u fileng makasine ena hore li u bolelle se eketsehileng ka ’Muso oa Molimo le lintho tse molemo tseo o tla li etsa.—Luka 4:43.