Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Tšepa Maikutlo ao U Bang le ’Ona ka Lekhetlo la Pele?

Na U Lokela ho Tšepa Maikutlo ao U Bang le ’Ona ka Lekhetlo la Pele?

Na U Lokela ho Tšepa Maikutlo ao U Bang le ’Ona ka Lekhetlo la Pele?

NGAKA e ’ngoe e ne e lutse e iketlile, e shebeletse lenaneo la puisano thelevisheneng moo ho neng ho buisanoa le letona la ’muso oa Ireland. Ka mor’a ho hlahloba sefahleho sa letona leo ka hloko, ngaka e ile ea hlokomela hore ekare le na le hlahala. O ile a eletsa letona hore le e’o e hlahloba hang-hang.

Ha le hlahlojoa ho ile ha fumanoa hore ngaka e ne e nepile. Ngaka eo e ne e e-na le seo ka linako tse ling ho thoeng ke leihlo la bongaka, e leng bokhoni ba ho hlahloba mokuli hore na o tšoeroe ke eng ka ho mo sheba feela. Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore ba na le “leihlo la bongaka” tabeng ea ho bolela hore na motho ke oa mofuta ofe, seo a leng sona ka hare le hore na ua tšepahala kapa che.

Ka lilemo tse makholo bafuputsi ba ’nile ba leka ho fumana mokhoa oa saense oa ho tseba botho ba motho ka ho mo sheba feela. Ba bitsa seo physiognomy, eo Encyclopædia Britannica e e hlalosang e le “khopolo eo ka phoso ho thoeng ke ea saense e sebetsanang le ho hlokomela botho ba motho boo e ka ’nang eaba bo senoloa ke ponahalo ea sefahleho kapa tsela eo ’mele oa hae o bōpehileng ka eona.” Lekholong la bo19 la lilemo, litsebi tse etsang liphuputso ka mekhoa ea batho le litso tsa bona, tse kang Francis Galton, e leng motsoal’a Charles Darwin le litsebi tse etsang liphuputso ka tlōlo ea molao, tse kang Cesare Lombroso oa Italy, li ile tsa buella likhopolo le mekhoa e tšoanang eo e ileng ea lebaloa ho tloha nakong eo.

Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba lumela hore hoa khoneha ho bolela hantle seo motho a leng sona ka hare ka ho mo sheba feela. Na re ka tšepa maikutlo a joalo ao re bang le ’ona ka batho ka lekhetlo la pele feela?

Ho Ahlola ho ea ka Ponahalo

Mohlala oa ho ahlola hantle kapa hampe ho latela seo motho a se bonang ka lekhetlo la pele, o fumanoa bukeng ea Bibele ea Samuele oa Pele. Jehova Molimo o ile a laela moprofeta Samuele hore a tlotse e mong oa lelapa la Jese hore e be morena oa ka moso oa Iseraele. Rea bala: “Eare ha [bara ba Jese] ba kena ’me a re heli! a bona Eliabe, hang-hang a re: ‘Ka sebele motlotsuoa oa Jehova o ka pel’a hae.’ Empa Jehova a re ho Samuele: ‘U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.’” Jehova o ile a bua se tšoanang ka bara ba bang ba tšeletseng ba Jese. Qetellong, ho fapana le seo moprofeta le Jese ba neng ba se nahanne, Molimo o ile a khetha morena oa ka moso hore e be Davida—mora oa borobeli oa Jese—moshanyana eo ho neng ho se motho ea ileng a nahana le ho mo bitsa.—1 Samuele 16:6-12.

Lintho ha lia fapana hakaalo kajeno. Lilemo tse ’maloa tse fetileng Jeremane, moprofesa oa liphuputso ka tlōlo ea molao o ile a etsa lipatlisiso ho barutoana ba molao ba 500. Ho ne ho e-na le “baeti” ba neng ba sa tsejoe ba 12. Ba ne ba akarelletsa molaoli oa sepolesa oa moo, mochochisi, motšoari oa matlotlo oa univesithi le molaoli oa likamano le sechaba le babuelli ba molao le balaoli ba lekhotla le linokoane tse tharo tse fumanoeng li le molato. Barutoana ba ne ba lokela ho fumana hore na moeti ka mong o etsa mosebetsi oa mofuta ofe hammoho le hore na ke bafe ho bona ba lokelang ho koalloa chankaneng le hore na ba entse tlōlo efe ea molao. Ba ne ba lokela ho etsa sena ba itšetlehile ka tsela eo baeti bana ba shebahalang ka eona le lintho tseo ba itseng baa li rata.

Ba ile ba fumana eng? Barutoana ba etsang liphesente tse ka bang 75 ba ile ba atleha ho khetha batho ba bararo bao e neng e hlile e le linokoane. Empa barutoana ba ka etsang liphesente tse 60 ba ile ba re baeti ba robong ba se nang tlaleho ea tlōlo ea molao ke linokoane. Morutoana a le mong ho ba supileng o ile a re mochochisi o tšoaneloa ke ho ba motho ea rekisang lithethefatsi ’me a le mong ho ba bararo o ile a nahana hore molaoli oa sepolesa ke lesholu! U ke ke ua fihlela qeto e nepahetseng ka motho u itšetlehile ka seo u se bonang. Hobane’ng?

Ponahalo e ka Thetsa

Ha re kopana le motho ka lekhetlo la pele, re ee re be le maikutlo a itseng ka eena a thehiloeng holim’a lintho tseo rōna re fetileng ho tsona. Re ka etsa qeto ka eena re itšetlehile ka maikutlo a atileng ’me ra mo ahlola ho latela seo batho ka kakaretso ba se nahanang. Ho phaella ho ahloleng motho ho ea ka chebahalo ea hae, re ka mo ahlola hape ho ea ka hore na ke oa sechaba sefe, morabe ofe, maemo a hae ke afe bophelong kapa ke oa bolumeli bofe.

Haeba re hlokomela hore maikutlo ao re bileng le ’ona ka motho eo a nepahetse, re nka hore qeto eo re e etsang ka batho ha re qala ho ba bona e nepahetse ’me seo se ka etsa hore re itšepe. Leha ho le joalo, haeba re hlokomela hore qeto eo re ileng ra e etsa ka motho eo e ne e fosahetse ka ho feletseng, re etsa’ng? Haeba re tšepahala, re lokela ho tlohela maikutlo ao re neng re e-na le ’ona pele ’me re batle seo e leng ’nete. Ho seng joalo re tla utloisa ba bang bohloko haholo kapa re ba ntše kotsi ka lebaka feela la ho nahana hore re na le bokhoni bo phahameng ba ho ahlola ba bang.

Ho ahlola batho ho latela tsela eo ba shebahalang ka eona ho ka ba kotsi, eseng feela ho motho ea ahloloang empa hape le ho ea ahlolang. Ka mohlala, lekholong la pele la lilemo Bajuda ba bangata ba ile ba hana ho amohela hore e ka ’na eaba Jesu ke eena Mesia ea tšepisitsoeng. Hobane’ng? Kaha ba ne ba thehile maikutlo a bona ho seo ba se bonang, ha ba mo sheba ba ne ba bona feela mora oa ’metli oa mapolanka ea sa reng letho. Le hoja ba ne ba khahliloe ke mantsoe a Jesu a bohlale le mesebetsi ea hae e matla, ba ile ba hana ho lumela hore e ka ba motho ea phahameng ho feta kamoo ba neng ba nahana kateng, kaha ba ne ba itšetlehile ka qeto eo ba neng ba se ba ntse ba e fihletse ka eena. Tsela eo ba neng ba etsa lintho ka eona e ile ea etsa hore Jesu a rute batho ba libakeng tse ling, o ile a re: “Moprofeta ha a hlompholloe haese sebakeng sa habo le ka tlung ea hae.”—Matheu 13:54-58.

Bajuda bao e ne e le karolo ea sechaba se neng se letetse Mesia ka lilemo tse makholo. Taba ea hore ba ile ba lumella maikutlo ao ba ileng ba e-ba le ’ona ka lekhetlo la pele ho ba thibela hore ba hlokomele Mesia ha a se a fihlile, e ile ea etsa hore Molimo a se ke a hlola a ba amohela. (Matheu 23:37-39) Balateli ba Jesu le bona ba ile ba bontšoa leeme ka tsela e tšoanang. Batho ba bangata ba ne ba sa lumele hore ho na le ntho ea bohlokoa eo ba ka e bolelloang ke sehlotšoana sa batšoasi ba litlhapi se neng se hloiloe ke batho ba rutehileng le baeta-pele ba bolumeli bo boholo. Batho ba ileng ba tšepa maikutlo ao ba ileng ba e-ba le ’ona ka lekhetlo la pele, ba ile ba lahleheloa ke monyetla o babatsehang oa ho ba balateli ba Mora oa Molimo.—Johanne 1:10-12.

Ba Bang ba Ile ba Fetola Maikutlo

Batho ba bang ba phetseng le Jesu ba ne ba ikokobelitse hoo ba ileng ba fetola maikutlo a bona ha ba iponela bopaki. (Johanne 7:45-52) Ba bang ba bona ke beng ka Jesu bao qalong ba neng ba sa nke ka ho teba taba ea hore ho ka etsahala hore ebe e mong oa beng ka bona ke Mesia. (Johanne 7:5) Ho babatsehang ke hore ha nako e ntse e e-ea ba ile ba fetola maikutlo a bona ’me ba lumela ho eena. (Liketso 1:14; 1 Bakorinthe 9:5; Bagalata 1:19) Ka tsela e tšoanang, lilemo hamorao Roma, ba bang ba baemeli ba Bajuda ba ne ba ikemiselitse ho mamela moapostola Pauluse ka seqo ho e-na le ho tšepa lintho tseo lira tsa Bokreste li neng li li hasa ka eena. Ka mor’a hore ba mamele, ba bang ba bona e ile ea e-ba balumeli.—Liketso 28:22-24.

Kajeno, batho ba bangata ba na le maikutlo a fosahetseng ka Lipaki Tsa Jehova. Hobane’ng? Maemong a mangata, hase hobane ba hlahlobile lintlha kaofela kapa ba fumane bopaki ba hore litumelo le mekhoa ea Lipaki ha lia thehoa ka Bibeleng. Ho e-na le hoo, ha ba lumele hore Lipaki Tsa Jehova e ka ba tsona tse rutang ’nete litabeng tsa bolumeli. Hopola hore boikutlo bona ke bona boo ba bangata lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le bona ka Bakreste ba pele.

Ha ho makatse hore ba lekang ho latela mohlala oa Jesu ha ba amoheloe kapa ba buuoa hampe. Hobane’ng? Hobane Jesu o ile a lemosa balateli ba hae ba ’nete, a re: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.” Empa o ile a ba khothatsa ka mantsoe ana: “Ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 10:22.

Kaha li mamela taelo ea Jesu, kajeno Lipaki Tsa Jehova li sebetsa ka thata ho tlisetsa batho lefatšeng lohle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 28:19, 20) Batho ba hanang ka ho feletseng ho mamela, ba ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke monyetla oa ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Ho thoe’ng ka uena? Na u tla ahlola batho ka seo u se bonang ’me u etse qeto ka bona le pele u utloa lintlha kaofela, kapa u tla hlahloba lintlha kaofela u sa bontše leeme? Hopola hore ponahalo ea thetsa ’me maikutlo ao re bang le ’ona ka batho a ka fosahala, empa ho hlahloba lintho ka tsela e hlokang leeme ho ka re tlisetsa thabo.—Liketso 17:10-12.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Maikutlo ao Bajuda ba bangata ba bileng le ’ona ka lekhetlo la pele ka Jesu a ile a etsa hore ba se ke ba mo amohela e le Mesia

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Na maikutlo a hao ka Lipaki Tsa Jehova a thehiloe ho seo u se utloileng feela kapa ho seo e leng ’nete?