Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Aletare ea “Molimo ea sa Tsejoeng” eo moapostola Pauluse a ileng a e bona Athene e ne e le eng?—Liketso 17:23.

Bangoli ba bangata ba Bagerike ba boholo-holo ba ile ba bua ka lialetare tsa mofuta oo. Ka mohlala, rahistori oa lekholo la bobeli la lilemo C.E., hape e le setsebi sa jeokrafi, Pausanias, o ile a bolela hore Olympia ho ne ho e-na le “aletare ea melimo e sa Tsejoeng.” Sebui sa phatlalatsa le rafilosofi Philostratus o bolela hore Athene, “[ho ne] ho hlongoa lialetare e le ho tlotla esita le melimo e sa tsejoeng.”

Mongoli oa lekholong la boraro la lilemo C.E., Diogenes Laertius, o hlalosa hore na neano ea ho etsa “lialetare tse se nang mabitso” e ile ea qaleha joang. Paleng ea hae ea lekholo la botšelela kapa la bosupa la lilemo B.C.E., o bolela kamoo motho ea bitsoang Epimenides a ileng a hloekisa lefu la seoa kateng Athene. Diogenes oa ngola: “[Epimenides] o ile a nka linku . . . ’me a li tlisa Areopago; eaba o li tlohela hore li ee moo li ratang, a laela ba li setseng morao hore ba tšoaee sebaka seo nku e ’ngoe le e ’ngoe e bothang ho sona ’me ba etsetse molimo oa sebaka seo sehlabelo. Ho thoe lefu la seoa le ile la fela joalo. Kahoo, le kajeno ho ntse ho ka fumanoa lialetare tse se nang mabitso likarolong tse fapaneng tsa Attica.”

The Anchor Bible Dictionary, e re lebaka le leng leo e ka ’nang eaba lialetare tsa melimo e sa tsejoeng li ne li ahuoa ka lona ke hore “batho ba ne ba tšaba hore ho na le molimo kapa molimotsana ea itseng ea sa tsejoeng eo ba ka ’nang ba mo hlokomoloha ebe ha ba fumane melemo e tsoang ho eena kapa ebe oa ba halefela.”

Ke hobane’ng ha Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hloile babokelli ba lekhetho?

Ha ho mohla babokelli ba lekhetho ba kileng ba ratoa. Baiseraele ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ba nka e le ba bang ba batho ba hloiloeng ka ho fetisisa le ba tloaelehileng haholo ka bobolu.

Babusi ba ’muso oa Roma ba ne ba lefisa batho lekhetho le boima. Ba boholong ’musong oa Roma ba ne ba bokella lekhetho la naha le le tsoang ho batho ka bo-mong, empa motho eo ba neng ba mo fa mosebetsi oo ke ea neng a ikemiselitse ho lefa chelete e ngata ka ho fetisisa eo a e bokeletseng ea lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka har’a naha le la thepa e fetelang linaheng tse ling. Ka hona, bo-rakhoebo ba sebakeng seo ba ne ba reka tokelo ea ho bokella lekhetho libakeng tse itseng. Kaha ba ne ba ikentse lisebelisoa tsa Baroma ba hloiloeng, batho bao ba ne ba hloiloe ke Bajuda ba habo bona haholo ’me Cyclopædia ea M’Clintock le Strong e re ba ne ba ba talima joaloka “mahlabaphio le bakoenehi ba silafalitsoeng ke ho tloaelana le bahetene.”

Babokelli ba lekhetho ba ne ba tumme hampe ka hore ha ba tšepahale ’me ba ne ba ithuisa ka chelete eo ba neng ba e nka ho Bajuda ba habo bona. Ba bang ba ne ba bitsa theko e holimo haholo thepeng e lokelang ho lefelloa lekhetho ebe ba inkela phaello, ha ba bang bona ba ne ba sebelisa liqoso tsa bohata e le ho qhekella mafutsana. (Luka 3:13; 19:8) The Jewish Encyclopedia e re ke ka lebaka lona leo babokelli ba lekhetho ba neng ba talingoa joaloka baetsalibe ’me “ba ne ba sa tšoanelehe ho ba baahloli kapa tsona lipaki.”—Matheu 9:10, 11.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Aletare ea molimo ea sa tsejoeng e lithakong tsa Pergame, Turkey

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Setšoantšo se betliloeng sa Roma sa ’mokelli oa lekhetho sa lekholong la bo2 kapa la bo3 la lilemo C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Erich Lessing/Art Resource, NY