Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Bana ba Hao

“A ’na a Khomarela Jehova”

“A ’na a Khomarela Jehova”

NA U kile ua bolelloa hore u khomarele ntho e itseng? * Batsoali le matichere ba ka ’na ba bolella bana hore ba khomarele lithuto tsa bona. Sena se bolela hore ba lokela ho li nka e le tsa bohlokoa. Re batla ho bua ka motho eo Bibele e reng o ile “a ’na a khomarela Jehova,” Molimo oa ’nete. Lebitso la motho eo ke Ezekiase. A re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae.

Ezekiase ha aa ka a hōla ha monate. Akaze, ntate oa hae, eo e neng e le morena oa Juda, o ile a tlohela ho sebeletsa Jehova. Ha Ezekiase e sa le moshanyana, Akaze o ile a etella sechaba pele borapeling ba melimo ea bohata. O ile a ba a etsa hore e mong oa bara ba hae—moena oa Ezekiase—a bolaoe ’me Akaze a etsetsa molimo eo a neng a mo rapela sehlabelo ka eena!

Le hoja Akaze a ile a tsoela pele ho etsa lintho tse mpe, Ezekiase o ile a tsoela pele ho mamela Jehova. Na u nahana hore ho ne ho le thata ho eena ho etsa joalo?— E tlameha ebe ho ne ho le thata. Empa Ezekiase ha aa ka a tela! A re ke re ithute hore na ke joang a ileng a khona ho khomarela Jehova, le hore na rōna re ka etsa se tšoanang joang.

Ezekiase o ile a ithuta ka ba bang ba ileng ba khomarela Jehova. Davida e ne e le e mong oa bona. Le hoja Davida a ne a phetse lilemong tse makholo pejana, Ezekiase o ne a ka ithuta ka eena ka Mangolong. Davida o ile a ngola a re: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.”

Na ua bona hore na ke eng e ileng ea thusa Davida hore a mamele Jehova?— Ke tumelo ea hae! Davida o ne a tseba hore haeba a mamela, Jehova o tla mo thusa. Davida o ne a se na pelaelo ka seo! Ha ho pelaelo hore ha Ezekiase a ne a nahana ka Davida, seo se ne se mo thusa hore a khomarele Jehova ka hore a Mo mamele. Le uena u ka kholiseha hore Jehova a ka u thusa haeba u lula u mo khomaretse ka hore u mo mamele.

Joale, haeba ntate oa hao kapa ’mè oa hao a sa rapele Jehova, u tla etsa’ng?— Molimo o re bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona. Kahoo u lokela ho mamela batsoali ba hao. Leha ho le joalo, haeba batsoali ba hao ba re u etse ntho eo Molimo a reng ha ua lokela ho e etsa, u ka ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha u ke ke ua etsa ntho eo. Ha ua lokela ho bua leshano, ho utsoa kapa ho etsa ntho e ’ngoe e mpe eo Molimo a reng e fosahetse, ho sa tsotellehe hore na ke mang ea reng u e etse. U etsa hantle ha u mamela Molimo!

Ho na le mehlala e metle eo re ka e latelang. Davida e ne e se eena feela eo Ezekiase a neng a ka latela mohlala oa hae, o ne a ka latela le oa ntate-moholo oa hae Jothame. Le hoja Jothame a ile a shoa pele Ezekiase a hlaha, o ne a ka ithuta ka eena joalokaha le rōna kajeno re ka ithuta ka Jothame Libibeleng tsa rōna. U nahana hore ke mehlala efe e meng e metle eo re ka e latelang?

Ke ’nete hore ka Bibeleng re ka ithuta ka liphoso tseo Ezekiase, Davida, Jothame le ba bang ba batho ba sa phethahalang ba ileng ba li etsa. Leha ho le joalo, batho bao ba ne ba rata Jehova, ba amohela liphoso tsa bona ’me ba leka ho etsa se nepahetseng. Hopola hore ke Jesu feela, Mora oa Molimo, ea neng a phethahetse. A re ithuteng haholo-holo ka eena ’me re leke ho latela mohlala oa hae.

^ ser. 3 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.