Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Lentsoe la Molimo

Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Kolobetsoa?

Ke Hobane’ng ha Bakreste ba Kolobetsoa?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Ho kolobetsoa ha Bakreste ho bolela’ng?

Ha motho a kolobetsoa o etsa kōpo ea ho ba le kamano e ntle le Molimo. Ka hona, Mokreste o lokela ho kolobetsoa, eseng ha e ntse e le lesea, empa ha a se a hōlile ka ho lekaneng hore a ithute ka Molimo le hore e be morutuoa oa Jesu. (Liketso 8:12; 1 Petrose 3:21) Re ba barutuoa ba Jesu ha re ithuta ka eena re bile re etsa lintho tseo a re laetseng tsona.—Bala Matheu 28:19, 20.

Mehleng ea baapostola ba Jesu, batho ba bangata ha baa ka ba qeaqea ho ithuta ka Molimo le Jesu. Ka mohlala, ha monna e mong a ithuta hore lefu la Jesu le fana ka monyetla oa hore batho ba pholohe, e ile ea e-ba morutuoa hang-hang. Kajeno, batho ba bangata bao ka botšepehi ba ithutileng ’nete, ba khethile ho ba balateli ba Jesu.—Bala Liketso 8:26-31, 35-38.

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a kolobetsoa?

Jesu o ne a ka ba lilemo li 30 ha Johanne Mokolobetsi a mo qoelisa Nōkeng ea Jordane. Ha Jesu a kolobetsoa, o ne a bontša hore o batla ho etsa thato ea Molimo. (Baheberu 10:7) Sena se ne se tla akarelletsa hore a fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo bakeng sa libe tsa batho. Le pele a theoha leholimong ho tla phela lefatšeng, esale Jesu a ntse a rata Ntate oa hae Jehova, a bile a mo mamela.—Bala Mareka 1:9-11; Johanne 8:29; 17:5.

3. Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho kolobetsoa?

Ho fapana le Jesu, rōna re tsoetsoe re le baetsalibe. Leha ho le joalo, lefu la Jesu la sehlabelo le etsa hore re khone ho ba le kamano e ntle le Molimo. (Baroma 5:10, 12; 12:1, 2) Ha e le hantle, re ka khona ho ba bana ba hae, re be litho tsa lelapa la hae. (2 Bakorinthe 6:18) Tokelo eo re ka e fumana joang? Ha re etsa thapelo ea boinotšing, re inehela ho Jehova ’me re itlama hore re tla etsa thato ea hae bophelo bohle ba rōna. Ka mor’a hore re inehele joalo, re bontša phatlalatsa hore re inehetse ka ho kolobetsoa.—Bala Matheu 16:24; 1 Petrose 4:2.

4. U ka itokisetsa ho kolobetsoa joang?

Lipaki Tsa Jehova li ithuta Bibele le motho e mong le e mong ea batlang ho atamela ho Molimo. Ho ithuta Bibele le ho ea libokeng tsa Bokreste ho tla matlafatsa lerato leo u nang le lona ho Molimo hammoho le tumelo ea hao ho eena. Ho tla boela ho u thuse hore u be le boitšoaro le mekhoa e metle. Ho ba le lerato, tumelo le litšobotsi tse ling tseo Molimo a li ratang, ho tla u thusa hore u phelele boitlamo ba hao ba ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng.—Bala Johanne 17:3; Baheberu 10:24, 25.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 18 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.