Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moqoqo le Moahelani—Na Jesu ke Molimo?

Moqoqo le Moahelani—Na Jesu ke Molimo?

Moqoqo le Moahelani—Na Jesu ke Molimo?

LIPAKI TSA JEHOVA li thabela ho buisana ka Bibele le baahelani ba tsona. Na ho na le taba e itseng ka Bibeleng eo u eeng u ipotse ka eona? Na u rata ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, lekhetlong le tlang ha u kopana le Paki, u se ke ua qeaqea ho e botsa. E tla thabela ho tšohla taba eo le uena.

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo Paki ea Jehova e ka bang le oona le moahelani oa eona. A re nke hore Paki e bitsoang Moroesi e etetse ha ’mè ea bitsoang Lineo.

Na ke ’Nete Hore ha le Lumele ho Jesu?

Lineo: Moruti oa ka o re Lipaki Tsa Jehova ha li lumele ho Jesu. Na ke ’nete?

Moroesi: Seo nka u tiisetsang sona ke hore re lumela ho Jesu. Ha e le hantle, re lumela hore ho lumela ho Jesu ke habohlokoa e le hore re tle re pholohe.

Lineo: Le ’na ke seo ke se lumelang.

Moroesi: Kahoo, ntlheng ena ’na le uena rea lumellana. Pele ke lebala, ’na ke Moroesi. Uena u mang?

Lineo: ’Na ke Lineo. Ke thabela ho u tseba.

Moroesi: Le ’na ke thabela ho u tseba. Mohlomong ua ipotsa hore na, ‘Haeba kannete Lipaki Tsa Jehova li lumela ho Jesu, ke hobane’ng ha batho ba re ha re lumele ho eena?’

Lineo: Ehlile kea ipotsa ’me ke batla ho tseba lebaka.

Moroesi: Ka bokhutšoanyane feela Lineo, re lumela ho Jesu haholo, empa ha re lumele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e buang ka eena.

Lineo: E kang efe?

Moroesi: Batho ba bang ba re Jesu e ne e le motho feela ea lokileng. Empa ha re lumellane le seo.

Lineo: Le ’na ha ke lumele.

Moroesi: Ho bolelang hore le tabeng ena rea lumellana. Mohlala oa bobeli ke hore Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le lintho tse rutoang ka Jesu tse hanyetsang seo eena a se buileng ka kamano ea hae le Ntate oa hae.

Lineo: U bolela’ng?

Moroesi: Malumeli a mangata a ruta hore Jesu ke Molimo. Mohlomong le uena u rutiloe joalo.

Lineo: Ho joalo, moruti oa ka o re Molimo le Jesu ke motho a le mong.

Moroesi: Leha ho le joalo, na u ka latola hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta ’nete ka Jesu ke ho hlahloba hore na o itlhalosa joang?

Lineo: Che, nke ke ka latola.

Jesu o Ile a Itlhalosa Joang?

Moroesi: A re ke re tšohle temana ea Bibele e re thusang ho utloisisa taba ena. Ke kōpa u ele hloko seo re tla se bala ho Johanne 6:38. Jesu o itse: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.” Polelo eo e ne e tla makatsa haeba Jesu e ne e le Molimo.

Lineo: U bolela’ng?

Moroesi: Ke bolela hore Jesu o itse ha aa ka a theoha leholimong ho tla etsa thato ea hae.

Lineo: Kea utloa, o itse o tletse ho tla etsa thato ea Ea mo romileng.

Moroesi: Empa haeba Jesu ke Molimo, o ne a romiloe ke mang? Hona ke hobane’ng ha Jesu a ile a mamela Eo ea mo romang?

Lineo: Ekare kea utloa joale. Empa na temana ee e le ’ngoe feela e ka paka hore Jesu hase Molimo?

Moroesi: Hlokomela hape hore na ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re’ng. O buile ntho e tšoanang khaolong e latelang ea Johanne. Ke kōpa u bale Johanne 7:16.

Lineo: Ho lokile. “Jesu, le eena, a ba araba ’me a re: ‘Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.’”

Moroesi: Kea leboha. Ho latela temana ee, na Jesu o ne a ruta maikutlo a hae?

Lineo: Che, o itse seo a se rutang se tsoa ho Ea mo romileng.

Moroesi: U nepile. Re ka boela ra ipotsa: ‘Ke mang ea neng a romme Jesu? Hona linnete tseo a neng a li ruta li ne li tsoa ho mang?’ Na re ne re ke ke ra lebella hore motho eo a be moholo ho Jesu? Etsoe ea romang o moholo ho ea rongoang.

Lineo: Ha ho ’nete e fetang eo. Ke qala ho utloa temana ena.

Moroesi: Hape, nahana ka mantsoe a Jesu a ho Johanne 14:28: “Le utloile hore ke itse ho lōna, kea tsamaea ’me ke khutlela ho lōna. Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ea ho Ntate, hobane Ntate o moholo ho ’na.” Ho latela temana ee, u ka re Jesu o ne a nka hore o amana joang le Ntate?

Lineo: O re, Ntate o moholo ho eena. Kahoo, ke nahana hore o ne a nka hore Molimo o moholo ho eena.

Moroesi: Hantle haholo. Mohlala o mong ke ona, hlokomela seo Jesu a ileng a se bolella barutuoa ba hae ho Matheu 28:18. Temana ena e re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Na Jesu o re haesale a e-na le matla ’ohle?

Lineo: Che, o itse o a filoe.

Moroesi: Haeba Jesu ke Molimo, o ne a ka fuoa matla a eketsehileng joang? Hona o a filoe ke mang?

Lineo: Che, kea bona joale.

O ne a Bua le Mang?

Moroesi: Ho na le taba e ’ngoe e makatsang haeba kannete Jesu ke Molimo.

Lineo: Ke efe?

Moroesi: Ke eo re e balang ka kolobetso ea Jesu. Hlokomela tlaleho e ho Luka 3:21, 22. Ke kōpa u e bale.

Lineo: “Joale ha batho bohle ba kolobetsoa, Jesu le eena a kolobetsoa ’me, ha a ntse a rapela, leholimo la buleha ’me moea o halalelang oa theohela holim’a hae o le sebōpehong sa ’mele se joaloka leeba, ’me lentsoe la tsoa leholimong: ‘U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.’”

Moroesi: Na u hlokometse hore na Jesu o ne a ntse a etsa’ng ha a kolobetsoa?

Lineo: O ne a ntse a rapela.

Moroesi: Ke ’nete. Empa re ka ’na ra ipotsa, ‘Haeba Jesu ke Molimo, o ne a rapela mang?’

Lineo: Ua tseba le ’na kea ipotsa. Empa ke tla botsa moruti oa ka.

Moroesi: Hona ntlheng eo, hlokomela hore ka mor’a hore Jesu a tsoe ka metsing, ho na le motho ea ileng a bua a le leholimong. Na u hlokometse hore na motho eo o ile a re’ng?

Lineo: O itse Jesu ke Mora oa Hae, Oa mo rata ebile O mo amohetse.

Moroesi: U nepile. Empa haeba Jesu ke Molimo, ke mang ea buileng lintho tseo a le leholimong?

Lineo: Ha ke e-s’o nahane taba ena ka tsela eo.

Ke Hobane’ng ha e Mong e le “Ntate” e Mong e le “Mora”?

Moroesi: Nahana ka sena hape: Re balile hore Jesu o itse Molimo ke Ntate oa hae ea leholimong. Ebile ha Jesu a kolobetsoa, motho ea ileng a bua ho tsoa leholimong o ile a re Jesu ke Mora oa Hae. Ha e le hantle, Jesu ka boeena o ne a ipitsa Mora oa Molimo. Joale, haeba u ne u batla ho ntlhalosetsa hore batho ba babeli baa lekana, u ne u ka etsa mohlala ka bo-mang ka lapeng?

Lineo: Ke ne ke tla etsa mohlala ka bara ba babeli ba motho.

Moroesi: Hantle haholo—mohlomong u ne u ka etsa mohlala le ka mafahla. Empa Jesu o itse Molimo ke Ntate ’me eena ke Mora. Kahoo, u nahana hore Jesu o ne a bolela’ng?

Lineo: Kea utloa hore na u bolela’ng. Jesu o hlalosa hore motho e mong o moholo ebile o na le matla ho feta e mong.

Moroesi: Hantle haholo. Nahana ka sena: U nahanne ka papiso e loketseng hantle ea batho ba lekanang, ea bara ba motho kapa ea mafahla. Haeba kannete Jesu e ne e le Molimo, na ha u nahane hore joaloka Mosuoe e Moholo, a ka be a ile a nahana ka papiso eona ee—kapa e ’ngoe e hlakileng le ho feta e bontšang hore baa lekana?

Lineo: A ka be a nahanne ka eona.

Moroesi: Empa, ho e-na le hoo, o sebelisa mantsoe “Ntate” le “Mora” ha a hlalosa kamano ea hae le Molimo.

Lineo: U hlahisa ntlha ea bohlokoa.

Balateli ba Jesu ba Pele ba Ile ba Re’ng ka Taba Ee?

Moroesi: Pele ke tsamaea, ke rata ho bua ka ntlha e ’ngoe hape tabeng ena, haeba u ntumella.

Lineo: Ho lokile, ke sa na le nakonyana.

Moroesi: Haeba kannete Jesu ke Molimo, na ha u nahane hore barutuoa ba Jesu ba ka be ba boletse seo ka ho hlaka?

Lineo: Ke nahana joalo.

Moroesi: Empa ha ho kae kapa kae Bibeleng moo re utloang ho thoe ba rutile seo. Ho fapana le moo, hlokomela seo e mong oa balateli ba pele ba Jesu, e leng moapostola Pauluse, a ileng a se ngola. Ho Bafilipi 2:9, o hlalosa seo Molimo a ileng a se etsa ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, o re: ‘Molimo o ile a phahamisetsa Jesu boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.’ Temana ee e re Molimo o ile a beha Jesu boemong bofe?

Lineo: E re Molimo o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng.

Moroesi: Ho joalo. Empa haeba Jesu o ne a lekana le Molimo pele a e-shoa ’me hamorao Molimo a mo phahamisetsa boemong bo fetang boo a neng a le ho bona, na seo se ne se tla etsa hore Jesu a phahame ho feta Molimo? Motho e mong a ka phahamela Molimo joang?

Lineo: Eo hase ntho e ka etsahalang.

Moroesi: Ke lumellana le uena. Joale, ka mor’a bopaki boo boo re bo tšohlileng, na u ka re Bibele e ruta hore Jesu ke Molimo?

Lineo: Che, ha ho bonahale joalo. Bibele e re ke Mora oa Molimo.

Moroesi: U nepile. Leha ho le joalo, Lineo, tseba hore Lipaki Tsa Jehova li hlompha Jesu haholo. Re lumela hore lefu la hae joalokaha e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng, le buletse batho bohle ba tšepahalang tsela ea ho pholoha.

Lineo: Le ’na ke lumela hore ho joalo.

Moroesi: Empa e ka ’na eaba ua ipotsa: ‘Re ka bontša Jesu joang hore re ananela hore ebe o re teletse bophelo ba hae?’ *

Lineo: Ke ’nile ka ipotsa seo.

Moroesi: Ho ka ba joang ha nka khutla e le hore re arabe potso eo ka Bibele. Na u tla be u le teng lapeng ka nako ee bekeng e tlang?

Lineo: E, ke tla be ke le teng.

Moroesi: Ho lokile, ke tla u bona bekeng e tlang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 76 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 5 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?