Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tšoara ka Tieo

O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tšoara ka Tieo

JOSEFA o lahlela thoto e ’ngoe holim’a esele. O qamaka koana le koana motseng o lefifi oa Bethlehema ebe o phaphatha esele ea hae e shahlileng lephakong. Ha ho pelaelo hore o ne a ntse a nahana ka leeto le lelelele leo a le nkang, le lebang Egepeta. Ho batho basele, ba puo esele, ba mekhoa esele—ebe lelapa la hae le lenyenyane le tla tloaela liphetoho tsee tse khōlō joang?

Ho ne ho se bonolo hore a bolelle Maria, mosali oa hae eo a mo ratang litaba tsena tse bohloko, empa Josefa o ile a iteta sebete. O ile a mo bolella ka toro eo ho eona lengeloi le ileng la mo fa molaetsa ona o tsoang ho Molimo: Morena Heroda, o ne a batla ho bolaea mora oa bona e monyenyane! Ba ne ba lokela ho tsamaea hang-hang. (Matheu 2:13, 14) Maria o ne a tšoenyehile haholo. Ke hobane’ng ha motho e mong a ne a ka batla ho bolaea ngoana oa hae ea se nang molato le ea seng kotsi? Maria le Josefa ba ne ba sa utloisise. Empa ba ne ba tšepile Jehova, eaba ba itokisetsa tsela.

Ha motse ’ohle oa Bethlehema o ile le sephume sa boroko, o sa tsebe se etsahalang, Josefa, Maria le Jesu ba tsoa ka lenyele har’a lefifi. Ha Josefa le lelapa ba ea ba lebile ka boroa ’me leholimo le qala ho ela ka bochabela, mohlomong o ne a ipotsa ka se larileng ka pele. ’Metli oa mapolanka oa boemo bo tlaase joaloka eena o ne a ka sireletsa lelapa la hae ho motho ea matla hakaalo joang? Na o ne a tla khona ho hlokomela lelapa la hae kamehla? Na o ne a tla khona ho tšoara ka tieo e le hore a phethe mosebetsi oo o boima oo Jehova Molimo a mo fileng oona oa ho hlokomela le ho hōlisa ngoana eo ea khethehileng? Josefa o ne a shebane le mathata a boima. Ha re hlahloba kamoo a ileng a atleha kateng ha a tobane le mathata ao, re tla bona hore na ke hobane’ng ha kajeno bo-ntate—le rōna kaofela—re lokela ho etsisa tumelo ea Josefa.

Josefa o Ile a Sireletsa Lelapa la Hae

Likhoeli pejana, motseng oa habo oa Nazaretha, bophelo ba Josefa bo ile ba fetoha ka mor’a ho lebeletsana le morali oa Heli. Josefa o ne a tseba Maria e le moroetsana ea itšoereng hantle le ea tšepahalang. Empa joale o ile a tseba hore Maria ke moimana! Eaba o rera ho mo hlala ka lenyele e le hore a se ke a mo hobosa. * Leha ho le joalo, lengeloi le ile la bua le eena torong, le hlalosa hore Maria o imisitsoe ke moea o halalelang oa Jehova. Le ile la phaella ka ho re mora eo a mo immeng o tla “pholosa batho ba habo libeng tsa bona.” Le ile la boela la khothatsa Josefa, la re: “U se ke ua tšaba ho isa Maria mosali oa hao lapeng.”—Matheu 1:18-21.

Josefa, monna ea lokileng le ea mamelang, o ile a fela a etsa joalo. O ile a amohela boikarabelo bo boimahali: ho hōlisa le ho hlokomela mora eo e neng e se oa hae empa e le mora oa bohlokoa ka ho fetisisa ho Molimo. Hamorao, Josefa o ile a isa mosali oa hae oa moimana Bethlehema tumellanong le taelo ea ’muso ea ho ingolisa. Ngoana o ile a hlahela hona moo. *

Josefa le lelapa la hae ha baa ka ba khutlela Nazaretha. Ho e-na le hoo, ba ile ba lula Bethlehema, bohōle ba lik’hilomithara tse seng kae ho tloha Jerusalema. Ba ne ba futsanehile, empa Josefa o ile a etsa sohle se matleng a hae hore Maria le Jesu ba se ke ba lapa kapa ba sotleha. Ba ile ba lula ntlong ea boemo bo tlaase ka nakoana. Joale ha Jesu e se e le ngoana e monyenyane—mohlomong a lata selemo sa bobeli—bophelo ba bona bo ile ba fetoha hape ka tšohanyetso.

Ho ile ha fihla sehlopha sa banna ba linohe tsa linaleli ba tsoang Bochabela, mohlomong ba tsoa hōle Babylona. Ba ne ba latetse naleli hore ba fihle lapeng la Josefa le Maria ’me ba ne ba batla ngoana eo e tla ba morena oa Bajuda. Banna bao ba ile ba ba bontša tlhompho e khōlō.

Ebang ba ne ba tseba kapa che, banna bao ba ile ba beha Jesu e monyenyane kotsing e khōlō. Naleli eo ba neng ba e bone ha ea ka ea ba isa Bethlehema pele, e ile ea ba isa Jerusalema. Ha ba le moo, ba ile ba bolella Morena Heroda ea khopo hore ba batla ngoana eo e tla ba morena oa Bajuda. Sena se ile sa etsa hore Heroda a be mōna hoo a ile a loloma ke bohale.—Sheba sehlooho se reng, “Babali ba Batla ho Tseba . . . Ke Mang ea Ileng a Romela ‘Naleli’?” leqepheng la 29.

Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe ea matla ho feta Heroda o ile a kenella. Joang? Baeti bana ba ile ba ntša limpho, ba sa batle ho buseletsoa ka letho. E tlameha ebe Josefa le Maria ba ile ba makala hakaakang ha ba iphumana ba se ba e-na le “khauta le libano tse tšoeu le myra”—e leng matlotlo a bohlokoa! Linohe li ne li rerile ho bolella Morena Heroda hore na li fumane ngoana eo li neng li mo batla hokae. Leha ho le joalo, Jehova o ile a kenella. A li laela ka toro hore li khutlele hae ka tsela e ’ngoe.—Matheu 2:1-12.

Nakoana ka mor’a hore linohe li tlohe, lengeloi la Jehova le ile la fa Josefa temoso ena: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m’ae u balehele Egepeta, ’me u lule moo ho fihlela ke u laela; etsoe Heroda o haufi le ho batla ngoana eo e monyenyane hore a mo timetse.” (Matheu 2:13) Kahoo, joalokaha ho boletsoe ka holimo, Josefa o ile a tlōla matjato. Kaha o ne a amehile ka tšireletseho ea ngoana oa hae o ile a isa lelapa la hae Egepeta. Ka lebaka la hore linohe tseo tsa linaleli tsa bahetene li ile tsa fa lelapa la Josefa limpho tseo tsa theko e phahameng, lelapa la hae le ne le se le e-na le lintho tse ka le thusang ha le ntse le jakile Egepeta.

Hamorao, litšōmo le lipale tseo e seng tsa ’nete, li ile tsa leka ho natefisa taba ea leeto leo la ho ea Egepeta, li bolela hore Jesu e monyenyane o ile a khutsufatsa leeto ka mohlolo, a etsa hore linokoane li se ke tsa ba ntša kotsi, a ba a etsa hore lifate tsa palema li kobehe ka pel’a ’mè oa hae e le hore a khole litholoana tsa tsona. * ’Nete ke hore e ne e le leeto le lelelele haholo le le boima kaha ba ne ba e-ea moo ba sa tsebeng.

Batsoali ba ka ithuta lintho tse ngata ho Josefa. Ha aa ka a tsilatsila ho tlohela mosebetsi oa hae le ho tela bophelo ba hae e le hore a sireletse lelapa la hae kotsing. Ho hlakile hore o ne a nka lelapa la hae e le letlotlo le halalelang le tsoang ho Jehova. Kajeno batsoali ba hōlisetsa bana ba bona lefatšeng le kotsi, le tletseng lintho tse ka behang bana kotsing, tsa silafatsa boitšoaro ba bona kapa tsa ba senyetsa bophelo. Ka sebele bo-’mè le bo-ntate bao joaloka Josefa ba nkang khato ba sa tsilatsile, ba sebetsang ka thata ho sireletsa bana ba bona linthong tse joalo tse kotsi, ba lokela ho babatsoa!

Josefa o ne a Hlokomela Lelapa la Hae

Ho bonahala eka lelapa la Josefa ha lea ka la lula nako e telele Egepeta, hobane nakoana ka mor’a moo lengeloi le ile la mo tsebisa hore Heroda o shoele. Josefa o ile a khutlisetsa lelapa la hae naheng ea habo. Boprofeta ba boholo-holo bo ne bo boletse hore Jehova o tla bitsa mora oa hae hore a tsoe “Egepeta.” (Matheu 2:15) Josefa o ile a tlatsetsa hore boprofeta boo bo phethahale, empa joale o ne a tla isa lelapa la hae hokae?

Josefa o ne a le hlokolosi. Kaha o ne a tšaba mohlahlami oa Heroda, e leng Arkelause, eo le eena a neng a le mabifi ebile e le ’molai, Josefa o ile a etsa lintho ka bohlale. Molimo o ile a tataisa Josefa hore a ise lelapa la hae ka leboea, hōle le Jerusalema e neng e le kotsi, a khutlele motseng oa habo oa Nazaretha ea Galilea. Ke hona moo eena le Maria ba ileng ba hōlisetsa bana ba bona teng.—Matheu 2:19-23.

Ba ne ba phela bophelo bo sa rarahanang—empa ho ne ho se bonolo. Bibele e re Josefa e ne e le ’metli oa mapolanka, e leng poleloana e akarelletsang litsela tse ngata tsa ho sebetsa ka lepolanka, tse kang ho rema lifate, ho li hula le ho li omisa e le hore li sebelisoe ha ho hahoa matlo, liketsoana, marokhoana, likariki, mabili, lijoko le lisebelisoa tsa ho lema tsa mefuta-futa. (Matheu 13:55) E ne e le mosebetsi o boima oa matsoho. Hangata ’metli oa mapolanka oa mehleng ea Bibele o ne a sebeletsa haufi le monyako oa ntlo ea hae ea boemo bo tlaase kapa ntlong e ka thōko.

Josefa o ne a sebelisa lithulusi tsa mefuta-futa, tse ling mohlomong e le tseo a li filoeng ke ntate oa hae. Mohlomong o ne a sebelisa sekoere, polomo, choko, selepe, sakha, ase, hamore, noto, lichesele, elese, likhomaretsi tse fapa-fapaneng, mohlomong le lipekere, le hoja li ne li le theko e boima.

Nahana ka Jesu ha e sa le moshanyana ’me a shebelletse ntate oa hae ea mo hōlisang a sebetsa. A tonne mahlo ’me a shebile ka hloko sohle seo Josefa a neng a se etsa, ha ho pelaelo hore o ne a tsota kamoo ntate oa hae a neng a shahlile kateng, a sebetsa ka matla ka matsoho a hae le kamoo a neng a le bohlale kateng. Mohlomong Josefa o ile a qala ho ruta mora e monyenyane oa hae mesebetsi e bonolo e kang ho tlosa makukuno a lepolanka ka letlalo le omisitsoeng la tlhapi. Mohlomong o ile a ruta Jesu phapang pakeng tsa mapolanka a sa tšoaneng ao a neng a a sebelisa—ka mohlala, a sikamore, a eike, kapa a mohloaare.

Jesu o ne a tseba hape hore ’ona matsoho ao a matla a neng a rema lifate, a etsa maballo le ho otlella mapolanka a ne a boetse a le bonolo, a kopa ka tsela ea ho tšelisa eena, ’mè oa hae le banab’abo. Josefa le Maria ba bile le lelapa le leholo le ileng la qetella le e-na le bana ba tšeletseng ntle ho Jesu. (Matheu 13:55, 56) Josefa o ile a tlameha ho sebetsa ka thata haholo e le hore a ba hlokomele le ho ba fepa.

Leha ho le joalo, Josefa o ne a utloisisa hore ho hlokomela lelapa la hae linthong tse amanang le borapeli ba Molimo ke taba e ka sehloohong. Kahoo o ne a qeta nako a ruta bana ba hae ka Jehova Molimo le melao ea Hae. Eena le Maria ba ne ba e-ea le bona kamehla synagogeng e haufi, moo ho neng ho baloa Molao ka lentsoe le phahameng o bile o hlalosoa. E ka ’na eaba ha ba khutlela hae, Jesu o ne a botsa lipotso tse ngata tsa Bibele ’me Josefa a leka ka matla hore a arabe lipotso tsa moshanyana oa hae. Josefa o ne a boetse a e-ea le lelapa la hae meketeng ea bolumeli Jerusalema. Bakeng sa Paseka ea selemo le selemo, mohlomong Josefa o ne a hloka libeke tse peli hore a nke leeto le ka etsang lik’hilomithara tse 113, a be teng moketeng a be a khutle.

Bakreste bao kajeno e leng lihlooho tsa malapa ba latela mohlala oo. Ba itella bana ba bona, ba ameha haholo ka ho ba ruta ka Molimo ho feta ntho leha e le efe esita le lintho tsa nama. Ba ikitlaelletsa ho ea le bana ba bona libokeng tsa Bokreste tse khōlō le tse nyenyane. Ho tšoana le Josefa, baa tseba hore ho etsa joalo, ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo ba e etsetsang bana ba bona.

“Re Khathatsehile”

Ha Jesu a le lilemo li 12, Josefa o ile a ea le lelapa la hae Jerusalema joalokaha a ne a tloaetse. E ne e le Paseka, nako ea thabo, ’me malapa a maholo a ne a tsamaea hammoho a kolokile har’a naha e tala nakong ea selemo. Ha ba ntse ba atamela naha e ntle e sabaletseng e haufi le motse o lutseng qhooeng oa Jerusalema, ba bangata ba ne ba bina lipesaleme tse tummeng tsa methati. (Pesaleme ea 120-134) Mohlomong motse o ne o phethesela o tletse ka batho. Ka mor’a moo, malapa a ne a qala ho khutlela hae ka lihlopha. E ka ’na eaba Josefa le Maria ba ne ba tšoarehile ka litokisetso tsa leeto, eaba ba nka hore Jesu o tsamaea le ba bang, mohlomong beng ka bona. Ka mor’a letsatsi ba tlohile Jerusalema, ba ile ba hlokomela hore Jesu o ne a le sieo har’a bona, e leng se ileng sa ba tšosa!—Luka 2:41-44.

Ba ile ba ikhata mehlala ba ferekane ho ea Jerusalema. Ak’u nahane feela ha ba ntse ba nyolosa ba theosa le literata, ba hoeletsa mora oa bona motseng o neng o thotse o bonahala o se na batho. Ebe o hokae? Letsatsing la boraro ba ntse ba batla, ebe Josefa o ile a qala ho ipotsa hore na o hlōlehile ka ho feletseng ho hlokomela letlotlo le halalelang le tsoang ho Jehova? Qetellong ba ile ba leba tempeleng. Ha ba le moo ba ile ba batla ho fihlela ba fihla phaposing eo ho eona ho neng ho bokane banna ba bangata ba rutehileng, ba tsebang Molao—Jesu e monyenyane a lutse har’a bona! Nahana feela ho re kokololo! ho Josefa le Maria ha ba mo bona.—Luka 2:45, 46.

Jesu o ne a mametse banna bana ba rutehileng ’me a botsa lipotso ka cheseho. Banna bana ba ne ba makaletse kutloisiso ea ngoana enoa le likarabo tsa hae. Empa Maria le Josefa bona ba ne ba hloletsoe. Tlalehong ena, ha ho na moo Josefa a buang. Empa Maria o bua ka tsela e ba akaretsang hantle ka bobeli, o re: “Ngoana, ke hobane’ng ha u re entse tjee? Bona! ’na le ntat’ao re ’nile ra u batla re khathatsehile.”—Luka 2:47, 48.

Kahoo, ka mantsoe a seng makae feela a bohlale, Lentsoe la Molimo le entse hore re utloisise boikarabelo ba ho ba motsoali. Bo ka ba boima le haeba ngoana e le ea phethahetseng! Ho ba motsoali lefatšeng la kajeno le kotsi e ka ba ntho e ‘khathatsang’ haholo, empa bo-ntate le bo-’mè ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Bibele ea lumela hore ba tobane le bothata.

Se thabisang ke hore Jesu o ne a le sebakeng seo a neng a ikutloa a le haufi haholo le Ntate oa hae ea leholimong, Jehova, moo a neng a ka ithuta eng kapa eng eo a neng a ka khona ho ithuta eona. Kahoo, o ile a araba batsoali ba hae habonolo ka botšepehi, a re: “Ke hobane’ng ha le ne le lokela ho tsamaea le mpatla? Na le ne le sa tsebe hore ke tla ba ka tlung ea Ntate?”—Luka 2:49.

E tlameha ebe Josefa o ile a nahana ka mantsoe ao ka makhetlo a mangata. Mohlomong o ile a ikutloa a le motlotlo. Etsoe o ne a sebelitse ka thata ho ruta ngoana enoa eo a neng a mo hōlisa hore a ikutloe ka tsela eo ka Jehova Molimo. Nakong eo ea boshanyana, Jesu o ne a se a ntse a tseba hantle hore na ha ho thoe motho ke “ntate” ho boleloa’ng—e leng tsebo eo a bileng le eona ka lebaka la ho hōlisoa ke Josefa.

Haeba u ntate, na ua hlokomela hore na u na le boikarabelo bo bokaakang ba ho thusa bana ba hao hore ba utloisise hore na Ntate ea lerato, ea sireletsang lelapa la hae ke ea joang? Kahoo, haeba u hōlisa bana bao e seng ba hao, hopola mohlala oa Josefa ’me u tšoare e mong le e mong joaloka motho ea khethehileng le oa bohlokoa. Ba thuse hore ba atamele haufi le Ntate oa bona ea leholimong, Jehova Molimo.

Josefa o Ile a Tšoara ka Tieo

Bibele e boetse e re bolella makumane feela ka bophelo ba Josefa, leha ho le joalo re ka rua molemo ha re a hlahlobisisa. Re bala hore Jesu o ile “a tsoela pele ho ipeha tlas’a bona”—batsoali ba hae. Re boetse re bala hore “Jesu a ’na a hatela pele bohlaleng le khōlong ea ’mele ’me a amoheleha ho Molimo le ho batho.” (Luka 2:51, 52) Mantsoe ao a re bolella eng ka Josefa? Lintho tse ngata. Re ithuta hore Josefa o ile a ’na a etella pele lelapa la hae, kaha mora oa hae ea phethahetseng o ne a mo hlompha a bile a ikokobelletsa eena.

Re boetse re bala hore Jesu o ile a tsoela pele ho ba bohlale le ho feta. Ha ho pelaelo hore Josefa o ile a thusa mora oa hae ho tsoela pele ntlheng ena. Mehleng eo, ho ne ho e-na le maele ao Bajuda ba neng ba a hlompha. A ne a fana ka maikutlo a hore ke batho ba rutehileng feela bao ho ka thoeng ba bohlale e le kannete, athe ba etsang mosebetsi oa matsoho joaloka babetli ba mapolanka, lihoai le litei tsa tšepe “ba ke ke ba khona ho phethahatsa toka le ho ahlola; ’me ba ke ke ba khona ho rarolla lilotho.” Hamorao, Jesu o ile a pepesa polelo eo e le ea lefeela. Ha e sa le moshanyana, hangata o ne a utloa ntate oa hae ea mo hōlisitseng a ruta ka tsela e tsotehang ka “toka le kahlolo” ea Jehova, le hoja e ne e le ’metli oa mapolanka oa maemo a tlaase.

Re boetse re bona kamoo Josefa a neng a hlokometse Jesu kateng. E ne e le moshanyana ea hlokomelehileng ’me o ile a hōla ea e-ba monna ea shahlileng le ea phetseng hantle. Ho feta moo, Josefa o ile a koetlisa mora oa hae hore e be setsebi sa mosebetsi oa matsoho. Jesu ha aa ka a tsejoa feela e le mora oa ’metli empa hape o ne a tsejoa e le “’metli oa mapolanka.” (Mareka 6:3) Kahoo, Josefa o ile a etsa mosebetsi o tsoileng matsoho ha a ne a koetlisa Jesu. Bo-ntate ba bontša bohlale ha ba etsisa Josefa ka hore ba hlokomele bana ba bona ’me ba ba thuse hore ba tle ba khone ho iphelisa.

Ha re fihla tlalehong ea Bibele moo Jesu a kolobetsoang ha a le lilemo li 30, ha ho sa buuoa letho ka Josefa. Bopaki bo fana ka maikutlo a hore Maria e ne e le mohlolohali ha Jesu a qala tšebeletso ea hae. (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Josefa o Shoele Neng?” leqepheng la 27.) Leha ho le joalo, Josefa o siile mohlala o ikhethang oa ntate ea ileng a sireletsa lelapa la hae, a le hlokomela a ba a tšoara ka tieo ho fihlela qetellong. Ntate ofe kapa ofe, hlooho efe kapa efe ea lelapa, kapa Mokreste ofe kapa ofe, ke hantle hore a etsise Josefa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Mehleng eo, ho lebeletsana ho ne ho nkoa ka tsela e tšoanang le lenyalo.

^ ser. 8 Sheba sehlooho se reng, “Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona—O Ile a ‘Nahanisisa ka Pelong ea Hae’” Molula-Qhooeng oa October 1, 2008.

^ ser. 14 Bibele e bolela ka ho hlaka hore Jesu o entse mohlolo oa hae oa pele ka mor’a hore a kolobetsoe. (Johanne 2:1-11) E le hore u tsebe ho eketsehileng ka likosepele tse ling tseo e seng karolo ea Bibele, sheba sehlooho se reng “Na ho na le Likosepele Tse Ling Tse Nang le Linnete Tse Patiloeng ka Jesu?” leqepheng la 18.

[Lebokose le leqepheng la 27]

Josefa o Shoele Neng?

Rea tseba hore Josefa o ne a ntse a phela ha Jesu a le lilemo li 12. Bacha ba bangata ba Bajuda ha ba le lilemong tseo, bo-ntate ba bona ba ne ba qala ho ba ruta mosebetsi oa matsoho ’me ha ba le lilemo li 15 ba ne ba se ba e-na le tsebo ea mosebetsi. Ho bonahala eka Josefa o bile le nako e lekaneng ea ho ruta Jesu ho ba ’metli oa mapolanka. Na Josefa o ne a ntse a phela ha Jesu a qala tšebeletso ea hae ha a le lilemo tse ka bang 30? Ha ho bonahale joalo. Nakong eo, ho boleloa hore ba neng ba phela e ne e le ’mè oa Jesu, barab’abo le baralib’abo, empa ha ho boleloe letho ka Josefa. Ka nako e ’ngoe Jesu o ne a bile a bitsoa “mora oa Maria,” eseng mora oa Josefa. (Mareka 6:3) Ho boleloa hore Maria o ne a iketsetsa liqeto ho se monna eo a rerisanang le eena. (Johanne 2:1-5) Ho ne ho sa tloaeleha hore mosali a etse joalo mehleng eo ea Bibele, ntle le haeba e ne e le mohlolohali. Ho feta moo, ha Jesu a le makhatheng a lefu, o ile a re moapostola Johanne a sale a hlokometse ’mè oa hae. (Johanne 19:26, 27) Ho ne ho ke ke ha hlokahala hore a etse joalo haeba Josefa o ne a ntse a phela. Kahoo, ho bonahala eka Josefa o shoele ha Jesu e sa le mohlankanyana. Joaloka mora e moholo, ha ho pelaelo hore Jesu o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa ho betla mapolanka le ho hlokomela lelapa ho fihlela a kolobetsoa.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Josefa ha aa ka a tsilatsila ’me o ile a itela hore a sireletse ngoana oa hae

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Josefa o ile a sebetsa ka thata hore a hlokomele lelapa la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Josefa o ne a e-ea khafetsa le lelapa la hae ho ea rapela tempeleng Jerusalema

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Josefa o ile a koetlisa mora oa hae hore e be ’metli oa mapolanka