Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

‘Sireletsa Pelo ea Hao!’

Kopano ea Setereke ea Lipaki Tsa Jehova

SEHLOOHO SA LABOHLANO

“Ha e le Jehova, o Bona Seo Pelo e Leng Sona”—1 SAMUELE 16:7.

SEHLOOHO SA MOQEBELO

“Molomo o Bua ho Tsoa ho se Tletseng Pelong”—MATHEU 12:34.

SEHLOOHO SA SONTAHA

“Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng”—1 LIKRONIKE 28:9.

Bibele e bua ka pelo ka makhetlo a ka bang sekete. Hangata Mangolo a bua ka pelo ea tšoantšetso eseng ea sebele. Pelo ea tšoantšetso ke eng? Polelo ena e ka bolela botho bo ka hare ba motho—e leng seo motho a se nahanang, maikutlo a hae le lintho tseo a li ratang.

Ke hobane’ng ha re lokela ho sireletsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso? Molimo o ile a susumelletsa Morena Solomone hore a ngole tjena: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Bophelo boo re bo phelang hona joale le boo re bo lebeletseng nakong e tlang, bo itšetlehile ka boemo ba lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. Hobane’ng? Hobane Molimo o bona se ka lipelong tsa rōna. (1 Samuele 16:7) Seo re leng sona ka hare, e leng “motho ea ka sephiring oa pelo,” ke sona seo Molimo a se shebang ho rōna.—1 Petrose 3:4.

Re ka sireletsa pelo joang? Karabo ea potso ena e tla tšohloa ka ho teba likopanong tseo Lipaki Tsa Jehova li tla li tšoara lefatšeng ho pota ho tloha mathoasong a khoeli eona ena. U mengoa ka mofuthu hore u be teng matsatsing ana ’ohle a mararo a kopano ena. * Seo u tla ithuta sona se tla u thusa hore u phele ka tsela e tla thabisa pelo ea Jehova Molimo.—Liproverbia 27:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 E le hore u fumane hore na kopano e haufi le uena e tla tšoareloa hokae, sheba Websaete ea www.pr418.com. U ka boela ua ikopanya le Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa ua ngolla bangoli ba makasine ena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Photo on right: Aus dem Fundus der MÜNCHNER OLYMPIAPARK GMBH, München