Coverdale le Bibele ea Pele ea Senyesemane e Ileng ea Hatisoa
Coverdale le Bibele ea Pele ea Senyesemane e Ileng ea Hatisoa
BIBELE ea pele e feletseng ea Senyesemane e ileng ea hatisoa e ne e se na lebitso la motho ea e hatisitseng. Mofetoleli oa eona e ne e le Miles Coverdale ’me phetolelo ea hae e ile ea hatisoa ka 1535. Ka nako eo motsoalle oa hae William Tyndale o ne a koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho fetolela Bibele. O ile a ahloleloa lefu selemong se hlahlamang.
Karolo e ’ngoe ea phetolelo ea Coverdale e ne e itšetlehile ka phetolelo ea Tyndale. Bibele eo Coverdale a e fetoletseng e ile ea khona joang hore e hatisoe ’me eena a qobe ho bolaoa ha bafetoleli ba bang ba Bibele bona ba ile ba bolaoa ka lebaka la mosebetsi oo? Ke’ng seo a ileng a se finyella qetellong?
Peō ea Jaloa
E ka ’na eaba Miles Coverdale o hlahile ka 1488 Yorkshire, Engelane. O ithutetse Univesithing ea Cambridge ’me a hlomamisoa e le moprista oa Roma e K’hatholike ka 1514. Morupeli oa hae, Robert Barnes, o ile a etsa hore a thahaselle ho lokisa lithuto tsa Kereke e K’hatholike. Barnes o ile a balehela linaheng tse ling tsa Europe ka 1528. Lilemo tse 12 hamorao, Moitseki enoa o ile a bolaoa ka ho chesoa thupeng ke baeta-pele ba kereke.
Ka 1528, Coverdale o ne a se a qalile ho ruta ka kerekeng khahlanong le mekhoa ea Mak’hatholike e sa lumellaneng le Mangolo e kang ho rapela litšoantšo, ho ipolela le ’Misa. Ka lebaka la hore bophelo ba hae bo ne bo se bo le kotsing, o ile a tloha Engelane ’me a balehela linaheng tse ling tsa Europe, a lula moo lilemo tse ka bang tse supileng.
Ha a le Hamburg e Jeremane, Coverdale o ile a lula le William Tyndale. Ba ile ba sebetsa ’moho hobane ka bobeli ba bona ba ne ba batla ho fetolela Bibele eo batho ba neng ba ka khona ho e bala. Nakong ena Coverdale o ile a ithuta lintho tse ngata ho Tyndale ka mosebetsi oa ho fetolela Bibele.
Nako ea Liphetoho
Ka eona nako eo lintho li ne li ntse li fetoha Engelane. Ka 1534, Morena Henry VIII o ile a hanyetsa pepenene bolaoli boo mopapa oa K’hatholike a neng a e-na le bona Roma. O ne a boetse a tšehetsa maikutlo a hore batho ba fumane Bibele ka Senyesemane. Ha nako e ntse e e-ea, Coverdale o ile a qala ho etsa mosebetsi oo. Coverdale e ne e le setsebi sa puo ea Senyesemane empa a sa tsebe lipuo tse ling tseo motsoalle oa hae le morupeli, Tyndale, a neng a li tseba, e leng Seheberu le Segerike. Coverdale o ile a ntlafatsa phetolelo ea Tyndale, a fetolela ho tsoa Selatineng le Sejeremaneng.
Bibele ea Coverdale e ile ea hatisoa linaheng tse ling tsa Europe ka 1535, selemo pele Tyndale a bolaoa. Selelekeleng sa eona o rorisa Morena Henry ka tsela e mo bontšang tlhompho e batlang e feteletse. Coverdale o ile a tiisetsa Henry hore Bibele eo e ne e se na litlhaloso tse ka thōko tsa Tyndale, kaha ho ne ho nkoa hore li tsosa likhang hobane li ne li hlokomelisa batho ka lithuto tse sa lumellaneng le Mangolo tsa Kereke e K’hatholike. Kahoo Henry o ile a lumela hore Bibele eo e hatisoe. Lintho li ile tsa qala ho fetoha.
Ka 1537, Libibele tse ling tse peli tse fetoletsoeng ke Coverdale li ile tsa hatisoa Engelane.
Selemong sona seo, Morena Henry o ile a lumela hore ho hatisoe Bibele e ’ngoe e bitsoang Matthew’s Bible e ileng ea hatisoa Antwerp, e kopantseng phetolelo ea Tyndale le ea Coverdale.Ho e-s’o ee kae, moeletsi ea ka sehloohong oa morena, e leng Thomas Cromwell, a tšehelitsoe ke Cranmer eo e neng e le Moarekabishopo oa Canterbury, ba ile ba bona ho hlokahala hore ho ntlafatsoe Matthew’s Bible. Eaba o boela o kōpa Coverdale hore a ntlafatse Bibele kaofela. Ka 1539, Morena Henry o ile a fana ka tumello ea hore phetolelo ena e ncha e hatisoe a ba a laela hore likopi tsa Bibele ena—e neng e bitsoa Great Bible ka lebaka la boholo ba eona—li behoe ka likerekeng e le hore batho bohle ba ipalle tsona. Batho naha ka bophara ba ile ba thabela Bibele eo haholo.
Lefa la Coverdale
Ka mor’a lefu la Morena Henry VIII le hoba mohlahlami oa hae Edward VI e be morena, Coverdale o ile a khethoa hore e be mobishopo oa Exeter ka 1551. Empa ha Mofumahali Mary oa Mok’hatholike a hlahlama Edward ka 1553, Coverdale o ile a tlameha ho balehela Denmark. Hamorao o ile a fallela Switzerland moo a ileng a tsoela pele ka mosebetsi oa hae. O ile a boela a hatisa liphetolelo tse tharo tsa Senyesemane tseo ka tloaelo li bitsoang Testamente e Ncha, tse nang le Selatine e le hore baruti ba nolofalloe ho li utloisisa.
Se makatsang ka Bibele ea Coverdale ke hore ha e-na lebitso la Molimo “Jehova.” Tyndale o ile a sebelisa lebitso la Molimo ka makhetlo a fetang a 20 phetolelong ea hae ea Mangolo a Seheberu. Bukeng ea hae e bitsoang Coverdale and His Bibles, J. F. Mozley o re: “Ka 1535 Coverdale o ile a tlohela ho sebelisa lentsoe [Jehova] ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, hamorao o ile a kenyelletsa lebitso la Molimo, Jehova, ka makhetlo a mararo Bibeleng ea Great Bible.
Leha ho le joalo, Bibele ea Coverdale ke Bibele ea pele ea Senyesemane ea ho ngola Tetragrammaton—litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo—leqepheng la sehlooho sa eona. Ntho ea bohlokoa ke hore ena ke Bibele ea pele e ileng ea beha libuka tsa Apocrypha li le ling sehlomathisong ho e-na le ho li tsoaka le libuka tsa Mangolo a Seheberu.
Hamorao bafetoleli ba bang ba ile ba sebelisa lipolelo le mantsoe a ikhethang a ileng a sebelisoa ke Coverdale. Polelo e reng, “khohlong ea moriti oa lefu” e ho Pesaleme ea 23:4 ke mohlala oa seo. Moprofesa S. L. Greenslade, o re poleloana “mosa o lerato” temaneng ea 6, “ke poleloana e ikhethang e khethollang lerato leo Molimo a ratang batho ba hae ka lona ho lerato ka kakaretso le mohau.” New World Translation of the Holy Scriptures—With References e sebelisa poleloana eona eo, ebile e na le mongolo o botlaaseng ba leqephe o reng: “Kapa ‘lerato le tšepahalang.’”
Buka e bitsoang The Bibles of England e bolela hore Great Bible ea Coverdale, “e ne e le Bibele ea Senyesemane ea ho qetela eo a ileng a e fetolela . . . ho tloha ha Tyndale a ne a qala ho fetolela Testamente e Ncha.” Habohlokoa le ho feta ke hore Libibele tse fetoletsoeng ke Coverdale li ile tsa etsa hore batho ba neng ba bua Senyesemane mehleng ea hae ba khone ho bala Bibele.
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Ka ho le letšehali, ke Tetragrammaton leqepheng la sehlooho sa Bibele ea 1537
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng 10]
From the book Our English Bible: Its Translations and Translators
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng 11]
Photo source: From The Holy Scriptures of the Olde and Newe Testamente With the Apocripha by Myles Coverdale