Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

‘Moea oa Hao o Tla . . . Nkinamela’

‘Moea oa Hao o Tla . . . Nkinamela’

BOIKOKOBETSO ke tšobotsi e ratehang. Hangata re rata batho ba ikokobelitseng. Leha ho le joalo, ka masoabi, lefatšeng kajeno ho thata ho fumana batho ba nang le boikokobetso e le kannete—haholo-holo haeba e le ba boholong kapa batho ba nang le bolaoli. Ho thoe’ng ka Jehova Molimo, e leng Motho ea matla ka ho fetisisa bokahohleng? Na o ikokobelitse? A re ke re hlahlobe mantsoe a moprofeta Jeremia a ho Lillo Tsa Jeremia 3:20, 21.—E Bale.

Jeremia o ile a ngola buka ea Lillo nakong e thata ka ho fetisisa sechabeng sa Iseraele. O ne a sa tsoa bona ntho e ileng ea mo utloisa bohloko haholo—ho timetsoa ha Jerusalema ke Bababylona. Moprofeta enoa ea sithabetseng o ne a tseba hore ho ne ho loketse hore Molimo a ahlole Baiseraele ka tsela eo, ka lebaka la litsela tsa bona tsa boetsalibe. Empa na Jeremia o ne a se na tšepo? Na o ne a utloa eka Jehova o hōle haholo kapa o phahame haholo hoo a ke keng a hlokomela batho ba bakileng ’me a ba ntše boemong ba bona ba ho nyahama? Mamela ha Jeremia a buella batho ba habo.

Le hoja batho ba ne ba utloile bohloko, Jeremia o ne a e-na le tšepo. O hoeletsa ho Jehova o re: “Ruri moea oa hao * [Jehova ka boeena] o tla hopola ’me o nkinamele.” (Temana ea 20) Jeremia ha a na pelaelo. Oa tseba hore Jehova a ke ke a mo lebala—kapa a lebala ba bakileng har’a batho ba Hae. Joale, Molimo ea Matla ’Ohle o tla etsa’ng?—Tšenolo 15:3.

Jeremia o kholisehile hore Jehova o tla ‘inamela’ bathong ba bakang e le kannete. Mantsoe ana a re thusa hore re hlokomele hore Jehova o mosa. Ho joalokaha eka Jehova, “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle,” oa inama, o phahamisa barapeli ba hae o ba ntša boemong bo tlotlollang boo ba leng ho bona ’me o ba amohela hape. (Pesaleme ea 83:18) Le hoja Jeremia a utloile bohloko, tšepo ena ea mo tiisa ’me e etsa hore a tšelisehe e le kannete. Moprofeta enoa ea tšepahalang o ikemiselitse ho leta ka mamello ho fihlela ho fihla nako eo Jehova a e khethileng ea ho lopolla batho ba Hae ba bakileng.—Temana ea 21.

Mantsoe ana a tlalehiloeng ke Jeremia ha e le hantle a re ruta lintho tse peli ka Jehova. Ea pele, o ikokobelitse. (Pesaleme ea 18:35) Le hoja a “phahame matleng,” Jehova o ikemiselitse ho theohela boemong ba rōna e le hore a re thuse ha re nyahame. (Jobo 37:23; Pesaleme ea 113:5-7) Na see ha se re tšelise? Ea bobeli, Jehova o mohau; o “itokiselitse ho tšoarela” baetsalibe ba bakileng le ho ba bontša mohau. (Pesaleme ea 86:5) Litšobotsi tseo tse peli—e leng boikokobetso le mohau—lia sebelisana.

Re thaba hakaakang hore ebe Jehova ha a tšoane le babusi ba batho, bao boikhohomoso bo ba etsang hore ba be manganga ’me ba se ke ba utloela batho ba bang bohloko! Na u ikutloa u rata ho ithuta ka ho eketsehileng ka Molimo ea ikemiselitseng ho ‘inama’ e le hore a phahamise barapeli ba hae ha ba nyahame ’me a etse hore ba be le tšepo?

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka June:

Jeremia 51-52; Lillo Tsa Jeremia 1-5Ezekiele 1-5

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bangoli ba boholo-holo ba ile ba fetola temana ena hore e re “moea oa ka,” joalokaha eka e bua ka Jeremia. Ho bonahala ba ne ba nka e le ho se hlomphe ho bitsa Molimo moea (soul), e leng lentsoe leo Bibele e le sebelisang ha e bua ka libōpuoa tse lefatšeng. Empa e le hore re tsebe Molimo, hangata Bibele e mo hlalosa ka tsela eo re ka e utloisisang. Kaha lentsoe “moea [soul]” le ka bolela “bophelo ba rōna,” poleloana e reng “moea oa hao” e bolela “uena.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Jehova o ikemiselitse ho theohela boemong ba rōna e le hore a re thuse ha re nyahame