Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE ENG e ileng ea thusa ’mè e mong oa Philippines hore a tlohele ho sebelisa joala hampe le hore a ntlafatse bophelo ba lelapa la hae? Ke hobane’ng ha motho ea neng a rata karate haholo ea lulang Australia e ile ea e-ba ’moleli oa litaba tse molemo? Bala u utloe hore na batho bana ba re’ng ha ba itlhalosa.

“Ho Ile ha Nka Nako Hore ke Etse Liphetoho.”—CARMEN ALEGRE

SELEMO SA TSOALO: 1949

NAHA EA HESO: PHILIPPINES

PELE: KE NE KE NOA JOALA HO TLŌLA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse motsaneng oa San Fernando o Profinseng ea Camarines Sur. Ke ile ka ea lula Antipolo e Profinseng ea Rizal, ha ke se ke le moholo. Antipolo ke sebaka se lithabeng se nang le lifate le joang bo bongata ’me e ne e le motsana o khutsitseng ha ke qala ho lula ho oona. E ne e se kamehla u ka bonang motho a tsamaea ka ntle bosiu. Empa hona joale Antipolo e se e le motse o moholo o nang le batho ba bangata.

Nakoana ka mor’a hore ke fallele Antipolo ke ile ka kopana le monna ea bitsoang Benjamin eaba hamorao rea nyalana. Ke ile ka fumana hore lenyalo le thata ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng. Ke ile ka qala ho noa haholo e le hore ke itebatse mathata a ka. Eaba botho ba ka boa fetoha ’me ka qala ho tšoara monna oa ka le bana ba ka hampe. Ke ne ke ba fella pelo ebile ke sa khone ho ba mamella. Ke ne ke sa hlomphe monna oa ka. Ho hlakile hore bophelo lapeng bo ne bo se monate.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Molamo oa ka Editha, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a khothalletsa hore ’na le Benjamin re ithute Bibele le Lipaki. Re ile ra lumela ka tšepo ea hore seo se tla ntlafatsa bophelo ba lelapa la rōna.

Ha re ntse re ithuta Bibele re ile ra ithuta linnete tse ngata tse hlollang. Ka ho khetheha ke ile ka angoa pelo ke mantsoe a ho Tšenolo 21:4. Ha e bua ka batho ba tla phela paradeiseng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Molimo, temana eo e re Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ke ne ke batla ho ba har’a batho ba tla thabela litlhohonolofatso tseo.

Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke hloka ho etsa liphetoho tse khōlō boitšoarong le mekhoeng ea ka. Ho ile ha nka nako hore ke etse liphetoho empa qetellong ke ile ka atleha ho tlohela ho noa haholo. Ke ile ka boela ka ithuta ho ba mosa le ho ba le mamello ho ba lelapa la ka. Ho feta moo, ke ile ka ithuta ho hlompha monna oa ka le ho tšoarisana le eena ha a etella lelapa pele.

Ha ’na le Benjamin re ne re qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, re ile ra khahloa haholo ke seo re ileng ra se bona. Har’a Lipaki ha ho na batho ba bechang, ba noang joala haholo le ba bontšang leeme. Ba fa batho bohle seriti ’me baa ba hlompha. Re ile ra kholiseha hore re fumane bolumeli ba ’nete.—Johanne 13:34, 35.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Bophelo lapeng la rōna bo fetohile ka tsela e hlollang. ’Na le Benjamin re thabile lenyalong la rōna ebile re thabela ho ruta batho ba bang Bibele. Bara ba rōna ka bobeli le basali ba bona le bona ba se ba qalile ho ithuta Bibele. Re tšepa hore ha nako e ntse e e-ea le bona ba tla sebeletsa Jehova. Ka sebele ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea bophelo.

“Ke ne ke Ikutloa ke le Nkokonono.”—MICHAEL BLUNSDEN

SELEMO SA TSOALO: 1967

NAHA EA HESO: AUSTRALIA

PELE: KE NE KE RATA KARATE HAHOLO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motseng o motle le o atlehileng oa Albury o New South Wales. Joaloka metse e meng, le hona mona ho ntse ho e-na le botlokotsebe. Empa ka kakaretso Albury ke sebaka se sireletsehileng seo motho a ka phelang ho sona.

Ke hōtse ke phela hamonate. Le hoja batsoali ba ka ba ile ba hlalana ha ke le lilemo li supileng, ba ile ba etsa bonnete ba hore ’na le moholoane oa ka le likhaitseli tsa ka tse peli re ba le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e batlang. Ke ile ka fumana thuto e ntle kaha ke ne ke kena sekolo sa maemo a phahameng ka ho fetisisa sebakeng seo. Ntate o ne a batla hore ha ke qeta sekolo ke kene khoebong. Empa ’na ke ne ke ithatela lipapali haholo ebile ke itlhoma pele mejahong ea libaesekele le papaling ea karate. Ke ile ka sebetsa moo ho lokisoang likoloi, e leng mosebetsi o neng o mpha nako e ngata ea hore ke shebane le lipapali.

Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho ’na e ne e le ho ikoetlisa ’meleng. Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke le nkokonono. Ho ne ho ka ba bonolo feela hore ke otle batho ba bang. Empa kaha morupeli oa ka oa karate o ne a tseba hore ke na le bothata ba ho sebelisa matla a ka hampe, o ile a nthuta hore ke a laole a ba a nthuta le melao ea boitšoaro. Nako le nako o ne a hatella hore ke habohlokoa hore ke mamele le hore ke tšepahale.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke qala ho bala Bibele ke ile ka ithuta hore Jehova o hloile pefo. (Pesaleme ea 11:5) Qalong ke ile ka ipehela mabaka a hore karate hase pefo empa ke papali e bapaloang ka mokhoa o sireletsehileng. Ke ne ke e-na le maikutlo a hore melao ea boitšoaro e phahameng e buelloang papaling ea karate e lumellana le seo Bibele e se rutang. Banyalani ba Lipaki ba neng ba ithuta le ’na ba ne ba e-na le mamello haholo. Ha ho mohla ba kileng ba re ke tlohele karate; ba ile ba tsoela pele feela ho nthuta ’nete ea Bibele.

Ha tsebo ea ka ea Bibele e ntse e eketseha le kamano ea ka le Jehova e ntse e hōla, ke ile ka qala ho talima lintho ka tsela e fapaneng. Ke ile ka khahloa ke mohlala oa Jesu, mora oa Jehova. Le hoja Jesu a ne a le matla, ha ho mohla a kileng a ba mabifi. Mantsoe a hae a ho Matheu 26:52 a ile a nkama ka ho teba: “Bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”

Ha ke ntse ke ithuta ka Jehova, ke ile ka ’na ka mo rata le ho mo hlompha le ho feta. Ha ke nahana feela hore ’Mōpi, ea bohlale le ea matla hakaale oa ntsotella, seo se ile sa nkama maikutlo haholo. Ke ile ka angoa ke ho tseba hore leha nka soabisa Jehova kapa ka utloa ho le thata hoo ke batlang ho tela, a ke ke a ntlohela hafeela ke ntse ke leka. Ke ile ka tšelisoa haholo ke tšepiso ena ea hae: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha. Ke tla u thusa.” (Esaia 41:13) Ha ke hlokomela hore Jehova o mpontšitse lerato le joalo, ke ile ka ikemisetsa ho tšoarella.

Ke ne ke tseba hore ho tlohela karate e ne e tla ba ntho e thata ka ho fetisisa eo nkileng ka e etsa. Empa ke ne ke boetse ke tseba hore seo se ne se tla thabisa Jehova ’me ke ne ke kholisehile hore ha ke batla ho mo sebeletsa ke lokela ho itela ka ho feletseng. Ntho e ileng ea ntšusumelletsa hore ke etse qeto ke ha ke ne ke bala mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:24 a reng: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli.” Ke ile ka hlokomela hore ho ne ho ke ke ha khoneha hore ke sebeletse Jehova ka ho feletseng ’me ka nako e tšoanang ke bapale karate, hobane karate e ne e tla lula e tla pele bophelong ba ka. Nako ea hore ke khethe eo e tla ba monghali oa ka e ne e fihlile.

Ho ile ha e-ba thata ho tlohela karate. Ke ne ke e-na le maikutlo a mangata a loantšanang. Ke ne ke thabisoa ke ho tseba hore ke thabisa Jehova. Empa hape ke ne ke ikutloa eka ke tsoa morupeli oa ka oa karate tlaase. Hangata libapali tsa karate li talima ho tsoa motho tlaase e le sebe se ke keng sa tšoareloa. Ba bang ba ka mpa ba ipolaea ho e-na le hore ba lule ba hlajoa ke lihlong tsa ho se tšepahale.

Ke ne ke hlajoa ke lihlong hoo ke neng ke sa khone le ho hlalosetsa morupeli oa ka hore na ke hobane’ng ha ke tlohela karate. Ho e-na le hoo, ke ile ka itsamaela ka qoba hore ke se ke ka hlola ke bua le eena hammoho le metsoalle ea ka ea karate. Ke ne ke tseba hore ke entse ntho e nepahetseng ka ho tlohela karate. Leha ho le joalo, ke ne ke ikutloa ke le molato hore ebe ha kea ka ka hlalosa seo ke seng ke se lumela, kaha ke ile ka tlohela monyetla oa ho arolelana le ba bang tumelo ea ka. Ke ne ke ikutloa eka ke soabisitse Jehova le pele ke qala ho mo sebeletsa. Lintho tsena kaofela li ne li nkutloisa bohloko haholo. Ka makhetlo a mangata ha ke ne ke leka ho rapela Jehova ke ne ke iphumana ke lla ka lebaka la ho utloa bohloko.

E tlameha ebe Jehova o ile a bona ntho e ntle ho ’na hobane o ile a susumetsa bara le barali babo rōna hore ba ntšehetse. Ke ile ka hlolloa ke lerato la bona, setsoalle seo ba ileng ba mpontša sona le kamoo ba ileng ba nkhothatsa kateng. Ke ile ka boela ka khothatsoa ke tlaleho ea Bibele ea Davida le Bathe-sheba. Le hoja Davida a ile a etsa libe tse tebileng, Jehova o ile a mo tšoarela ka mor’a hore a bake e le kannete. Ha ke ne ke nahana ka tlaleho eo, seo se ne se etsa hore ke se ke ka nyahamisoa ke bofokoli ba ka.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Pele ke ithuta Bibele, ke ne ke sa tsotelle batho—ke ne ke ichebile bonna feela. Empa ka thuso ea Jehova le ea mosali oa ka ea motle eo re seng re nyalane ka lilemo tse supileng, ke ile ka ba motho ea nang le kutloelo-bohloko. Jehova o re hlohonolofalitse ka ho re fa tokelo ea hore re ithute Bibele le batho ba bangata, ho akarelletsa le ba phelang tlas’a maemo a bohloko. Ho bona kamoo batho ba angoang ke lerato la Jehova bophelong ba bona ho ntliselitse thabo e fetang eo ke neng ke tla ba le eona ha ke ne ke le mampoli oa karate.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Ha ke nahana feela hore ’Mōpi, ea bohlale le ea matla hakaale oa ntsotella, seo se ile sa nkama maikutlo haholo”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

“Kea Leboha ka Sehlooho Sena sa Liphihlelo Tse Hlollang!”

Na u thabetse ho bala liphihlelo tsa sehlooho se fetileng? Liphihlelo tsena tse peli ke tse ling tsa tse 50 ho tse seng li hatisitsoe Molula-Qhooeng ho tloha ka August 2008. Babali ba ratile sehlooho sena se reng “Bibele e Fetola Batho.” Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba se ratile hakaale?

Batho bao ho buuoang ka bona sehloohong sena ba phetse ka litsela tse sa tšoaneng. Pele ba ithuta ka Jehova Molimo, ba bang ba ne ba atlehile bophelong empa ba sa tsebe hore na ba phelela eng. Ba bang ba ne ba e-na le mathata a maholo a kang ho ba mabifi, ho sebelisa lithethefatsi le ho noa joala haholo. Ba bang ba bona ba hōtse ba tseba Jehova empa ka nakoana ba khaotsa ho mo sebeletsa. Liphihlelo tsena kaofela li re bontša hore ho etsa liphetoho e le hore re thabise Molimo hoa khoneha. Ebile ho etsa joalo ho re tlisetsa melemo. Babali ba re’ng ka liphihlelo tsee?

’Mali e mong o hlalosa kamoo phihlelo e hlahileng Molula-Qhooeng oa February 1, 2009, e ileng ea thusa batšoaruoa ba bang ba basali kateng.

▪ O re: “Ba bangata ba batšoaruoa ba utloisisa kamoo batho bao ho buuoang ka bona liphihlelong tsa sehlooho sena ba ikutloang kateng. Ba ile ba angoa haholo ke litšoantšo tsa pele ba fumana thuso le tsa ka morao ho moo hammoho le pale ea motho ka mong. Batšoaruoa ba bangata le bona ba phetse bophelo bo tšoanang. Ka mor’a ho bala liphihlelo tsena, batšoaruoa ba babeli ba ile ba qala ho ithuta Bibele.”—C. W.

Liphihlelo tse hlahang sehloohong sena li amme batho ba bang maikutlo. Ka mohlala, Molula-Qhooa oa April 1, 2011, o hlahisitse phihlelo ea Guadalupe Villarreal, ea ileng a tlohela ho ratana le banna ba bang e le hore a sebeletse Jehova. Hlokomela mangolo a mabeli ho a mangata a tsoang ho babali ha ba bua ka phihlelo ea hae.

▪ “Phihlelo ea Guadalupe e ile ea nkama ka ho teba. Hoa hlolla ho bona kamoo ho rata Jehova le Lentsoe la hae ho ka fetolang motho ka ho feletseng kateng!”—L. F.

▪ “Nakong e fetileng ke ne ke bua le motho e mong le e mong ka tumelo ea ka ho akarelletsa batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang le ba bona. Empa morao tjena ke hlokometse hore ke ba tlōlisa mahlo kapa kea ba qoba. Phihlelo ena e ile ea nthusa haholo. E entse hore ke talime batho ba joalo kamoo Jehova a ba talimang kateng—e le batho bao e ka bang barapeli ba hae.”—M. K.

Pale e ’ngoe eo babali ba bangata ba ileng ba e rata ke ea Victoria Tong, e hlahang Molula-Qhooeng oa August 1, 2011. Victoria o ile a hlalosa kamoo a ileng a hōlisoa habohloko kateng. O ile a re o ne a sitoa ho lumela hore Jehova oa mo rata le ka mor’a lilemo tse ngata a mo sebeletsa. O ile a hlalosa hore na ke eng e ileng ea mo thusa hore butle-butle a lumele hore Jehova oa mo rata. Hlokomela seo babali ba bang ba se buileng ka pale ea hae.

▪ “Phihlelo ea Victoria e ile ea nkama pelo haholo. Ke ile ka feta linthong tse ngata tse bohloko bophelong ba ka. Ke lula ke loantšana le maikutlo a fosahetseng—leha ke se ke qetile lilemo tse ngata ke le Paki e kolobelitsoeng. Empa phihlelo ea Victoria e entse hore ke leke ka matla hore ke bone seo Jehova a se bonang ho ’na.”—M. M.

▪ “Ha ke sa le mocha ke ne ke loantšana le ho lemalla ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso. Morao tjena ke ile ka khutlela ho tsona hape. Ke ile ka batla thuso ea baholo ba Bakreste ’me ka fumana thuso ea ho hlōla bothata bona ba ka. Baholo ba ile ba ntiisetsa hore Molimo oa nthata ’me o tla mpontša mohau. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ntse ke ikutloa ke se na thuso, joalokaha eka Jehova a ke ke a nthata le ka mohla. Ho bala phihlelo ea Victoria ho ile ha nthusa haholo. Joale kea elelloa hore ha ke nahana hore Molimo a ke ke a ntšoarela ha e le hantle ke re sehlabelo sa Mora oa hae ha se na matla a lekaneng a ho koahela libe tsa ka. Ke bolokile sehlooho sena e le hore nka se bala le ho nahanisisa ka sona neng le neng ha ke ikutloa ke se na thuso. Kea leboha ka sehlooho sena sa liphihlelo tse hlollang!”—L. K.