Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ea Utloang Lithapelo a Lumeletse Mahlomola?

Ke Hobane’ng ha ea Utloang Lithapelo a Lumeletse Mahlomola?

Ke Hobane’ng ha ea Utloang Lithapelo a Lumeletse Mahlomola?

LE HOJA batho ba bang ba rapela, baa belaela hore Molimo o teng. Ke hobane’ng ha ba belaela? Mohlomong ke hobane ba bona ho tletse mahlomola feela lefatšeng. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola?

Na kannete Molimo o ile a bōpa batho hore ba be ka tsela ee—e le ba sa phethahalang ba bile ba utloa bohloko? Re ke ke ra hlompha molimo ea batlang hore batho ba utloe bohloko. Empa hlokomela mohlala ona: Haeba u ntse u potoloha koloi e ncha u tsota botle ba eona, ’me ha u fihla lehlakoreng le leng u fumana hore e senyehile, na u ne u tla nahana hore e entsoe joalo ka morero? Che! U ne u tla nka hore e entsoe e “phethahetse” empa e sentsoe ke ntho e itseng kapa motho ea itseng.

Ka ho tšoanang, ha re tsota tsela e hlophisehileng eo lefatše le entsoeng ka eona ’me ka lehlakoreng le leng re bona moloko oa batho o sentsoeng ke ho hloka taolo le bobolu, re lokela ho fihlela qeto efe? Bibele e bolela hore Molimo o entse batho ba babeli ba pele ba phethahetse empa hamorao ka lebaka la ho se mamele ba ile ba senyeha. (Deuteronoma 32:4, 5) Litaba tse monate ke hore Molimo o tšepisa ho lokisa moo ho senyehileng—e leng ho etsa hore batho ba mo mamelang ba phethahale hape. Empa ke hobane’ng ha a nka nako e telele hakaale?

Ke Hobane’ng ha a Nka Nako e Telele Hakaale?

E le hore re fumane lebaka la sena re lokela ho fumana hore na ke mang ea lokelang ho busa batho. Ha ho mohla Jehova a kileng a re batho ba ipuse. E ne e le eena ea lokelang ho ba busa. Bibele ka boeona e re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ka masoabi, batho ba pele ba ile ba ikhethela ho fetohela bobusi ba Molimo. Kaha ba ile ba etsa tlōlo ea molao e ile ea e-ba baetsalibe. (1 Johanne 3:4) Ka lebaka leo, ha ea ka ea hlōla e e-ba batho ba phethahetseng ’me ba ile ba senya bophelo ba bona le ba litloholo tsa bona.

Jehova o ’nile a lumella batho ho ipusa ka lilemo tse likete ’me ka lilemo tseo, ho ile ha hlaka hore batho ha ba na bokhoni ba ho ipusa le hore mebuso eohle ea batho e baka mahlomola. Ha ho le o le mong o kileng oa felisa lintoa, tlōlo ea molao, ho hloka toka le maloetse.

Molimo o Tla Lokisa Tšenyo ee Joang?

Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla tlisa lefatše le lecha le lokileng. (2 Petrose 3:13) Batho ba ratanang e le kannete ebile ba rata Molimo, ke bona feela ba tla lumelloa ho phela ho lona.—Deuteronoma 30:15, 16, 19, 20.

Bibele e boetse e re “letsatsing la kahlolo,” le ntseng le atamela ka potlako, Molimo o tla felisa mahlomola le batho ba a bakang. (2 Petrose 3:7) Ka mor’a moo, ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste, o tla busa batho ba mamelang. (Daniele 7:13, 14) Puso ea Jesu e tla etsetsa batho eng? Bibele e re: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.

Joaloka Morena ea busang a le leholimong, Jesu o tla felisa tšenyo—e akarelletsang bokuli, botsofali le lefu—e bakiloeng ke batho ka mor’a hore ba fetohele Jehova, “mohloli oa bophelo.” (Pesaleme ea 36:9) Jesu o tla folisa bohle ba amohelang puso ea hae e lerato. Pusong ea hae, litšepiso tse latelang tse ka Bibeleng li tla phethahala:

▪ “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.”—Esaia 33:24.

▪ “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

Na hase ntho e tšelisang ho tseba hore haufinyane Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa mahlomola? Pele seo se etsahala, ha rea lokela ho nahana hore hobane feela Molimo a lumeletse mahlomola hona joale, a ke ke a mamela lithapelo tsa rōna.

Molimo o teng. Oa u utloa le ha u bua le eena u utloile bohloko ebile u le mahlomoleng. Ebile o labalabela ho bona u thabela bophelo nakong eo u seng u sa utloe bohloko ’me u se u se na lipelaelo.