Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea Utloang Lithapelo?

Ke Mang ea Utloang Lithapelo?

Ke Mang ea Utloang Lithapelo?

HAEBA ho e-na le Motho ea utloang lithapelo tsa rōna, ho totobetse hore motho eo ke Eena ea re bōpileng. Ke motho ofe haese feela Ea bōpileng boko ba hao ea ka khonang ho tseba menahano ea hao? Hape ke mang ea ka khonang ho araba ha batho ba rapela ba hloka thuso? Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Na hoa utloahala ho lumela hore ho na le Ea re bōpileng?’

Batho ba bangata ba nahana hore haeba u lumela hore ho na le Ea re bōpileng, seo se bolela hore u hanana le saense ea mehleng ena. Empa maikutlo a hore ho lumela ho Molimo ho hanana le saense ha e le hantle a fosahetse. Hlokomela lintlha tse latelang.

▪ Patlisisong ea morao tjena e entsoeng ho litsebi tsa saense tse 1 646 liunivesithing tse 21 tse hlaheletseng tsa United States, ho ile ha fumanoa hore ke motho a le mong ho ba bararo feela ea ileng a re, “ha ke lumele ho Molimo” ha a hlahisa maikutlo a hae.

Ha e le hantle, bo-rasaense ba bangata ba lumela hore Molimo o teng.

Bopaki ba Hore ’Mōpi o Teng

Na re lokela ho lumela feela ntle le bopaki hore ho na le Ea Utloang lithapelo? Che. Ho fosahetse ho nahana hore ha batho ba e-na le tumelo seo se bolela hore ba lumela feela ntle ho bopaki. Bibele e hlalosa tumelo e le “bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.” (Baheberu 11:1) Bibele e ’ngoe eona e re tumelo “ke ho kholiseha ka tse e-s’ong ho bonoe.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Ka mohlala, u ke ke ua bona maqhubu a seea-le-moea, empa ha u utloa seea-le-moea se bua, boo ke bopaki ba hore ho na le maqhubu a sa bonahaleng a tsamaisang mantsoe; ka hona, ua lumela hore maqhubu ao a teng. Ka ho tšoanang, le hoja re ke ke ra bona Ea Utloang lithapelo, re ka hlahloba bopaki bo ka re tiisetsang hore o teng.

Ke hokae moo re ka fumanang bopaki ba hore Molimo o teng? Ha rea lokela ho bo batla hōle. Bibele e re: “Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:4) Na u lumellana le mantsoe ao a utloahalang? Mohlomong ha u hlahloba kamoo bokahohle le lintho tse bōpiloeng li hlophisehileng kateng le kamoo ntho e rarahaneng ka ho fetisisa lefatšeng, e leng boko, e entsoeng kateng, u fumana bopaki ba hore ho na le ea phahametseng batho. *

Empa pōpo e ke ke ea re ruta ka ho feletseng ka Molimo. Ho hlahloba bopaki ba hore Molimo o teng ka ho sheba pōpo ho tšoana le ho utloa liqi tsa motho ea atamelang monyako o koetsoeng. Ua tseba hore ho na le motho ea tlang, empa ha u tsebe hore na ke mang. E le hore u tsebe, u lokela ho bula monyako. Re lokela ho etsa se tšoanang e le hore re tsebe Ea bōpileng lintho tsohle.

Monyako oo ke Bibele ’me ha u o bula u tla tseba Molimo. Ha u bula monyako oo ’me u ithuta ka bo bong ba boprofeta le ho phethahala ha bona, u tla fumana bopaki ba hore Molimo o teng. * Empa habohlokoa le ho feta ke hore litlaleho tsa kamoo Molimo a neng a sebelisana le batho kateng, li re bontša hore na Ea Utloang lithapelo ke motho ea joang.

Ea Utloang Lithapelo ke Motho ea Joang?

Bibele e bolela hore Ea Utloang lithapelo ke motho—ke motho eo u ka khonang ho mo tseba. Ho hlakile hore motho ke eena feela ea khonang ho mamela le ho utloisisa. Ke ho khothatsang ho bala mantsoe ana: “Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.” (Pesaleme ea 65:2) O utloa ba mo rapelang ka tumelo. Ebile o na le lebitso. Bibele e re: “Jehova o hōle haholo le ba khopo, empa o utloa thapelo ea ba lokileng.”—Liproverbia 15:29.

Jehova o na le maikutlo. Ke “Molimo oa lerato” ebile o bitsoa “Molimo ea thabileng.” (2 Bakorinthe 13:11; 1 Timothea 1:11) Ha Bibele e bua ka tsela eo a ileng a ikutloa ka eona nakong eo bokhopo bo neng bo atile, e re: “Pelo ea hae ea utloa bohloko.” (Genese 6:5, 6) Taba ea hore Molimo o bakela batho mahlomola e le hore a ba leke hase ’nete. Bibele e re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo.” (Jobo 34:10) Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Haeba Molimo e le ’Mōpi ea Matla ’Ohle, ke hobane’ng ha a lumeletse mahlomola hore a ’ne a tsoele pele?’

Jehova o file batho bolokolohi ba ho ikhethela, ’me seo se re bolella ho itseng ka hore na Molimo ke motho ea joang. Ruri re thabela hore ebe re khona ho ikhethela hore na re phele joang. Empa ka bomalimabe, batho ba bangata ba sebelisa bolokolohi ba bona hampe ’me ba utloisa batho ba bang bohloko le bona ka bobona. Joale potso ke ena, eo re lokelang ho ipha nako re nahana ka eona ka botebo: Kaha Molimo a ke ke a amoha batho bolokolohi ba ho ikhethela, o tla felisa mahlomola joang? Re tla hlahloba potso ena sehloohong se hlahlamang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E le hore u fumane ho eketsehileng ka bopaki ba hore Molimo o teng, sheba bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 10 Bukana e bitsoang Buka ea Batho Bohle le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? li hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova hore li u thuse ho fumana bopaki ba hore Bibele e bululetsoe ke Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Na Bolumeli bo Etsa Hore U be le Lipelaelo?

Se utloisang bohloko ke hore bolumeli ke bona bo etsang hore batho ba bangata ba belaele hore ho na le motho ea nang le kutloelo-bohloko Ea Utloang lithapelo. Ho ameha ha bolumeli lintoeng, liketsong tsa bokhukhuni le ho lumella ho hlekefetsoa ha bana, ho entse hore le batho ba bangata ba neng ba tšepa thapelo ba re, “Ha ke lumele ho Molimo.”

Ke hobane’ng ha hangata bolumeli e le bona bo bakang likhathatso? Ka mantsoe a bonolo feela: Batho ba khopo ba entse lintho tse mpe lebitsong la bolumeli. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho na le batho ba neng ba tla laola Bokreste ’me ba bo sebelise ho etsa liketso tse mpe. Moapostola Pauluse o ile a re ho baholo ba Bakreste: “Har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.”—Liketso 20:29, 30.

Molimo o nyonya bolumeli ba bohata. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo, Bibele, le re bolumeli bo molato oa “mali . . . a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Kaha bolumeli ba bohata bo hlōlehile ho ruta batho ka Molimo oa ’nete, eo tšobotsi ea hae e hlaheletseng e leng lerato, mahlong a Molimo bo molato oa mali.—1 Johanne 4:8.

Ea Utloang thapelo o utloela batho bao ba hateletsoeng ke bolumeli bohloko. Haufinyane lerato leo Molimo a ratang batho ka lona le tla mo susumelletsa hore a romele Jesu ho tla ahlola baikaketsi bohle ba bolumeli. Jesu o ile a re: “Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na ‘Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao?’ . . . Leha ho le joalo ka nako eo ke tla ba bolella: Ha kea ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho ’na, lōna ba etsang tlōlo ea molao.”—Matheu 7:22, 23.