Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Lentsoe la Molimo

Libōpuoa Tsa Moea li re Ama Joang?

Libōpuoa Tsa Moea li re Ama Joang?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Mangeloi ke bo-mang?

Mangeloi ke libōpuoa tsa moea tse phelang leholimong. Bophelo ba ’ona bo phahame ho feta ba batho. Molimo oa ’nete, eo le eena e leng moea, o ile a bōpa mangeloi pele a bōpa lefatše. (Jobo 38:4, 7; Matheu 18:10) Jehova o pota-potiloe ke mangeloi a limilione a tšepahalang.—Bala Pesaleme ea 103:20, 21; Daniele 7:9, 10.

2. Na mangeloi a thusa batho?

Mangeloi a ile a thusa monna ea lokileng ea bitsoang Lota. O ne a lula motseng oo Molimo a neng a rerile ho o felisa ka lebaka la bobe ba batho ba moo. Mangeloi a mabeli a ile a bolella Lota le lelapa la hae hore ba balehe. Batho ba bang ba ile ba bona eka mangeloi ao aa soasoa ’me ha baa ka ba mamela. Empa Lota le barali ba hae ba ile ba pholoha hobane ba ile ba mamela temoso eo Molimo a ileng a e romela ka mangeloi.—Bala Genese 19:1, 13-17, 26.

Ho latela Bibele, kajeno mangeloi a thusa batho ka ho tsamaisa mosebetsi oa batho ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka botšepehi. (Matheu 24:14) Litaba tse molemo li fana ka temoso. Joaloka temoso e ileng ea fuoa Lota, litaba tseo hase mesoaso. Molimo o sebelisa mangeloi ho fana ka temoso ena.—Bala Tšenolo 1:1; 14:6, 7.

Molimo a ka sebelisa mangeloi hore a re matlafatse ha re kopana le liteko. O ile a romela lengeloi hore le matlafatse Jesu.—Bala Luka 22:41-43.

Haufinyane Molimo o tla sebelisa mangeloi ka tsela e ’ngoe—e leng ea ho felisa batho ba khopo ba bakang mahlomola. Sena se tla etsa hore batho ba thabe kaha ba tla be ba lopollotsoe.—Bala 2 Bathesalonika 1:6-8.

3. Bademona ba re ama joang?

Joalokaha batho ba bangata lefatšeng ba entse bobe ka ho se mamele Molimo, le mangeloi a mangata leholimong ha aa ka a mamela Molimo. (2 Petrose 2:4) Mangeloi ao a bitsoa bademona. Ea ba etelletseng pele ke Satane Diabolose. Satane le bademona ba hae ba khelosa batho.—Bala Tšenolo 12:9.

Satane o sebelisitse khoebo e tletseng bobolu, mebuso ea batho le bolumeli ba bohata ho etsa hore batho ba furalle Molimo. Kahoo Satane ke eena ea ikarabellang ka ho hloka toka, pefo le mahlomola a aparetseng moloko oa batho.—Bala 1 Johanne 5:19.

4. Bademona ba khelosa batho joang?

Satane o khelositse batho ba bangata ka ho ruta hore ha batho ba shoa ba fetoha meea ebile ba ka khona ho bua le ba phelang. Leha ho le joalo, Bibele e re ha ho letho leo bafu ba ka le etsang. (Moeklesia 9:5) Empa hangata bademona ba thetsa batho ka hore ba etsise lentsoe la mofu. (Esaia 8:19) Bademona ba khelosa batho ka linohe, batho ba buisanang le meea le bonohe ba linaleli. Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re qobe mekhoa eo kaofela. Kahoo re lokela ho lahla eng kapa eng eo re nang le eona e amanang le bademona le boloi.—Bala Deuteronoma 18:10, 11; Liketso 19:19.

Haeba re rata Jehova, ha ho hlokahale hore re tšabe bademona. Ha re ithuta Lentsoe la Molimo ’me re etsa seo le re bolellang sona, re hanyetsa Diabolose ’me re atamela ho Molimo. Jehova o matla ho feta bademona. Mangeloi a hae a tšepahalang a ka re matlafatsa ha re hloka thuso.—Bala Pesaleme ea 34:7; Jakobo 4:7, 8.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 10 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.