Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le ea Utloang Lithapelo?

Na ho na le ea Utloang Lithapelo?

Na ho na le ea Utloang Lithapelo?

“Ke ne ke e-na le lipelaelo ka hore na Molimo o teng. Empa ho ntse ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke rapela. Le hoja ke ne ke sa kholiseha hore ho na le motho ea ’mametseng, ke ne ke nahana hore eena o teng. Ke ne ke sa thaba ebile ke sa tsebe hore na ke phelela’ng. Ke ne ke tšaba ho lumela ho Molimo kaha ke ne ke nahana hore ke batho ba likelello li fokolang feela ba lumelang ho Molimo.”—PATRICIA, * IRELAND.

NA KA linako tse ling u ikutloa joaloka Patricia? Na ua rapela le hoja u sa kholiseha hore ehlile Molimo o teng? Haeba ho joalo, ha u mong. Hlokomela lintlha tse latelang.

▪ Patlisisong e ileng ea etsoa ho batho ba Brithani ba 2 200, ho ile ha fumanoa hore ke ba etsang liphesente tse 22 feela ba lumelang hore ho na le Molimo ea bōpileng lefatše le ea utloang lithapelo. Leha ho le joalo, ho batho bao, ba etsang liphesente tse 55 baa rapela ka linako tse ling.

▪ Patlisisong e ileng ea etsoa ho batho ba 10 000 lik’honthinenteng tse ’nè, ho ile ha fumanoa hore, har’a batho ba reng bona ha ba lumele hore Molimo o teng, ba ka etsang liphesente tse 30 baa rapela le hoja ba sa lumele joalo.

Ke Hobane’ng ha ba E-na le Lipelaelo?

Monna e mong oa Lenyesemane ea bitsoang Allan o re: “Ke ne ke sa lumele ho Molimo hobane ke nahana hore morero oa bolumeli ke ho laola batho le ho etsa chelete. Hape, lebaka le leng leo ke neng ke fana ka lona ke hore haeba Molimo o teng, ho ka be ho e-na le toka lefatšeng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ke ne ke lula ke khutsitse ebe ke bua le ‘ntho’ eo ke sa e tsebeng. Hape ke ne ke ee ke ipotse, ‘Ke bōpiloe ke mang?’”

Batho ba nang le maikutlo a joalo, ba na le ntho e etsang hore ba belaele hore na ho na le ea arabang lithapelo. Hangata se etsang hore ba belaele ke ho se fumane likarabo lipotsong tse kang tsena:

▪ Na ’Mōpi o teng?

▪ Ke hobane’ng hangata bolumeli e le bona bo bakang likhathatso?

▪ Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore ho be le mahlomola?

Haeba u ka fumana likarabo tsa lipotso tseo, na u ne u ka rapela u se na lipelaelo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a mang lihloohong tsena a fetotsoe.