Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Neng Kapa Neng ha le Rapela, le re, ‘Ntate’”

“Neng Kapa Neng ha le Rapela, le re, ‘Ntate’”

“Neng Kapa Neng ha le Rapela, le re, ‘Ntate’”

“Ntate.” Ha u utloa lentsoe lee, u nahana’ng? Na u nahana ka motho ea lerato, ea amehileng ka botebo ka hore lelapa la hae le thabe? Kapa u nahana ka motho ea sa tsotelleng lelapa la hae, mohlomong a bile a le sehlōhō? Karabo ea hao e itšetlehile haholo ka hore na ntate oa hao ke motho oa mofuta ofe.

HANGATA ha Jesu a ne a bua le Molimo kapa a bua ka eena o ne a mo bitsa “Ntate.” * Ha a ruta balateli ba hae ho rapela, Jesu o ile a re: “Neng kapa neng ha le rapela, le re, Ntate.” (Luka 11:2) Empa Jehova ke ntate oa mofuta ofe? Karabo ea potso ena ke ea bohlokoa haholo. Hobane’ng? Ha re ntse re ithuta hore na Jehova ke ntate oa mofuta ofe, sena se re atametsa ho eena le ho feta ’me re mo rata le ho feta.

Ke Jesu feela ea ka re bolellang ka Ntate oa rōna oa leholimo. O ne a e-na le kamano e haufi le Ntate oa hae. Jesu o ile a re: “Ha ho ea tsebang Mora ka botlalo haese Ntate, leha e le hore mang kapa mang o tseba Ntate ka botlalo haese Mora le mang kapa mang eo Mora a ratang ho mo senolela eena.” (Matheu 11:27) Kahoo, Mora ke eena feela ea ka re tsebisang Ntate ho feta mang kapa mang.

Re ka ithuta’ng ho Jesu ka Ntate oa rōna oa leholimo? Hlokomela mantsoe ana a boletsoeng ke Jesu: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Mona Jesu o qolla tšobotsi e hlaheletseng ea Ntate oa rōna oa leholimo—e leng lerato. (1 Johanne 4:8) Jehova o re bontša lerato ka litsela tse ngata: oa re amohela, o re bontša qenehelo, oa re sireletsa, oa re laea ebile oa re hlokomela.

Re Tiisetsoa Hore Ntate oa Rōna oa re Amohela

Bana baa khothala ha ba hlokomela hore batsoali ba amohela seo ba se etsang. Ak’u nahane feela kamoo e tlamehang ebe Jesu o ile a ikutloa kateng ha Ntate oa hae a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Jesu le eena o ile a re tiisetsa hore Ntate oa re rata ebile oa re amohela. O ile a re: “Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate.” (Johanne 14:21) Ao ke mantsoe a khothatsang hakaakang! Leha ho le joalo, ho na le motho ea sa batleng hore u khothale joalo.

Satane o leka ho etsa hore re nahane hore Ntate oa rōna oa leholimo ha a re amohele. O batla hore re ikutloe eka ha re tšoaneloe ke ho amoheloa ke Molimo. Hangata o etsa sena ha re sitoa ho itšireletsa—e leng ha re kula, ha re fokola kapa nakong ea botsofali, kapa ha re nyahame hobane lintho li sa re tsamaele hantle kapa hobane re soetsehile. Nahana ka se ileng sa hlahela mohlankana e mong ea bitsoang Lucas, ea neng a ikutloa eka ha a amohelehe ho Molimo. Lucas o re ha a ntse a hōla, batsoali ba hae ba ile ba hlanohela melao eo ba neng ba mo hōlisitse ka eona. Mohlomong ke kahoo a ileng a thatafalloa ke ho ba le kamano le Ntate oa hae ea leholimong. Ho feta moo, ka lebaka la hore ka tlhaho Lucas ke motho ea etsang lintho a sa nahane, o ne a atisa ho thulana le mathata, haholo-holo ha a lokela ho sebelisana le batho ba bang. Leha ho le joalo, butle-butle, mosali oa hae ea nang le mamello le ea neng a mo khothatsa—eo Lucas a ’mitsang “mpho e khethehileng, e tsoang ho Molimo”—o ile a mo thusa hore a laole botho ba hae. Lucas o ile a qala ho hlokomela hore “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.” (1 Timothea 1:15) Lucas o re ha a nahana kamoo Molimo a mo ratang kateng le ka hore oa mo amohela, seo sea mo thabisa ebile sea mo khotsofatsa.

Haeba ka linako tse ling u ikutloa u belaela hore Jehova oa u rata ebile oa u amohela, u ka khothatsoa ke ho bala le ho nahanisisa ka mantsoe a ho Baroma 8:31-39. Lengolong leo, ka lerato moapostola Pauluse oa re tiisetsa hore ha ho letho le tla re “arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” *

Ntate ea Nang le Qenehelo e Bonolo

Ntat’a rōna ea leholimong o utloa bohloko haholo ha re le mahlomoleng. Ke Molimo ea nang le “qenehelo e bonolo.” (Luka 1:78) Jesu o ile a bontša batho ba sa phethahalang qenehelo e tšoanang le ea Ntate oa hae. (Mareka 1:40-42; 6:30-34) Bakreste ba ’nete le bona ba ikitlaelletsa ho bontša qenehelo e tšoanang le ea Ntate oa bona ea leholimong. Ba mamela temoso ena e tsoang ka Bibeleng ea hore ba “bontšane mosa, . . . le qenehelo e bonolo.”—Baefese 4:32.

Nahana ka se ileng sa hlahela monna e mong ea bitsoang Felipe. Ka letsatsi le leng, ha a ne a e-ea mosebetsing, ka tšohanyetso o ile a ba le lehlaba leo a ileng a utloa eka ho na le ntho e mo hlabang habohloko mokokotlong. O ile a potlakisetsoa sepetlele. Ka mor’a ho hlahlojoa ka lihora tse robeli, lingaka li ile tsa fumana hore lera le ka hare la mothapo o moholo oa pelo ea hae le ne le tabohile. Hape li ile tsa re ha ho na thuso ea ho mo etsa opereishene hobane o ne a saletsoe ke metsotso e 25 feela a phela.

Ba bang ba balumeli-’moho le Felipe ba ne ba e-na le eena, ’me ka lebaka la ho mo qenehela, ba ile ba nahana ho etsa ho hong ka potlako. Eaba ba etsa tokisetso ea hore a isoe sepetleleng se seng, moo a ileng a fihla a etsoa opereishene ea tšohanyetso, ’me ba ile ba hlola moo ho fihlela lingaka li qetile ho mo sebetsa. Tse monate ke hore, Felipe o ile a phela. Ha a hopola se ileng sa etsahala, Felipe o leboha qenehelo eo a ileng a e bontšoa ke balumeli-’moho le eena. Empa Felipe o kholisehile hore Ntate oa hae ea leholimong ke eena ea ileng a ba susumetsa hore ba mo bontše qenehelo. Felipe o re: “E ne eka Molimo, joaloka ntate ea lerato, o ne a eme pel’a ka ho ’matlafatsa.” Ka sebele, hangata Jehova o bontša qenehelo ea hae ka ho susumetsa bahlanka ba hae ba lefatšeng hore ba e bontše batho ba bang.

Ntate oa Rōna oa re Sireletsa

Ha ngoana a bona kotsi, a ka ’na a mathela ho ntate oa hae hore a mo sireletse. Ngoana o ikutloa a sireletsehile ha a le liatleng tse mofuthu tsa ntate oa hae. Jesu o ne a tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla mo sireletsa. (Matheu 26:53; Johanne 17:15) Le rōna Ntate oa rōna oa leholimo a ka re sireletsa. Hona joale, Jehova o re sireletsa haholo-holo moeeng. Ka mantsoe a mang, o re sireletsa ka ho re hlomella ka lintho tseo re li hlokang e le hore re qobe likotsi le hore kamano ea rōna le eena e se ke ea senyeha. Tsela e ’ngoe eo a re sireletsang ka eona ke ka ho re fa likeletso tse tsoang ka Bibeleng. Ha re fumana likeletso tse kang tseo, ho tšoana leha eka Jehova o ntse a tsamaea ka mor’a rōna, a re: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.”—Esaia 30:21.

Nahana ka mohlala oa Tiago le baholoane ba hae Fernando le Rafael, bao kaofela e neng e le litho tsa bente ea ’mino oa rock-and-roll. Ba ne ba thabile haholo mohla ba neng ba khethoa ho ea letsa holong e ’ngoe e tsebahalang ea São Paulo, Brazil. Ho ne ho bonahala eka ba tla atleha haholo ’minong. Leha ho le joalo, molumeli-’moho le bona o ile a ba hlokomelisa ka kotsi ea ho etsa setsoalle le batho ba phelang ka tsela e sa hlompheng Molimo. (Liproverbia 13:20) O ile a ba bontša hore keletso ena ea Bibele ke ea bohlokoa ka ho ba phetela se ileng sa etsahalla moena oa hae. O re moena oa hae o ile a etsa ntho e sa khahliseng Molimo ka lebaka la ho tloaelana le metsoalle e mebe. Tiago le baholoane ba hae ba ile ba etsa qeto ea ho tlohela ’mino. Hona joale, ka boraro ba bona ba qeta nako e ngata ba bolella batho litaba tse molemo. Ba kholisehile hore ho mamela likeletso tse tsoang Lentsoeng la Molimo, ho ile ha sireletsa kamano ea bona le Molimo hore e se ke ea senyeha.

Ntate oa Rōna oa Leholimo oa re Laea

Ntate ea lerato o laea bana ba hae, kaha o amehile ka hore na e tla ba batho ba mofuta ofe ka moso. (Baefese 6:4) Ntate ea joalo o laea bana ba hae a tiile, le hoja ho se mohla a ba laeang ka tsela e sehlōhō. Ka tsela e tšoanang, Ntate oa rōna oa leholimo a ka bona ho loketse hore ka linako tse ling a re fe taeo. Empa kamehla Molimo o re laea ka tsela e lerato ’me ha ho mohla a re laeang ka tsela e sehlōhō. Ho tšoana le Ntate oa hae, ha ho mohla Jesu a kileng a ba sehlōhō ha a laea barutuoa ba hae, esita leha ba ne ba lieha ho nka khato ka seo a neng a ba khalemella sona.—Matheu 20:20-28; Luka 22:24-30.

Hlokomela kamoo monna e mong ea bitsoang Ricardo a ileng a ananela kateng hore ebe Jehova o ile a mo laea ka tsela e lerato. Ha e ne e le lesea la likhoeli tse supileng, Ricardo o ile a lahloa kherehloa ke ntate oa hae. Ha a kena lilemong tsa bocha, Ricardo o ile a ikutloa a hlorile haholo ke ho hloka ntate. O ile a ba le mekhoa e mebe hoo letsoalo la hae le ileng la qala ho mo tšetšetha. Ha a lemoha hore o ne a phela ka tsela e sa lumellaneng le melao ea boitšoaro ea Bokreste, o ile a etsa qeto ea ho ea buisana le baholo phuthehong ea habo. Baholo ba ile ba mo fa taeo e tiileng empa e le e lerato, e tsoang ka Bibeleng. Ricardo o ile a ananela taeo eo a e filoeng, empa seo a neng a se entse se ile sa ’na sa mo utloisa bohloko haholo—o ne a hlobaela bosiu, a lla a bile a tetebetse maikutlong. Qetellong, o ile a elelloa hore taba ea hore o fuoe taeo, e bontša hore Jehova o ntse a mo rata. Ricardo o ile a hopola mantsoe a Baheberu 12:6, a reng: “Jehova o laea eo a mo ratang.”

Ke hantle hore re lule re hopola hore taeo hase feela ho fuoa kotlo kapa ho khalemeloa. Bibele e re taeo e boetse e amana le ho koetlisa. Kahoo, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo a ka re laea ka ho re tlohella hore re ke re utloe bohloko ba liphello tsa liphoso tsa rōna. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore taeo eo ea re koetlisa, e le hore re lule re etsa se nepahetseng. (Baheberu 12:7, 11) Ka sebele, Ntat’a rōna o batla hore re thabe ’me ho re khalemela ha hae ho molemong oa rōna.

Ntate oa Rōna oa re Hlokomela

Ntate ea lerato o hlokomela ba lelapa la hae ka lintho tseo ba li hlokang. Jehova le eena ke ntate ea joalo. Jesu o ile a re: “Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.” (Matheu 6:25-34) Jehova o tšepisa sena: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheberu 13:5.

’Mè e mong ea bitsoang Nice, o ile a bona bonnete ba mantsoe ao ha monna oa hae a ne a lahleheloa ke mosebetsi. ’Mè enoa o ne a sa tsoa lihela mosebetsing oa hae o neng o mo lefa hantle, e le hore a be le nako e ngata ea ho hlokomela barali ba hae ba babeli le ea ho sebeletsa Molimo. Joale ha boemo bo le tjee ba ne ba tla iphelisa joang? O ile a rapela Jehova. Letsatsi le hlahlamang, monna oa hae o ile a leba moo a neng a sebetsa teng ho ea lata mehasoana ea hae. Ha a fihla, o ile a makala ha mookameli oa hae a mo bolella hore ho se ho hlahile sekheo sa mosebetsi o mong ’me o ne a batla hore a kenye eena moo! Kahoo mohats’a Nice o ile a lahleheloa ke mosebetsi kajeno, ka le hlahlamang a o thola hape. Nice le mohats’a hae ba ile ba leboha Ntate oa bona ea leholimong ka seo. Se ba etsahalletseng se re hlokomelisa hore Jehova, Mohlokomeli oa rōna ea lerato, ho hang a ke ke a lebala bahlanka ba hae ba tšepahalang.

Re Ananela Lerato la Ntate oa Rōna

Kannete re haelloa ke mantsoe a ho hlalosa kamoo Ntate oa rōna oa leholimo a leng lerato kateng! Ha re nahana ka litsela tse ngata tseo Jehova a bonahalitseng lerato kateng—ka ho re amohela, ho re bontša qenehelo, ho re sireletsa, ho re laea esita le ho re hlokomela—ka sebele rea hlokomela hore ha ho na Ntate ea tšoanang le eena!

Ke joang re ka bontšang hore re ananela lerato leo Ntate oa rōna ea leholimong a re bontšitseng lona? Re lokela ho ithuta ho eketsehileng ka eena le ka morero oa hae. (Johanne 17:3) Re lokela hore hape re phele ka tsela e lumellanang le litsela tsa hae le thato ea hae. (1 Johanne 5:3) Re ka bonahatsa lerato le tšoanang le la Molimo ka tsela eo re tšoarang ba bang ka eona. (1 Johanne 4:11) Ka ho etsa joalo, re tla be re bontša hore re nka Jehova e le Ntate oa rōna ’me re motlotlo hore ebe re bana ba hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Taba ea hore Jehova ke ntate oa rōna, e hlaha hangata ka Bibeleng. Ka mohlala, Jesu o sebelisitse lentsoe “Ntate” ka makhetlo a ka bang 65 Likosepeleng tse tharo tse qalang le ka makhetlo a fetang lekholo Kosepeleng ea Johanne. Pauluse le eena o re Molimo ke “Ntate,” ka makhetlo a fetang 40 mangolong a hae. Jehova ke Ntate oa rōna ka kutloisiso ea hore ke eena ea re fileng bophelo.

^ ser. 9 Sheba khaolo ea 24, e nang le sehlooho se reng “Ha ho Letho le Tla ‘re Arohanya le Lerato la Molimo,’” bukeng ea Atamela ho Jehova, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Ha re ntse re ithuta hore na Jehova ke ntate oa mofuta ofe, sena se re atametsa ho eena le ho feta ’me re mo rata le ho feta

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Re ka bontša hore re nka Jehova e le Ntate oa rōna ’me re motlotlo hore ebe re bana ba hae

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

JEHOVA O RE BONTŠA LERATO LE KANG LA NTATE KA LITSELA TSE NGATA

OA RE AMOHELA

OA RE QENEHELA

OA RE SIRELETSA

OA RE LAEA

OA RE HLOKOMELA