Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba sebelisa sekontiri e le seretse?

Ha e bua ka liahi tsa tora ea Babele, Bibele e re “setene ea e-ba lejoe la bona, empa sekontiri se thata ea e-ba seretse sa bona.”—Genese 11:3.

Sekontiri ke ntho ea tlhaho. Se tsoa oling e tala ’me se fumanoa libakeng tse ngata tsa Mesopotamia moo se tšikhunyang ebe sea hoama. Mehleng ea Bibele, ho ile ha hlokomeloa hore se ka sebelisoa ho khomaretsa lintho. Buka e ’ngoe e re, sekontiri “se ne se sebelisoa ha ho ahoa mehaho ea litene tse besitsoeng.”

Sehlooho se seng makasineng ea Archaeology, se bua ka nako eo ho neng ho etetsoe lithako tsa tempele haufinyane, motseng oa boholo-holo oa Ure e Mesopotamia. Mongoli oa eona o re: “Seretse sa sekontiri—e leng o mong oa mekhoa ea pele ea ho sebelisa oli e ngata e fumanehang Iraq boroa—se ntse se bonahala pakeng tsa litene tse besitsoeng. Serafshoa sena se khomarelang se setšo se kang oli, pele e ne e le sona se neng se kopanya lichaba, empa kajeno se bakile lintoa le merusu sebakeng sena. Ho sebelisoa ha sekontiri sena e le seretse le ho lila litsela ka sona, ho thusitse hore litene tsa mobu tsa Sumeria li se ke tsa monya metsi, e leng ho ileng ha etsa hore li tšoarelle lilemo-lemo.”

Ke “pampiri” ea mofuta ofe e neng e sebelisoa mehleng ea Bibele?

Motho a ka ipotsa potso ena ka lebaka la seo mongoli oa Bibele Johanne a ileng a se bua, ha a re: “Le hoja ke e-na le lintho tse ngata tseo nka le ngollang tsona, ha ke lakatse ho etsa joalo ka pampiri le enke.”—2 Johanne 12.

Lentsoe la Segerike kharʹtes leo mona le fetoletsoeng e le “pampiri,” le bolela pampiri e entsoeng ka “loli,” e leng semela sa metsing. Ha buka e ’ngoe e hlalosa kamoo ho neng ho etsoa pampiri ka likutu tsa semela sena e re: “Ho ne ho nkoa likutu, ka linako tse ling e le tsa bolele ba limithara tse tharo, ebe lia eboloa ’me li sehoa hore li be tšesaane ka mor’a moo lia kopanngoa hore e be ntho e sepapetloa ebe li tuloa ka hamore ea lepolanka li ntoo karapuoa hore li be boreleli.”

Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane litokomane tsa loli tsa boholo-holo Egepeta le sebakeng se haufi le Leoatle le Shoeleng. Mangolo a Bibele a loli a fumanoeng libakeng tsena ke a ngotsoeng mehleng ea Jesu le pele ho moo. Ho bonahala eka mangolo a Bibele a kang ao baapostola ba a ngotseng, qalong a ne a ngotsoe pampiring ea loli.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]

Spectrumphotofile/​photographersdirect.com

© FLPA/​David Hosking/​age fotostock