Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE HOBANE’NG ha ntate ea hōletseng lelapeng la Mak’hatholike a chesehang, eo e neng ebile e le ramolao ea phahameng, e ile ea e-ba Paki ea Jehova? Ke eng e ileng ea susumetsa motho eo e neng e le sekhukhuni hore a tlohele pefo ’me e be molumeli? Bala u utloe hore na batho bana ba re’ng ha ba itlhalosa.

“Ke Ile ka Qala ho Utloisisa Hantle Hore na se Nepahetseng le se Fosahetseng ke Sefe.”—SEBASTIÃO ALVES JUNQUEIRA

SELEMO SA TSOALO: 1946

NAHA EA HESO: BRAZIL

PELE: KE NE KE LE MOK’HATHOLIKE OA POPOTA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Lelapa leso le ne le lula motseng oa mahaeng, o ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse tšeletseng ho tloha toropong ea Piquete. Batsoali ba ka ba ne ba e-na le polasi e nyenyane ’me re ne re iphelisa ka eona. Ke ne ke kena sekolo Piquete, kahoo qetellong ke ile ka reka baesekele e le hore ho be bonolo hore ke ee toropong. Batho ba moo ke neng ke lula teng ba ne ba futsanehile empa toropong ho ne ho hloekile ebile ho se na botlokotsebe bo bokaalo. Boholo ba banna ba neng ba lula toropong ba ne ba sebetsa fekthering e neng e etsetsa sesole libetsa.

Ke ne ke rata thuto haholo ’me ke ile ka ba ka kena sekolo se etsang lifofane tsa ntoa se motseng o haufi, eaba ka 1966 ke fumana lengolo la ho ba sajene. Hamorao ke ile ka ithutela molao univesithing eaba ke fumana mangolo a litsebi tsa molao. Ka mor’a moo ke ile ka etsa kōpo ea ho ba mookameli oa sepolesa. Ka 1976 ke ile ka pasa tlhahlobo ea ’muso ’me ka fumana boemo boo. Ka linako tse ling ke ne ke sebetsa ke le motsamaisi oa chankana. Lipaki Tsa Jehova li ne li tloaetse ho tla kōpa tumello ea ho pakela batšoaruoa. Kamehla ha ba e-tla, le ’na ba ne ba mpolella molaetsa oa Bibele. Ke ne ke hlompha Molimo haholo. Ke ile ka khahloa ke ho tseba hore Molimo o na le lebitso, e leng Jehova, le hore re ka ba le kamano le eena.

Butle-butle ke ile ka ntšetsa lithuto tsa ka tsa molao pele. Ka 1981 ke ile ka pasa tlhahlobo e ’ngoe ea ’muso ’me ka etsoa moahloli oa naha. Eaba ka 2005 ke khethoa hore ke be moahloli oa lekhotla la maipiletso lekhotleng la São Paulo.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Nakoana ka mor’a hore ke fumane mangolo a ka a molao, ke ile ka qala ho bala Bibele—e leng ntho e ileng ea etsa hore tsela eo ke neng ke nahana ka eona e fetohe haholo. Ke ne ke le Mok’hatholike oa popota. Ba bang ba beng ka ’na e ne e le baprista ’me e mong e le mobishopo ha ’na ke ne ke thusa moprista nakong ea ’Misa. Pele moprista a qala ho rera, ke ne ke bala karolo e itseng bukeng ea lithapelo. Malapa a Mak’hatholike a ne a sa tloaela ho bala Bibele. ’Mè oa ka o ile a halefa hampe ha a utloa hore ke bala Bibele. O ile a leka ho nthiba a re e tla ntlhantša. Ho ntse ho le joalo ke ile ka tsoela pele ke e bala; ke ne ke sa bone phoso.

Ke nahana hore ho rata ha ka ho tseba lintho ke hona ho ileng ha ntšusumeletsa hore ke tsoele pele ke bala Bibele. Ke ne ke batla ho tseba haholoanyane ka baprista le hore na mosebetsi oa bona ke ofe ka kerekeng. Ke ile ka boela ka qala ho bala ka mokhatlo oa bolumeli o loanelang litokelo tsa batho empa ka fumana hore mabaka a neng a behoa ke batšehetsi ba oona a ne a sa utloahale.

Ka eona nako eo, ngaka ea ka ea meno eo e neng e le Mobuddha, e ile ea mpha buka eo e neng e e fuoe. Buka eo e ne e re Did Man Get Here by Evolution or by Creation? * Ke ile ka e nka ke nahana hore e tla utloana le The Origin of Species, e ngotsoeng ke Charles Darwin. Mabaka a neng a le bukeng ea Did Man Get Here by Evolution or by Creation? a ne a le matla, a utloahala a bile a kholisa. Ho ile ha hlaka ho ’na hore thuto ea ho iphetola ha lintho ha e na bopaki.

Ha ke bala sehlooho se buang ka pōpo bukeng ena, takatso ea ka ea ho batla ho tseba e ile ea tota. Ke ne ke batla libuka tse eketsehileng tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka bolelloa ka mek’henike e mong eo e neng e le Paki ea Jehova. Ke ile ka bua le eena eaba o mpha libuka. Ka nako eo, ha kea ka ka lumela ho ithuta Bibele le Lipaki. Ke ne ke re ke tla ipalla eona ke le mong.

Ha ke se ke e-na le lelapa, ke ile ka bona ho le molemo hore re ithute Bibele re le ’moho ’me re ile ra etsa seo beke le beke. Kaha re ne re le Mak’hatholike, lelapa leso le ne le nkela baprista le babishopo holimo haholo. Seo ke ileng ka se bala ho Johanne 14:6 se ile sa ’makatsa, lengolo leo le re: “Jesu a re ho eena [morutuoa Thomase]: ‘Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.’” Ka mor’a hore ke hlahlobisise mahlakore ’ohle a taba ena, ke ile ka kholiseha hore poloko ea rōna e tsoa ho Jehova ka Jesu. Re ne re lumela hore poloko ea rōna e tsoa ho baprista kaha re ne re rutiloe joalo.

Ho na le mangolo a mang a mabeli a Bibele a ileng a etsa hore ke fetole maikutlo a ka ka Kereke e K’hatholike le lithuto tsa eona. Le leng ke Liproverbia 1:7, le reng: “Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea tsebo. Maoatla a nyelisitse bohlale le taeo.” Le leng hape ke la Jakobo 1:5, le reng: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise; ’me o tla bo fuoa.” Ke ne ke nyoretsoe ho ba le tsebo le bohlale ’me ho ea kerekeng ha hoa ka ha felisa lenyora leo. Eaba ke khaotsa ho ea.

Ka 1980, mosali oa ka o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Ha ke le teng lapeng ke ne ke ba le eena ha a ithuta. Ha nako e ntse e e-ea ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le Lipaki. Leha ho le joalo re ile ra nka nako e telele pele re ka etsa qeto ea ho kolobetsoa joaloka Lipaki Tsa Jehova. Mosali oa ka o ile a kolobetsoa ka 1994 ’me ’na ka 1998.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Bana ba ka ba bane ba ruile molemo ka hore ba hōle ka melao ea Jehova. (Baefese 6:4) Ke na le bara ba babeli ba sebetsang ka thata liphuthehong tseo ba leng ho tsona ba hlokomela Lipaki tse ling moeeng. Barali ba ka ba babeli ba chesehela mosebetsi oa ho ruta batho ba bang Bibele. Mosali oa ka o qeta nako e ngata khoeli le khoeli a thusa batho ba bang ho ithuta Bibele ’me ’na ke sebetsa ke le moholo phuthehong ea heso.

Ha ke e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka qala ho utloisisa hantle hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe. Joalokaha ke le moahloli, ha ke sebetsa linyeoe khotla ke leka ho etsisa tsela eo Jehova a sebetsang mathata a fapa-fapaneng ka eona, ka hore ke shebe taba ka mahlakore ’ohle ’me ke bontše kutloelo-bohloko le tlas’a maemo a thata.

Ke sebelitse linyeoe tse ngata tsa pefo, tlōlo ea molao le tlhekefetso ea bana hammoho le liketso tse ling tse tebileng tsa tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore ke se ke li tloaetse hoo li seng li sa nkutloise bohloko. Ha ke shebella litaba, ke khopisoa ke ho bona kamoo ho hlepha ha boitšoaro ho atileng kateng le kamoo lefatše le senyehileng kateng. Ke leboha Jehova ka hore ebe o nthusitse ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha tlōlo ea molao e ntse e eketseha le ka hore ebe o mphile tšepo ea hore lintho li tla loka.

“Teronko ha ea ka ea Nthusa ho Fetoha.”—KEITH WOODS

SELEMO SA TSOALO: 1961

NAHA EA HESO: IRELAND LEBOEA

PELE: KE NE KE LE SEKHUKHUNI

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahile ka 1961, motseng o phetheselang oa Portadown o Ireland Leboea. Lapeng heso re ne re le Maprostanta ’me ke hōletse sebakeng seo ho neng ho lula Mak’hatholike le Maprostanta. Malapa a mangata moo a ne a futsanehile. Boholo ba batho ba ne ba se na chelete empa malapa a ne a tšehetsana.

Ke utloa ke soaba ha ke nahana kamoo ke neng ke phela kateng. Ka 1974 ke ile ka kenela “Likhathatso,” e leng ntoa ea bolumeli le lipolotiki e ileng ea qhoma Ireland Leboea. Ka nako eo, lintho li ile tsa mpefala moo re neng re lula teng. Ka mohlala, bosiung bo bong ntate oa ka, eo e neng e le mookameli fekthering ea Ulster ea lik’hapete, o ne a le mosebetsing a ntse a koetlisa bashanyana ba babeli ba Mak’hatholike ba neng ba lula haufi le rōna. Ha ba ntse ba le moo, motho e mong o ile a lahlela bomo ka fensetere ea ntlo ea habo bashanyana bao eaba e bolaea batsoali ba bona hammoho le moen’a bona.

Mathata a ile a eketseha eaba ho qhoma ntoa. Maprostanta a neng a lula libakeng tsa Mak’hatholike a ile a chesetsoa matlo ’me a tlameha ho baleha, Mak’hatholike a neng a lula libakeng tsa Maprostanta le ’ona a ile a hlorisoa. Maprostanta a ile a sala ka bongata moo re neng re lula teng. Nakoana ka mor’a liketsahalo tsena ke ile ka tšoaroa ’me ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong ka lebaka la hore ke ne ke ameha tlhaselong ea libomo.

Ha ke ntse ke le teronkong ke ile ka ba motsoalle oa hlooho ea khomo le ralipolotiki e mong ea neng a tsebahala oa Moprostanta. Re ne re le joaloka bana ba motho ’me hamorao ha a nyala ke ne ke le moetsana oa hae e moholo. Teronko ha ea ka ea nthusa ho fetoha le eena ha ea ka ea mo thusa. Ha re qeta ho lokolloa, re ile ra boela ka matla linthong tseo re neng re li etsa pele. Ka lebaka leo, motsoalle oa ka o ile a tšoaroa hape. Ha a ntse a le teronkong o ile a bolaoa.

Le ’na ba ne ba batla ho mpolaea, ka lekhetlo le leng, koloi ea ka e ile ea ba ea ranthanngoa ka bomo. Empa seo se ile sa etsa hore ke hlase le ho feta.

Nakong eo, ke ile ka hlaha lenaneong le neng le bua ka “Likhathatso” le ileng la hlaha thelevisheneng ea Brithani. Lenaneo leo le ile la ntlisetsa mathata a mangata le ho feta. Ka mohlala, bosiung bo bong ha ke fihla lapeng ke ile ka fumana mosali oa ka a tsamaile. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka amohuoa mora oa ka ka lebaka la lenaneo leo la TV. Ke hopola ke icheba ka seiponeng ’me ke re, “Molimo, haeba u teng, nthuse.”

Moqebelo o latelang ke ile ka kopana le monna e mong eo ke neng ke mo tseba ea bitsoang Paul, eo e neng e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a qala ho buisana le ’na ka Bibele. Matsatsi a mabeli ka mor’a moo, Paul o ile a nthomella makasine ea Molula-Qhooa. Ho ne ho e-na le sehlooho se neng se qotsitse mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Johanne 18:36. O ile a re: “Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” Mantsoe ao a ile a nkama haholo. Ho tloha letsatsing leo, bophelo ba ka bo ile ba qala ho fetoha.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Paul o ile a qala ho ithuta Bibele le ’na. Hamorao ke ile ka ithuta le Paki e ’ngoe e bitsoang Bill. Kea tseba hore ho ne ho se bonolo hore Bill a ithute le ’na; ke ne ke le manganga haholo. Ke ile ka ba ka mema baruti e le hore ba tl’o bontša Bill hore o leshano, ba mo kenye tseleng. Empa ’nete ea Lentsoe la Molimo e ile ea hlaka.

Ke hopola ka letsatsi le leng ke bolella Bill hore a se ke a tla ntlong ea ka kaha likoloi li ne li thibetsoe ho kena sebakeng seo ke neng ke lula ho sona, ho seng joalo koloi ea hae e ne e tla nkoa ebe ea chesoa. Empa Bill o ile a tla ho tla ithuta le ’na joaloka kamehla. O ile a siea koloi ea hae a tla ka baesekele. Ba ne ba tla be ba isa baesekele kae? Ka lekhetlo le leng, ’na le Bill re ne re lutse lapeng re ntse re ithuta Bibele ha mapolesa le masole a fihla ho tla ntšoara. Ha ba tsoa le ’na Bill o ile a hoeletsa a mpolella hore ke tšepe Jehova. Liketsahalo tseo ke tsona tse ileng tsa etsa hore ke nahane ka botebo.

Ha ke ne ke qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, Holong ea ’Muso, e tlameha ebe batho ba neng ba le teng ba ile ba tšoha haholo. Ke ne ke e-na le moriri o molelele ke roetse lesale ebile ke apere baki ea letlalo e neng e e-na le letšoao la mokha oa ka oa lipolotiki. Leha ho le joalo, ke ile ka sala ke makalitsoe ke tsela e ntle eo Lipaki li ileng tsa ntšoara ka eona. Ke ile ka tsota mosa oa tsona.

Le hoja ke ne ke ntse ke ithuta Bibele, ke ne ke ntse ke tloaelane le metsoalle ea ka ea khale. Empa qetellong linnete tseo ke neng ke ithutile tsona Bibeleng li ile tsa thopothela le ho feta pelong ea ka. Ke ile ka hlokomela hore haeba ke batla ho sebeletsa Jehova, ke lokela ho fetola metsoalle ea ka le tsela eo ke talimang lipolotiki ka eona. Eo e ne e le ntho e thata. Empa ha ke ntse ke ithuta ho eketsehileng ka Bibele le ho fumana matla ho Jehova, ke ile ka khona ho etsa liphetoho. Ke ile ka kuta moriri, ka rola lesale ka ba ka ithekela sutu. Seo ke neng ke ithutile sona se ile sa boela sa ntlafatsa maikutlo a ka ka batho ba bang.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke phetse nako e telele ke le setlokotsebe ke bile ke le sekhukhuni. Hohle motseng mapolesa a ne a tseba sefahleho sa ka. Hona joale lintho li fetohile. Ka mohlala, ha ke ne ke qala ho ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe motseng oa Navan, mapolesa a ile a tsamaea le ’na a nkatile ho ea Ireland le ho khutlela Ireland Leboea. Empa kajeno ke ea likopanong ke sa katoa. Ke boetse ke tsamaea ka bolokolohi le Lipaki-’moho le ’na e leng Paul le Bill le phutheho eohle ha re e-ea mosebetsing oa boboleli.

Ha bophelo ba ka bo ntse bo ntlafala ke ile ka ikutloa ke se ke le karolo ea phutheho. Ke ile ka kopana le Paki e ’ngoe e bitsoang Louise ’me ra nyalana. Ho ekeletsa moo, ’na le mora oa ka re ile ra boela ra kopana.

Ha ke hetla morao bophelong ba ka, ke ikoahlaela hore ebe ke utloisitse batho ba bang bohloko. Empa nka bua ke kholisehile hore kannete Bibele e khona ho etsa hore batho ba tšoanang le ’na ba fetohe, ba tsebe seo ba se phelelang ’me ba be le tšepo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

’Mè oa ka o ile a halefa hampe ha a utloa hore ke bala Bibele