Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

Jehova o Hloile ho Hloka Toka

Jehova o Hloile ho Hloka Toka

‘MOTHO o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Mantsoe ao a ileng a ngoloa lilemo tse 3 000 tse fetileng a hlalosa hantle lefatše leo re phelang ho lona. Batho ba na le tloaelo ea ho sebelisa matla a bona hampe ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang kapa ba phela hokae. Hangata ba hlasela batho ba sa khoneng ho itšireletsa le ba futsanehileng. Jehova o ikutloa joang ka liketso tse joalo tsa ho hloka toka? Re fumana karabo ho Ezekiele 22:6, 7, 31.—E Bale.

Molaong oo a ileng a o fa Baiseraele, Jehova o ile a hlakisa hore batho ba nang le matla a bolaoli ho hang ha baa lokela ho sebelisa matla a bona hampe. O ne a tla hlohonolofatsa sechaba hafeela baeta-pele ba ne ba tšoara batho ba tlaase le ba futsanehileng ka mosa ebile ba ba nahanela. (Deuteronoma 27:19; 28:15, 45) Empa mehleng ea Ezekiele marena a Jerusalema le Juda a ne a sebelisa matla a ’ona ka tsela e khopo. A ne a etsa’ng?

Marena a ne a sebelisa “letsoho . . . ka morero oa ho tšolla mali.” (Temana ea 6) Lentsoe “letsoho” le emela matla kapa bolaoli. Kahoo phetolelo e ’ngoe e re: “Likhosana tsa Iseraele . . . li sebelisitse matla a tsona ho tšolla mali.” Ho ne ho ka ba le toka joang ha baeta-pele ba neng ba lokela ho etsa seo molao o se bolelang le ho khothalletsa batho hore ba mamele molao, ba ne ba sebelisa matla a bona hampe ba bile ba bolaea batho ba hlokang molato?

Ka mor’a ho bua sena, ho bonahala Ezekiele a se a sa qose baeta-pele feela empa a se a qosa le batho ba sa mameleng Molao oa Jehova joaloka bona. Ezekiele o re: “Ba ile ba eisa ntate le ’mè.” (Temana ea 7) Ka lebaka la hore ba ne ba sa hlomphe batsoali ba bona, batho ba ile ba senya motheo oa sechaba—e leng lelapa.—Exoda 20:12.

Batho ba neng ba tletse bobolu ba ne ba hanyapetsa batho ba neng ba sa khone ho itšireletsa. Nako le nako ha Baiseraele ba tlōla Molao oo Molimo a neng a ba file oona, ba ne ba bontša ho se ananele lerato la Molimo. Ka mohlala, Molao oa Molimo o ile oa laela Baiseraele hore ba bontše Balichaba ba lulang le bona tlhokomelo e khethehileng. (Exoda 22:21; 23:9; Levitike 19:33, 34) Empa batho ba ile ba etsetsa bajaki “bolotsana.”—Temana ea 7.

Batho ba ile ba boela ba tšoara batho ba neng ba se na mosireletsi hampe—e leng “moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.” (Temana ea 7) Ka ho khetheha, Jehova o batla ho thusa motho ea shoeletsoeng ke motsoali kapa ke molekane. Molimo o ile a tšepisa hore eena ka boeena o tla tlisa kahlolo ho ba hlorisang ngoana kapa mohlolohali ea se nang mang-oe!—Exoda 22:22-24.

Ka ho etsa sena le ka mekhoa e meng, Baiseraele ba mehleng ea Ezekiele ba ile ba tlōla Molao oa Molimo ’me ba bontša ho se ananele lerato la hae. Jehova o ne a tla etsa’ng? O ile a tšepisa a re: “Ke tla tšollela nyatso ea ka holim’a bona.” (Temana ea 31) Jehova o ile a tšepahalla mantsoe ao a hae hobane ka 607 B.C.E., o ile a lumella Bababylona hore ba felise Jerusalema le ho isa baahi ba eona kholehong.

Mantsoe a Ezekiele a re ruta lintho tsena tse peli ka Jehova mabapi le ho hloka toka: Ea pele, o hloile ho hloka toka; ea bobeli, o utloela batho ba se nang molato ba ileng ba tšoaroa ka ho hloka toka bohloko. Molimo ha aa fetoha. (Malakia 3:6) O tšepisa hore haufinyane o tla felisa ho hloka toka hammoho le batho ba ho bakang. (Liproverbia 2:21, 22) Ho ka ba joang ha u ka ithuta ho eketsehileng ka Molimo ea ‘ratang toka’ le hore na ke joang u ka atamelang ho eena?—Pesaleme ea 37:28.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka August:

Ezekiele 21-38

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Jehova o ile a hlakisa hore batho ba nang le matla a bolaoli ho hang ha baa lokela ho sebelisa matla a bona hampe