Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Lentsoe la Molimo

Jesu e Ile ea E-ba Morena Neng?

Jesu e Ile ea E-ba Morena Neng?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Jesu o ne a tšepisitsoe ho ba Morena oa ’muso ofe?

Molimo o ile a tšepisa hore setloholo sa Morena Davida se tla lula teroneng ea Hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Setloholo seo ke Jesu ’me hona joale o busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo.—Bala Pesaleme ea 89:4; Luka 1:32, 33.

Ha Davida e ntse e le moshanyana, Molimo o ile a mo khetha hore ebe morena oa sechaba sa Hae, e leng Baiseraele. Ha Davida a shoa, Solomone, eo Jehova a ileng a mo khetha, o ile a lula “teroneng ea Jehova.” (1 Likronike 28:4, 5; 29:23) Ka mor’a hore Solomone a shoe, marena a mangata a ile a busa Jerusalema, empa boholo ba ’ona a ne a sa tšepahale. Qetellong, Jehova o ile a lumella mabotho a Babylona hore a timetse Jerusalema ’me a tlose morena oa eona. Seo se ile sa etsahala ka selemo sa 607 B.C.E. Ho tloha ka nako eo, ha ho morena ea tsoang lelokong la Davida ea ileng a busa a le motseng oa Jerusalema.—Bala Ezekiele 21:27.

2. Ho ile ha feta nako e kae ho se na morena ea emelang ’Muso oa Molimo lefatšeng?

Nakoana ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe, Jehova o ile a bolella moprofeta Daniele hore Molimo o tla khetha morena ea tla busa a le leholimong. Puso ea hae e ne e tla qala neng?—Bala Daniele 7:13, 14.

Daniele o ile a hlalosa pono eo ho eona Molimo a ileng a laela hore sefate se seholo se khaoloe, joalokaha Molimo a ile a laela hore ’muso oa Jerusalema o khaoloe ’me o felisoe. Empa metso ea sefate seo e ne e sa lokela ho fotholoa e le hore se tle se hōle hape ka mor’a “linako tse supileng.” Bibele e bontša hore “linako” tse tharo le halofo ke matsatsi a 1 260, ka hona “linako tse supileng” ke matsatsi a 2 520. (Tšenolo 12:6, 14) Boprofeteng ba Bibele, hangata matsatsi a emela lilemo. (Numere 14:34) Ka hona, ho ne ho tla feta lilemo tse 2 520 ho se na morena ea emelang ’Muso oa Molimo.—Bala Daniele 4:10-17.

3. Jesu e ile ea e-ba Morena neng?

Molimo o ile a hlomamisa Jesu e le Morena leholimong ka 1914, e leng lilemo tse 2 520 hantle ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe. Ntho ea pele eo Jesu a ileng a e etsa ha a qeta ho behoa boreneng ke ho leleka Satane le bademona ba hae leholimong. (Tšenolo 12:7-10) Le hoja batho ba sa ka ba bona ketsahalo eo, liphello tsa eona tse bohloko li ile tsa bonahala lefatšeng. (Tšenolo 12:12) Lintho tse ileng tsa etsahala ho tloha ka 1914 li tiisa hore Jesu e ile ea e-ba Morena selemong seo.—Bala Matheu 24:14; Luka 21:10, 11, 31.

4. Borena ba Jesu bo bolela’ng ho uena?

Ho phethahala ha boprofeta bo buang ka borena ba Jesu ke bopaki ba hore u ka tšepa Lentsoe la Molimo. Haufinyane Jesu o tla sebelisa matla a hae a borena ho felisa mahlomola ’ohle a batho.—Bala Pesaleme ea 72:8, 12, 13; Daniele 2:44.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 215-218 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Chate e maqepheng a 16, 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

October

607 B.C.E. ← Lilemo tse 2,520 → 1914 C.E.

1000 B.C.E. | 1 B.C.E. 1 C.E. | 1000 C.E. | 2000 C.E.

← 606.25 years →← Lilemo tse 1,913.75 →

’Muso oa Jerusalema oa timetsoa

Sebelisa mochine oa lipalo: 606.25 + 1,913.75 = 2,520

Molimo o beha Jesu boreneng hore a buse lichaba