Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehlolo eo Haufinyane e Tla Etsahala

Mehlolo eo Haufinyane e Tla Etsahala

Mehlolo eo Haufinyane e Tla Etsahala

HAEBA ngaka e itseng e ne e tlameha ho tla u etsa opereishene e khōlō, u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u ka fumana hore ha ho mohla ngaka eo e kileng ea etsa opereishene ea mofuta oo? Ho hlakile hore u ne u tla tšoenyeha. Empa ho thoe’ng haeba, ka lehlakoreng le leng u bolelloa hore ngaka ena ke ngaka e itlhommeng pele le hore e ile ea etsa liopereishene tse ngata tsa mofuta ona tse ileng tsa atleha? Na u ne u ke ke ua tšepa hore e tla u thusa?

Lefatše lena le kulang leo re phelang ho lona le hloka “opereishene” ka potlako. Ka Lentsoe la hae Bibele, Jehova Molimo o ile a tšepisa hore o tla etsa lefatše lena Paradeise hape. (2 Petrose 3:13) Empa e le hore seo se etsahale, ho lokela ho felisoe bokhopo pele le hore bo tlosoe ka ho feletseng. (Pesaleme ea 37:9-11; Liproverbia 2:21, 22) Maemo ’ohle a utloisang bohloko ao re a bonang ho re potoloha a lokela ho felisoa pele lefatše e e-ba paradeise hape. Ruri Molimo o tla etsa mohlolo ho phethahatsa sena!—Tšenolo 21:4, 5.

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore haufinyane liphetoho tseo tse khōlō li tla etsahala. Hobane’ng? Hobane mehlolo eo Jehova Molimo a seng a e entse e bontša hore o na le matla a ho phethahatsa seo a se tšepisitseng. Bapisa mehlolo e tšeletseng feela e ka Bibeleng le litšepiso tseo Bibele e reng li tla etsahala ka moso.

E se eka u ka tsoela pele u ithuta ka seo Bibele e se tšepisang ka bokamoso. Ha tumelo ea hao e ntse e hōla, le tšepo ea hao e tla hōla—e leng tšepo ea ho phela nakong eo u tla rua molemo mehlolong eo Jehova a e etsang.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 9, 10]

MOHLOLO:

JESU O ILE A FEPA BATHO BA LIKETE KA MAHOBE LE LITLHAPI TSE ’MALOA.—MATHEU 14:13-21; MAREKA 8:1-9; JOHANNE 6:1-14.

TŠEPISO:

“Ka sebele lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona; Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.”PESALEME EA 67:6.

SENA SE BOLELA HORE:

HO KE KE HA HLOLA HO E-BA LE MOTHO EA TLA BOLAOA KE TLALA.

MOHLOLO:

JESU O ILE A ETSA HORE LIFOFU LI BOELE LI BONE.—MATHEU 9:27-31; MAREKA 8:22-26.

TŠEPISO:

“Mahlo a lifofu a tla tutuboloha.”ESAIA 35:5.

SENA SE BOLELA HORE:

BATHO BOHLE BA FOUFETSENG BA TLA BOELA BA BONE.

MOHLOLO:

JESU O ILE A FOLISA BA HOLOFETSENG.—MATHEU 11:5, 6; JOHANNE 5:3-9.

TŠEPISO:

“Ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”ESAIA 35:6.

SENA SE BOLELA HORE:

MEFUTA EOHLE EA BOKOOA E TLA FELISOA.

MOHLOLO:

JESU O ILE A FOLISA MALOETSE A MEFUTA-FUTA.—MAREKA 1:32-34; LUKA 4:40.

TŠEPISO:

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”ESAIA 33:24.

SENA SE BOLELA HORE:

MAFU ’OHLE A RE FOKOLISANG ’MELENG A TLA FELISOA. RE TLA BA LE BOPHELO BO PHETHAHETSENG BA ’MELE.

MOHLOLO:

JESU O ILE A LAOLA MAEMO A LEHOLIMO.—MATHEU 8:23-27; LUKA 8:22-25.

TŠEPISO:

“Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba sehlela lefeela.”ESAIA 65:21, 23.

“U tla ba hōle le khatello—etsoe u ke ke ua tšaba le ea mong—le ntho leha e le efe e tšosang, kaha e ke ke ea u atamela.”ESAIA 54:14.

SENA SE BOLELA HORE:

HO KE KE HA HLOLA HO E-BA LE LIKOLUOA TSA TLHAHO.

MOHLOLO:

JESU O ILE A TSOSA BAFU.—MATHEU 9:18-26; LUKA 7:11-17.

TŠEPISO:

‘Bohle ba mabitleng a khopotso . . . ba tla tsoa.’JOHANNE 5:28, 29.

“Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.”TŠENOLO 20:13.

SENA SE BOLELA HORE:

BARATUOA BA RŌNA BA SHOELENG BA TLA TSOSOA.