Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Molimo o Ikutloa Joang ha ke Tsuba Koae?

Molimo o Ikutloa Joang ha ke Tsuba Koae?

▪ Motho a ka ipotsa potso ena a tiile, kaha ka Bibeleng ha ho na molao o buang ka koae. Na seo se bolela hore ho thata ho tseba hore na Molimo o ikutloa joang ka koae? Che, ha ho joalo.

Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Mangolo a na le melao-motheo le lipolelo tse re senolelang ka ho hlaka hore na ke joang Molimo a batlang hore re hlokomele bophelo ba rōna. A re ke re qale ka ho hlahloba seo bafuputsi ba se fumaneng mabapi le hore na ho tsuba koae ho ama bophelo ba batho joang. Ka mor’a moo re tla hlahloba hore na melao-motheo ea Bibele e amana joang le seo bafuputsi ba se fumaneng.

Koae e senya bophelo ba motho ea e tsubang ’me ke eona e bolaeang ka ho fetisisa har’a lintho tse bolaeang tse ka qojoang. Ho batho bang le ba bang ba bahlano ba shoang United States, a le mong o bolaoa ke koae. Tlaleho e tsoang ho Lefapha la Sechaba la Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi (National Institute on Drug Abuse) e bolela hore naheng eo, batho ba bolaoang ke koae selemo le selemo ba feta ba shoang ka lebaka la “joala, lithethefatsi, ho bolaoa, ho ipolaea, likotsi tsa likoloi le AIDS li kopane.”

Batho ba tsubang koae ba ntša ba bang kotsi. Hafeela motho a le pel’a motho ea tsubang ha aa sireletseha. Batho ba sa tsubeng, ba hemang musi oa koae, ba kotsing ea ho tšoaroa ke kankere ea matšoafo le lefu la pelo ka liphesente tse ka bang 30. Lilemong tsa morao tjena, lingaka li hlokometse hore kotsi e ’ngoe e bakoa ke lik’hemik’hale tsa koae tse sallang liaparong, lik’hapeteng le libakeng tse ling, leha ho se ho fetile nako e telele mosi oa koae o felile. Lik’hemik’hale tseo tse chefo li kotsi haholo-holo ho bana ’me li etsa hore ba se ke ba khona ho ithuta hantle.

Motho ea tsubang koae oa e lemalla. E mo etsa lekhoba la eona. Ha e le hantle, bafuputsi ba lumela hore bokoali, e leng k’hemik’hale e ngata haholo koaeng, ke e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa ho li tlohela.

Melao-motheo ea Bibele e amana joang le lintlha tseo? Nahana ka sena:

Molimo o batla hore re hlomphe bophelo. Molaong oo Molimo a o fileng Baiseraele, o ile a bolela hore batho ba batlang ho mo thabisa ba lokela ho hlompha bophelo. (Deuteronoma 5:17) Baiseraele ba ne ba lokela ho aha lehora kapa lerako ho potoloha marulelo a matlo a bona. Hobane’ng? Marulelo a ne a bataletse ’me e ne e le moo malapa a lulang teng. Lerako le ne le sireletsa ba lelapa le batho ba bang hore ba se ke ba oa ebe baa lemala kapa baa shoa. (Deuteronoma 22:8) Ho phaella moo, Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa bonnete ba hore liphoofolo tsa bona ha li ntše batho ba bang kotsi. (Exoda 21:28, 29) Motho ea tsubang koae o tlōla melao-motheo e tšehetsang melao eo. O senya bophelo ba hae ka boomo. Holim’a moo, ha a tsuba o beha bophelo ba batho ba pel’a hae kotsing.

Molimo o lebeletse hore re mo rate ’me re rate baahelani ba rōna. Jesu Kreste o ile a re balateli ba hae ba lokela ho mamela melao e ’meli e meholo ka ho fetisisa. Ba lokela ho rata Molimo ka pelo, moea le matla ’ohle ’me ba rate baahelani ba bona joalokaha ba ithata. (Mareka 12:28-31) Kaha bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, motho ea tsubang koae o bontša ka ho feletseng hore ha a hlomphe mpho eo ’me kahoo ha a rate Molimo. (Liketso 17:26-28) Ho tsuba hona ha hae ho ka ntša batho ba bang kotsi e tebileng, kahoo le hoja a ka re o rata moahelani oa hae ha e le hantle ha a bue ’nete.

Molimo o batla hore re qobe mekhoa e sa hloekang. Bibele e laela Bakreste hore ba itlhatsoe “litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Bakorinthe 7:1) Ho totobetse hore ha motho a tsuba koae oa silafala. Batho ba batlang ho tlohela ho tsuba e le hore ba thabise Molimo, ho ba thata ho bona hore ba tlohele. Empa ka thuso ea Molimo ba ka khona ho lokoloha mokhoeng ona o silafatsang.