Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moqoqo le Moahelani—Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?

Moqoqo le Moahelani—Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?

Moqoqo le Moahelani—Na Batho Bohle ba Lokileng ba ea Leholimong?

LIPAKI TSA JEHOVA li thabela ho buisana le baahelani ba tsona ka Bibele. Na ho na le taba e itseng ka Bibeleng eo u eeng u ipotse eona? Na u labalabela ho tseba ho itseng ka tumelo ea Lipaki Tsa Jehova kapa tsela eo li etsang lintho ka eona? Haeba ho joalo, lekhetlong le tlang ha u kopana le Paki, u se ke ua qeaqea ho e botsa. E tla thabela ho tšohla litaba tse kang tseo le uena.

Moqoqo o latelang ke o tloaelehileng oo e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ka bang le oona le moahelani oa hae. A re nke hore Paki e bitsoang Mareka e etetse ha ntate ea bitsoang Ratheko.

Ba Eang Leholimong ba Il’o Etsa’ng Moo?

Mareka: Ha u nahana ka bokamoso, na u bona eka lintho li tla ntlafala, kapa li tla mpefala, kapa ha ho na letho le tla fetoha?

Ratheko: Ke bona eka lintho li tla ntlafala. Ke lebeletse ho ea leholimong ke il’o ba le Morena.

Mareka: Ke tebello e babatsehang eo! Bibele e bua hangata ka hore na leholimo ke sebaka se joang le hore ho na le ba eang teng. Ha u nahana, ba eang leholimong ba il’o etsa’ng moo?

Ratheko: Re il’o ba le Molimo re mo rorise ka ho sa feleng.

Mareka: Ka sebele eo ke ntho e ntle. Se thahasellisang ke hore Bibele ha e bue feela ka melemo eo ba eang leholimong ba tla e fumana empa hape e bua ka boikarabelo ba bohlokoa boo ba tla ba le bona.

Ratheko: U bua ka’ng joale?

Mareka: Ke bua ka boikarabelo bo boletsoeng mona ho Tšenolo 5:10. Temana eo e re: “Ua [Jesu] ba etsa hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” Na joale Ntate Ratheko ua hlokomela hore na ba eang leholimong ba na le boikarabelo bofe?

Ratheko: Temana ena e re ba tla busa e le marena holim’a lefatše.

Mareka: Na ua utloa hore taba ee ea makatsa?

Ba Tla Busa Bo-mang?

Mareka: Joale haeba ba eang leholimong ba il’o busa e le marena, na u ke ke ua lumellana le taba ea hore ho tlameha hore ho be le bafo? Ntle le moo, na ho na le ’muso o se nang bafo?

Ratheko: Kea utloisisa.

Mareka: Kahoo, taba e ka sehloohong ke hore, Ba il’o busa bo-mang?

Ratheko: Ke nahana hore re tla busa batho ba setseng lefatšeng, ba s’o kang ba shoa ’me ba ea leholimong.

Mareka: Seo sea utloahala—le teng haeba ehlile batho bohle ba lokileng ba ea leholimong. Empa ak’u nahane ka taba e ’ngoe hape ke ena. Na ho ka etsahala hore batho ba bang—ba lokileng—ba se ke ba ea leholimong?

Ratheko: Ha ke s’o ka ke utloa Mokreste le ea mong ea lumelang seo.

Mareka: Ke botsa tjena ka lebaka la se ngotsoeng ho Pesaleme ea 37:29. Na u ka e bala?

Ratheko: Ho lokile. Eona e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”

Mareka: Kea leboha. Na u hlokometse hore batho ba bangata ba lokileng ba tla phela hokae?

Ratheko: Temana ena e re ba tla rua lefatše.

Mareka: Hantle haholo—le hona eseng feela ka nako e khutšoanyane. Temana eo e re: “Ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”

Ratheko: Mohlomong seo se mpa feela se bolela hore ho tla lula ho e-na le batho ba lokileng lefatšeng. Ha re e-shoa ’me re ea leholimong, ho na le batho ba bang ba lokileng ba tla ’ne ba tsoaloe ’me ba tla koala sekheo sa rōna.

Mareka: Ke ’nete hore batho ba bangata ba ka hlalosa temana ena ka tsela eo. Empa na ho ka etsahala hore ebe temana ee e ka bolela se fapaneng le seo ka ho feletseng? Na e ka bolela hore batho ba lokileng ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng?

Ratheko: Ha ke sa utloa Joale!

Lefatše la Paradeise le Tlang

Mareka: Hlokomela kamoo temana e ’ngoe ea Bibele e hlalosang taba ea ho phela lefatšeng mona nakong e tlang. A re ke re bale Tšenolo 21:4. Ha e bua ka batho ba tla phela ka nako eo, temana ena e re: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Na eo hase ntho eo bohle re e lakatsang?

Ratheko: Ho joalo. Empa ke nahana hore temana ena e bua ka se tla etsahala leholimong.

Mareka: Ke ’nete hore batho ba eang leholimong le bona ba tla fumana mahlohonolo ao. Empa ak’u shebe temana eo hape. E re ho tla etsahala’ng ka lefu?

Ratheko: E re “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”

Mareka: Hantle haholo. Kea kholoa u tla lumellana le ’na hore ha ho thoe ntho e ke ke ea hlola e e-ba teng seo se bolela hore e kile ea e-ba teng.

Ratheko: Ho joalo.

Mareka: Empa ha ho mohla ho kileng ha e-ba le lefu leholimong. Ke lefatšeng mona feela moo batho ba shoang.

Ratheko: Hmm. Ke tla ke ke nahane ka taba eo.

Mareka: Ha e le hantle Ntate Ratheko, Bibele e ruta hore ho na le batho ba bang ba lokileng ba tla ea leholimong empa bana ba bang kaofela ba tla phela lefatšeng mona ka ho sa feleng. Ke tšepa hore u kile ua utloa mantsoe ana a tsebahalang, a reng: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.”—Matheu 5:5, Bibele ea Sesotho.

Ratheko: E, nkile ka utloa mantsoe ao a baloa hangata kerekeng.

Mareka: Haeba ba bonolo ba tla ja lefa la lefatše, na seo hase bolele hore ho na le batho ba tla phela lefatšeng moo? Batho ba tla be ba phela lefatšeng ba tla fumana mahlohonolo a boletsoeng ho Tšenolo. Ba tla bona ha lefatše lena la rōna le fetoha ka ho feletseng kaha Molimo o tla felisa lintho tsohle tse mpe—esita le lefu.

Ratheko: Oo! Kea utloa joale, empa na nkabe ke se ke lumela ka temana e le ’ngoe feela kapa tse peli hore seo u se buang ke ’nete?

Mareka: Che, ha ho joalo. Bonneteng, ho na le mangolo a mangata a buang ka hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng mona ka moso. Mohlomong, haeba u ntse u e-na le nako, nka u bontša ao ke a ratang haholo.

Ratheko: Ho lokile, u ka tsoela pele.

“Ea Khopo ha a sa Tla Hlola a E-Ba Teng”

Mareka: Re ne re se re balile temana ea 29 ho Pesaleme ea 37. A re ke re khutlele ho eona. Khetlong lena, re tla bala temana ea 10 le ea 11. Na u ka re balla litemana tseo?

Ratheko: E. “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me o tla be a le sieo. Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”

Mareka: Kea leboha. Ho latela temana ea 11, e re “ba bonolo” kapa batho ba lokileng, ba tla phela hokae?

Ratheko: E re “ba tla rua lefatše.” Leha ho le joalo, ke bona eka temana ena e se e ntse e phethahala hona joale; etsoe ho ntse ho na le batho ba lokileng ba phelang lefatšeng.

Mareka: U opile-khomo-lenaka. Empa, hlokomela hore temana ena e boetse e re batho ba lokileng ba tla ba le ‘khotso e ngata.’ Ho joang kajeno, na ho na le khotso lefatšeng?

Ratheko: Che, ha e-eo.

Mareka: Ka hona, ebe tšepiso ee e tla phethahatsoa joang? E-re ke u etsetse papiso ke ena: A re re u na le likamore tseo u li hirisang. Ba bang ba batho bao u ba hiriselitseng ke batho ba lokileng—ba hlokomela sebaka seo ba lulang ho sona hantle ba bile ba leka ho phelisana le baahelani ba bona ka khotso. U thabela hore ebe ba lula moo. Empa bahiri ba bang ha baa loka; ba senya mohaho ebile ba sulafalletsa baahelani ba bona bophelo. Empa joale u tla etsa joang haeba bahiri bao ba sa lokang ba sa batle ho fetoha?

Ratheko: Ke tla ba leleka.

Mareka: Ke sona hantle seo Molimo a tla se etsa ka batho ba babe ba mehleng ena. Sheba temana ea 10 hape. E re: “Ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” Ka mantsoe a mang, Molimo o tla “leleka” batho ba khathatsang ba bang. Joale batho ba lokileng ba tla thabela ho phela ka khotso lefatšeng. Kea hlokomela hore taba ena ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, e batla e fapane le seo u ileng ua se rutoa pele.

Ratheko: Ho joalo, ena taba e ncha tsebeng tsa ka.

Mareka: Joalokaha u ile ua bolela pejana, taba e ke ke ea tšehetsoa ka temana e le ’ngoe kapa tse peli feela. Ke ’nete hore re lokela ho hlahloba hore na Bibele eohle e re’ng ha e bua ka bokamoso ba batho ba lokileng. Empa ho latela mangolo ao re a balileng kajeno, na u utloa eka ho na le batho ba bang ba lokileng ba tla ea leholimong, ha ba bang ba bangata ba lokileng ba tla phela lefatšeng moo ka ho sa feleng?

Ratheko: Ha ke tsebe hantle. Empa ho bonahala eka ehlile ho joalo ho ea ka mangolo ao re sa tsoa a bala. Ke tla ipha nako ea ho nahanisisa ka taba ena.

Mareka: Ha u ntse u nahanisisa ka taba ena, ho ka ’na ha e-ba le lipotso tse ling. Ka mohlala, ho thoe’ng ka batho ba lokileng ba phetseng pele ho rōna? Na kaofela ba ile leholimong? Haeba ha ba leholimong, ba hokae?

Ratheko: Lipotso tsena li etsa hore motho a nahane.

Mareka: E-re ke etse tjena. Ke tla u ngolla mangolo a seng makae a amanang le taba ena. * Ebe ha u se u a balile le ho nahanisisa ka ’ona, ke tla rata ho khutla re tl’o a tšohla hammoho. Na ho tla loka?

Ratheko: Ho tla loka mohaeso. Kea leboha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]