Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Kannete Mehlolo ea Etsahala?—Mabaka a Mararo a Tloaelehileng a Hanyetsang Seo

Na Kannete Mehlolo ea Etsahala?—Mabaka a Mararo a Tloaelehileng a Hanyetsang Seo

Na Kannete Mehlolo ea Etsahala?—Mabaka a Mararo a Tloaelehileng a Hanyetsang Seo

LEBAKA LA PELE: Mehlolo ha e etsahale hobane ha e lumellane le tsela eo tlhaho e sebetsang ka eona. Tsela eo re utloisisang tlhaho ka eona e itšetlehile ka seo bo-rasaense ba boneng se etsahala linthong tsa tlhaho. Leha ho le joalo, tsela eo tlhaho e sebetsang ka eona e tšoana le eo melao ea puo e sebetsang ka eona—ho ka ’na ha e-ba le moo melao eo e sa sebetseng teng. Tsela eo re utloisisang tlhaho ka eona, ha e le hantle e ka ’na eaba ea haelloa. (Jobo 38:4) Rasaense ea itetseng a ka qeta bophelo bohle ba hae a ithuta ka karolo e itseng ea kamoo tlhaho e sebetsang kateng. Empa haeba ho ka hlaha ntho e le ’ngoe feela e fapaneng le seo a se tsebang, ho ka hlokahala hore a qale hape ho hlahloba seo a ithutileng sona. Joalokaha polelo ena e bontša, “Khantši e le ’ngoe feela e ntšo e fetola taba ea hore likhantši kaofela li tšoeu.”

Pale e ’ngoe e qabolang e hlalosa kamoo ho leng bonolo kateng hore motho a ntše maikutlo ka taba empa a se na lintlha kaofela. John Locke (1632-1704) o ile a pheta pale ea lenģosa la Holland le morena oa Siam, a re: Ha lenģosa le ntse le hlalosetsa morena ka naha ea habo lona ea Holland, le ile la bolela hore ka linako tse ling tlou e khona ho tsamaea holim’a metsi. Morena o ile a hana taba eo a nka hore lenģosa leo lea mo thetsa. Leha ho le joalo, lenģosa le ne le bua ka taba eo ho hang morena a neng a e-s’o e bone. Morena o ne a sa hlokomele hore ha metsi a hoamme e le leqhoa, tlou e ka khona ho tsamaea holim’a ’ona. Morena o ne a utloa eka taba ena e ke ke ea khoneha hobane o ne a se na lintlha kaofela.

Hlokomela tse ling tsa lintho tse finyeletsoeng mehleng ena tseo lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng ho neng ho nkoa hore li ke ke tsa khoneha:

● Sefofane se ka tsamaisa batho ba fetang 800 se sa eme, ho tloha New York ho ea Singapore, se tsamaea ka lebelo la lik’hilomithara tse 900 ka hora.

● Batho ba ’maloa ba ka buisana ka nako e le ’ngoe ba shebane ba le lik’honthinenteng tse fapaneng.

● Lipina tse likete-kete li ka bolokoa nthong e nyenyane ho feta lebokose la mollo.

● Lingaka li ka ntša pelo kapa likarolo tse itseng ho motho e mong tsa li kenya ho e mong.

Lintlheng tsee, re ka fihlela qeto efe e utloahalang? Qeto ena: Haeba batho ba ka khona ho etsa lintho tseo lilemong tse ’maloa feela tse fetileng li neng li nkoa li ke ke tsa khoneha, ka hona, joang kapa joang Molimo ea bōpileng bokahohle le lintho tsohle tse teng a ka etsa lintho tse hlollang tseo hona joale re sa li utloisiseng hantle kapa tseo re ke keng ra li etsa hantle kamoo li entsoeng kateng. *Genese 18:14; Matheu 19:26.

LEBAKA LA BOBELI: Mehlolo e ka Bibeleng e reretsoe ho etsa hore batho ba lumele. Bibele ha e re re lumele mohlolo o mong le o mong. Empa e bua se fapaneng. Bibele e re lemosa hore re lokela ho ba hlokolosi tabeng ea ho tšepa mehlolo le lipontšo tse matla. Hlokomela temoso ena e hlakileng: “Ea khopo o tla tla ka mesebetsi ea Satane, ’me o tla etsa liketso tse matla, le mehlolo le limakatso tse thetsang. O tla sebelisa mefuta eohle ea lithetso tsa bokhopo.”—2 Bathesalonika 2:9, 10, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Jesu Kreste le eena o ile a fana ka temoso ea hore batho ba bangata ba tla ipolela hore baa mo latela empa e se balateli ba hae ba ’nete. Ba bang ba ne ba tla re ho eena: “Morena, Morena, na ha rea ka ra porofeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka batemona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na?” (Matheu 7:22, Bibele ea Sesotho) Empa Jesu o ile a bolela hore a ke ke a amohela batho bao e le balateli ba hae. (Matheu 7:23) Kahoo, ho hlakile hore Jesu ha aa ka a ruta hore mehlolo eohle e tsoa ho Molimo.

Molimo ha a re tumelo ea barapeli ba hae e lokela ho itšetleha ka mehlolo feela. Ho e-na le hoo tumelo ea bona e lokela ho itšetleha le ka lintho tse nang le bopaki ba ’nete.—Baheberu 11:1.

Ka mohlala, a re ke re hlahlobe o mong oa mehlolo e tsebahalang e tlalehiloeng ka Bibeleng, e leng tsoho ea Jesu Kreste. Lilemo tse ngata ka mor’a ketsahalo eo, Bakreste ba bang ba Korinthe ba ile ba qala ho belaela hore Jesu o ile a tsosoa. Moapostola Pauluse o ile a thusa Bakreste bao joang? Na o ile a re feela ho bona, “Lumelang feela”? Che. Hlokomela kamoo a ileng a ba hopotsa ka linnete tse pakang seo. O ile a ba bolella hore Jesu “o ile a patoa, e, . . . o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo; le hore o ile a bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli. Ka mor’a moo a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale.”—1 Bakorinthe 15:4-8.

Na e ne e le habohlokoa hore na Bakreste bao ba lumela hore mohlolo oo o etsahetse kapa che? Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Haeba Kreste ha aa tsosoa, ka sebele boboleli ba rōna ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela.” (1 Bakorinthe 15:14) Pauluse ha aa ka a nka taba ena habobebe. Taba-taba e ne e le hore na mohlolo oa ho tsosoa ha Jesu o etsahetse kapa che! Pauluse eena o ne a tseba hore mohlolo oo o etsahetse, ka lebaka la litlaleho tsa lipaki tse makholo tse boneng ka mahlo tse neng li ntse li phela ka nako eo. Ha e le hantle, lipaki tseo tse boneng ka mahlo li ne li ikemiselitse ho shoa ho e-na le hore li latole seo li se boneng.—1 Bakorinthe 15:17-19.

LEBAKA LA BORARO: Mehlolo e mpa feela e le liketsahalo tsa tlhaho tseo batho ba sa rutehang ba sa li utloisiseng. Litsebi tse ling li re mehlolo e ka Bibeleng ha ea etsoa ke Molimo e mpa feela e le liketsahalo tsa tlhaho. Li nahana hore ha li hlalosa ka tsela eo seo se tla etsa hore batho ba lumele litlaleho tsa Bibele. Le hoja e le ’nete hore mehlolo e meng e ne e le e amanang le liketsahalo tsa tlhaho—tse kang litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le ho hoholeha ha seretse—ho na le ntho e le ’ngoe eo litlhaloso tsa litsebi tsena li tšoanang ka eona. Li hlokomoloha nako eo mehlolo ena e hlalositsoeng ka Bibeleng e etsahetseng ka eona.

Ka mohlala, ba bang ba ile ba bolela hore kotlo ea pele e ileng ea tlisetsoa Baegepeta, e leng ho fetola Nōka ea Nile mali ha e le hantle e bakiloe ke mobu o mofubelu o ileng oa hoholehela nōkeng ea Nile hammoho le likokoanyana tse phelang ka metsing tse khubelu tse bitsoang li-flagellate. Empa Bibele e re nōka e ile ea fetoha mali eseng seretse se sefubelu. Ha re bala Exoda 7:14-21 ka hloko, e bontša hore mohlolo ona o etsahetse ka nako eo Arone a otlang Nōka ea Nile ka lere la hae, ka taelo ea Moshe. Le haeba ho fetoha ha nōka ho ile ha bakoa ke liketsahalo tsa tlhaho, taba ea hore metsi a ile a fetoha hantle ka nako eo Arone a otlang nōka, ka boeona ke mohlolo!

Mohlala o mong o bontšang bohlokoa ba nako eo mohlolo o etsahalang ka eona, ke se ileng sa etsahala ha sechaba sa Iseraele se itokisetsa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. Tsela ea bona e ne e koetsoe ke Nōka ea Jordane e neng e jele litlhokoa. Bibele e re bolella se ileng sa etsahala: “Nakong eo ka eona bajari ba Areka ba fihlang Jordane ’me maoto a baprista ba jereng Areka a kena moeling oa metsi . . . , eaba metsi a theohang holimo a qala ho ema. A phahama joaloka letamo le le leng hōle haholo Adama.” (Joshua 3:15, 16) Na see se etsahetse ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše kapa ho hoholeha ha seretse? Bibele ha e bolele. Empa nako eo ketsahalo ena e etsahetseng ka eona ke mohlolo. E etsahetse hantle ka nako eo Jehova a ileng a re e tla etsahala ka eona.—Joshua 3:7, 8, 13.

Joale, na ehlile mehlolo ea etsahala? Bibele e re ea etsahala. Ho latela seo e re bolellang sona, lintho tsena hase feela liketsahalo tsa tlhaho. Na kannete ke ho utloahalang hore re re ha e etsahale, hobane feela re sa bone e etsahala kamehla?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Haeba u na le pelaelo ea hore Molimo o teng, re kōpa hore u shebe bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? le ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? kapa u kōpe motho ea u fileng makasine ena hore a u hlalosetse ka ho eketsehileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Lilemo tse mashome a seng makae feela tse fetileng, ba bangata ba ne ba nahana hore ho ke ke ha khoneha ho fofa ka lebelo la lik’hilomithara tse makholo ka hora