Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Tšepa Mehlolo e Tlalehiloeng ka Bibeleng?

Na U ka Tšepa Mehlolo e Tlalehiloeng ka Bibeleng?

Na U ka Tšepa Mehlolo e Tlalehiloeng ka Bibeleng?

HAEBA motho ea itseng a u bolella pale e hlollang, ho hlakile hore ntho e neng e ka etsa hore u kholoe pale eo kapa u se ke ua e kholoa ke hore na motho ea u bolellang eona oa tšepahala na. Ntho e etsang hore u mo tšepe hase feela tsela eo a u phetelang pale eo ka eona empa hape ke hore na motho eo o tumme hakae ka ho bua ’nete. Etsoe haeba ka lilemo a ile a u bolella ’nete ebile ho se mohla a kileng a u thetsa ka boomo, u tla ba le lebaka le utloahalang la hore u mo kholoe.

Hoa tšoana le ka mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng. Kaofela ha rōna re ne re le sieo ha e ne e etsahala. Empa re ka khona ho tseba hore pale ea Bibele ea tšepahala haeba Bibele e tsebahala ka ho bua ’nete. Joang? Mehlala e latelang ke e meng e bontšang hore mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng ke ’nete.

Mehlolo e mengata e ne e etsetsoa libakeng tsa sechaba. Ka linako tse ling mehlolo eo e ne e bonoa ke batho ba likete kapa ba limilione. (Exoda 14:21-31; 19:16-19) E ne e sa etsetsoe sephiring, moo batho ba sa e boneng.

Mehlolo eo e ne e sa rarahana. Ho ne ho se na lintho tse itseng tse khethehileng tse neng li sebelisoa ho etsa mehlolo kapa mabone a sebelisoang ho qhekella batho. Boholo ba mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng e ne e etsoa e sa reroa empa e ne e le ka lebaka la ho hlaha ha boemo bo itseng bo sa lebelloang kapa ka lebaka la hore batho ba ne ba kōpa thuso. (Mareka 5:25-29; Luka 7:11-16) Maemong a joalo, ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe motho ea etsang mohlolo o ile a rera ho etsa mehlolo eo esale pele.

Morero oa batho ba neng ba etsa mehlolo e ne e se hore ba iphumanele botumo, thoriso le maruo. Ho e-na le hoo, morero e ne e le ho isa thoriso ho Molimo. (Johanne 11:1-4, 15, 40) Batho ba ileng ba leka ho ithuisa ka ho etsa mehlolo ba ile ba nyatsuoa.—2 Marena 5:15, 16, 20, 25-27; Liketso 8:18-23.

Mefuta-futa ea mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng e bontša hore e ne e ke ke ea e-ba mesebetsi ea batho. Ka mohlala, leoatle le moea li ile tsa khutsisoa, metsi a ile a fetoloa veine, pula e ile ea emisoa eaba ea nesoa, ba bangata ba kulang ba ile ba folisoa ’me lifofu li ile tsa bona. Mehlolo ena kaofela le e meng e mengata e bontša hore e ile ea etsoa ke ea nang le matla a phahametseng a motho.—1 Marena 17:1-7; 18:41-45; Matheu 8:24-27; Luka 17:11-19; Johanne 2:1-11; 9:1-7.

Esita le bahanyetsi ba boneng mehlolo eo ha baa ka ba hana hore e etsahetse. Ha Jesu a tsosa motsoalle oa hae Lazaro, batho ba bolumeli ba neng ba le khahlanong le Jesu ha baa ka ba hana hore Lazaro o ne a shoele. Ho ne ho se na hore ba ka hana kaha Lazaro o ne a se a e-na le matsatsi a mane a patiloe. (Johanne 11:45-48; 12:9-11) Esita le lilemong tse makholo ka mor’a lefu la Jesu, bangoli ba Talmud, e leng pokello ea melao ea Sejuda, ba ile ba ’na ba lumela hore Jesu o ne a e-na le matla a ho etsa mehlolo. Seo ba neng ba se belaella feela e ne e le mohloli oa matla ao. Ka ho tšoanang, ha barutuoa ba Jesu ba ne ba isoa ka pel’a lekhotla la Bajuda, ha baa ka ba botsoa potso e reng: “Na le entse mohlolo?” Empa ba ile ba botsoa ho re: “Ke ka matla afe kapa ka lebitso la mang le entseng see?”—Liketso 4:1-13.

Kahoo na u ka tšepa seo Bibele e re bolellang sona ka mehlolo? Ho latela seo re seng re se tšohlile, ho hlakile hore litlaleho tsa Bibele mabapi le mehlolo li na le bopaki ba hore lia tšepahala. Ho na le mabaka a mang a etsang hore re tšepe litlaleho tsena tsa Bibele. Ka mohlala, ha Bibele e bua ka ketsahalo e itseng, hangata e fana ka nako ea ketsahalo eo, sebaka, le mabitso a batho ba neng ba ameha. Esita le batho ba tšoaeang Bibele liphoso ba ile ba makatsoa ke ho nepahala ha lintlha tsa histori tse fumanehang ka Bibeleng. Ho se ho phethahetse boprofeta bo bongata ba Bibele, esita le lintlha tse nyenyane ka ho fetisisa tsa bona. Ho phaella moo, Bibele e na le likeletso tse ngata mabapi le hore na re ka phelisana le batho ba bang joang ka thabo—e leng likeletso tse thusitseng batho ba lilemo tse fapaneng le ba maemo a fapaneng. Mabapi le hore na re ka phelisana joang, ha ho likeletso tse molemo ho feta tse hlahang ka Bibeleng.

Haeba ha u e-s’o tšepe Bibele ka ho feletseng, ke’ng ha u sa iphe nako ea ho e hlahloba ka hloko? Ha u ntse u ithuta eona, u tla e tšepa haholoanyane. (Johanne 17:17) U tla hlokomela hore u ka tšepa seo e u bolellang sona ka mehlolo e etsahetseng nakong e fetileng. Hang ha u se u lumela litlaleho tseo, u tla ba le lebaka le utloahalang la ho tšepa seo Bibele e reng se tla etsahala haufinyane.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bahanyetsi ba Jesu ha baa ka ba hana hore Lazaro o ne a shoele